sotho.95.filler
Re qetile nako e ngata kitjheneng, mathata a manyane, a ka fetoha mathatahadi. Ke ana maano a ka o bebofaletsang bophelo
Ho bula dikwahelo
Ho thata ho bula sekwahelo sa botoro" E re re o thuse!
Baetsi ba dibotlolo ba etsa dikwahelo tsa tsona di kgone ho kwaleha ka mokgwa wa hore ho se kene moya le hore dijo di dule di le foreshe nako e telele. Ntho ena e thibelang hore ho se kene moya, ke yona e etsang hore botlolo e se bulehe ha bonolo.
Ho na le ditsela tse pedi tsa ho bula. Tshela metsi hodima sona. Ya bobedi, o ka nka kgaba ya thupa kapa thipa, o otle sekwahelo sena mahlakoreng. O ka leka ho e bula ka lesela le mongobo.
Ho tlhotla lamunu!
Ha ho monate o fetang ho tlhotla lamunu e le hore o tsebe ho natefelwa ke lero la yona. Haeba o rata dilamunu, ke ona mokgwa o bobebe wa ho di tlhotla...Pele o ka tlhotla lamunu, qala o e inele metsing a tjhesang metsotso e 15. O tla makala ka moo e tlang ho sisa ka teng.
Ha o batla ho fafatsa tlhapi ka lamunu, qala ka ho e ranthanya ka fereko pele, ho seng jwalo, e tla farasa motho ohle. Ho bobebe ha jwalo feela!
Hlwekisa poone
Poone e besitsweng e monate haholo ha e bile e tlotsitswe ka botoro. E a latsweha! Empa he ho na le poone ena e tsamayang e o kena menong, o ka rarolla bothata boo ka hore o qale o kenye poone eo ka metsing mme o e hohle ka borashe pele o e besa.
Tamatisoso
Bana ba rata Tamatisoso... Empa he mathata ke hore ha e tshelehe ha bobebe, ba e ba qetelle ba se ba sebedisa kgaba. Se etsang hore e se ke ya tswa ha bobebe, ke bokahare boo ba botlolo. Ho ka qoba mathata ana, kenya straw kapa thipa lehlakoreng. Ho bonolo jwalo
feela! [s]
Thuso ya kitjheneng
BONA SESOTHO - May 2007
