sotho.949.purity
B2836/06
ke ya papatso
Sis Purity o re...
Sis Purity, setho sa Ditsebi tsa Purity Baby Feeding, se araba dipotso tse mabapi le phepo ya lesea.
P1: Lesea la ka la mosha-nyana le dikgwedi di hlano, ke sa le nyantsha. Ke le fepa lesheleshele empa mooki wa tliliniking o itse ke le fepe dijo tse ngata tse nang le iron. Ke dife dijo tse nang le iron"
K: Hangata letswele le na le iron e lekaneng bakeng sa lesea ho fihlela le eba le dikgwedi tse tsheletseng, empa mohlomong o ne o ile tliliniking hobane le sa phela mme mooki a batla ho netefatsa hore le tla tswelapele ho fepeha hantle le dikgwedi-ng tse latelang ha mmele o se o hloka iron e ka hodimo ho e letsweleng. Athe ha o se o le kgwesa teng mme o le fa lesheleshele, ho bohlokwa haholo hore o le fepe le ikgethang bakeng sa masea hobane le tla ba le iron e lekaneng bakeng sa mmele wa lona. Iron e bohlokwa ba-keng sa kgolo ya lesea mmeleng le kelellong.
Purity e na lethathama la Baby's Soft Porridges tse nang le iron e ekeditsweng mmoho le Vitamin C le Vitamin A tse thusang mmele wa lesea hore o tsebe ho monya iron ho Purity Cream of Maize le ho Purity Mabele Porridge. Erekaha lesea la hao le hola kapele, le hloka iron e ngata le ho feta batho ba baholo. Lesea le tla kgona ho natefelwa ke dijo tse fapaneng. Sopho ya nama ya kgoho kapa ya mince meat di ka nna tsa tshelwa le tsona leshelesheleng la poone hobane nama e na le iron e ngata.
P2: Mme o re ke lokela ho fepa lesea la ka le dikgwedi di robedi dijo tse phehilweng ka lapeng. Na hoo ho bolela hore ke lokela ho pheha pitsa e ikgethang ya lesea"
K: Tjhe, ha ho hlokahale ho etsa jwalo. O tlameha ho hopola hore: O se tshele letswai le lengata.
Noka letswai dijong ka mora hore o ntshe tsa lesea.
- Se phehe meroho tlolo ya molao hape o se e tlhahadiele haholo hobane phepo e tla ya le metsi.
Leka ho sebedisa lero leo o le minyo-lositseng merohong e le hore o se lahle phepo e ntle ya dijo.
- Pheha dijo tse foreshe ha ho kgoneha, pheha meroho eo e leng nako ya yona ya selemo.
- Ebola meroho hasesanyane ho phema ho lahla dijo le makgapetla.
- Netefatsa hore o fa lesea la hao dijo tsa mefuta yohle.
- Le etsetse dijo ka disebediswa tse ngata hobane tholwana ka nngwe e na le molemo wa yona mmeleng wa motho.
O ka boela hape wa fepa lesea dibo-tlolo tsa dijo tsa Purity hobane di na le phepo e phethahetseng.
Ke bokgabane ho fa lesea monyetla wa ho leka dijo tse phoholeho e fapaneng tseo o di phehilweng lapeng. Purity le yona e na le lethathama la dietswa tse molemo bakeng sa phepo e phethahetseng ya lesea la hao tse bileng di nang le tatso e fapaneng. Ho kenyelletsa le lelapa la hao, o ka nna wa kopanya dijo tsa Purity tseo o di ratang le dijo tse ding tsa lelapa.
BONA SESOTHO - April 2006
Romela dipotso tsa hao tse mabapi le phepo ya lesea ha le qala dijo tse thata ho Sis Purity, PO Box 295, Highlands North 2037. Re tla a bala ka hloko mme re kgethe mangolo ao re tla a phatlalatsa kgatisong ya Loetse ya BONA.
Motheo o motle
Qala letsatsi ka leng ka ho fepa lesea la hao dijo tse monate tsa hoseng tsa Purity. Kgetha hara lethathama la dijo tsa Purity la Baby's Soft Porridges, tseo kaofela di nang le phepo e phethahetseng, di na le divitamin tse ekeditsweng mmoho le selenium, zinc le iron.
O ka kgetha hara lethathama la:
Strawberry Cream of Maize
Banana Cream of Maize
Original Cream of Maize
New Mabele Instant Baby's Soft Porridge.
Calcium e ekeditsweng e thusa kgolong ya masapo le meno athe vitamins B1, B2, B3 le B6 di thusa kgolong ya boko. Di thumiseha ka bonolo mme hape Purity Baby's Soft Porridges ke mokgwa o phethahetseng wa ho ba le lesea le thabileng.
