sotho.952.health
TSA BOPHELO bo botle
Sireletsa ngwana
Qetellong e fumanehile nale naheng ena e tla thusa ho thibela lefu la pneumococcal, leo ho dumelwang hore ke sesosa sa mafu a ka hodimo ho milione dinaheng tse tswelang pele. Hangata bana ba bolawa ke pneumonia, empa ka nako e nngwe ba holofatswa ke kokwanahloko ya meningitis, kapa ba qetelle ba sa utlwe ke kokwanahloko e ba kenang ka ditsebeng. Mathata ana a ka thibelwa ka nale ena e ntjha e tsamaisanang le tse ding tseo ngwana a di hlajwang boseeng, ha a le dikgweding di 6, di 12 le ka hodimo ho moo.
Tefello ya bophelo
Ngwanahao a ka bitsa bokae" Nale ya MMR e hlajwa mahala ditliliniking tsa mmuso empa ena ya lefu la pneumococcal e bitsa R420 ho sa kenyeletswa ditjeho tsa lekgetho mme e fumaneha haholo dingakeng tsa poraevete, ditliliniking le dikhemising. Bomme ba Soweto ba neng ba kgahlwe ke sephetho sa nale ena ka nako eo ho neng ho etswa diteko, ba ile ba itlama hore ba tla e lefella ho sireletsa bana ba bona.
Re na le ditoro tse 1 825 ka
selemo ha re bala ka kakaretso
KE NNETE
Thabela botswadi
"Batswadi ba lebelletseng lesea ba lokela ho ipha nako ya ho tswa bophelong bo phetheselang ba sejwalejwale. Boimana le dilemo tsa ho qala tsa lesea, ke tsa bohlokwa haholo bophelong mme o lokela hore: 'Ke natefetswe haholo ke nako eo.'
"Tseba ngwana eo o leng yena. Banna ba thabela bophelo bona le ho feta basadi. Hlokomela dimakatso tsa bophelo ka diphetoho tseo o di bonang bophelong ba ngwana.
"Se potlakele dintho. Lesea la hao le tla o thusa ho theola kgatello mme o tla natefelwa ke bophelo."
- E nkilwe bukeng ya Sister Lilian's Pregnancy And Birth Companion (Human & Rousseau, R150)
Dula o phetse hantle le Patricia McCracken
shwa - di hlome hape ka nako
Motsotsong o mong le o mong
dimilione tse 300 tsa disele di a
eo tse phelang di arohang.
BONA SESOTHO - February 2006
Bula pelo ya hao
Ho sebeletsa ho ba le pelo e phetseng hantle le ho fetisetsa seo melokong e latelang ho bonolo jwalo ka ho reka setempe sa Dress Red se bitsang R5 le ho tena diaparo tse kgubedu mohla la 14 Hlakola - ka Valentine's Day. O fetele le Leanong la Heart Foundation's Children's
ho ya ka moo Michelle
Kearney a bolelang. Hona ho se ho amme
maphelo a batho ba ka hodimo ho dimilione tse 1,4 tsa bana ba Afrika Borwa. [s]
Ikwetlise
"Ho monate ho ikwetlisa!" ba tla tjho jwalo bana selemong sena ka mora ho hlahiswa ha leano le letjha la Making The Difference. Maikemisetso ke ho etsa hore bana ba thapolle mmele haholoholo ka mora dipatlisiso tse hlahisitseng sephetho se tshosang sa hore dipersente tse 40 tsa bana ba Afrika Borwa ba balang Grade 4 le 5 ha ba ikwetlise ho lekana. Dipersente tse 8 tsa bona di nonne tlolo.
Ho phema setjhaba se sebe ka moso se kang sa Maamerika a kajeno, a nonneng tlolo ya molao, Woolworths, MySchool, Virgin Active le Sports Science Institute, mmoho le batshehetsi ba bang, ba hlahisitse dithuso tse hlophiseditsweng matitjhere a dikolong tse 1 000 tsa Gauteng, Tshwane, Kapa le Thekong.
