sotho.938.yourworld_celebminis
Tse ntle tse kgutshwane
MARIAH CAREY
Sebini, Mariah Carey o ne a qale ho hlokomela ha a tswa koloing ya hae e majabajaba hore sekete sa hae se sekgutshwane se mo pentse hona hoo a sa kgoneng le ho tsamaya... Empa re a mo tlotla ka ho rwala dikausi. Na o na le diphahlo tse ding ntle ho dikete tse kgutshwane?
DINALEDI TSA MOSE
EVA MARCILLE
Eva Pigford, ho ya ka moo ba neng ba mo bitsa ka teng, ekare e mong wa banana bana ba rekisang mebileng, empa yena jwalo ka mohlodi wa America's Next Top Model o tseba ho ba motle leha a tenne eng feela. O na le setaele: ha a ikgabise haholo! Ho ona mose mekgabiso ha e hlokahale hohang.
SOLANGE
Dieta le lebanta le letle, o a bona hore ngwanabo Beyoncé o ditlhafu di ntle, o bile o tshwanelwa ke sekete se sekgutshwane. Bakana e perese eo e bolelang? Jwale ha re tsebe le haeba o ne a tenetse mariha kapa lehlabula.
O TENNE HAMPE
ASHANTI
O lentswe le monate athe jwale o boetse o seemo se setle! O dutse a re thoba maikutlo ka mmino wa hae, a re hopotsa moo re sa tsebeng, empa ha ke kgolwe e le ho fela ha se kgahlileng moratuwa wa hae wa sebini, Nelly. Re bona ekare le yena o kgahlilwe ke seemo seo se setle - o eme hantle bo!
Mese e metle
e mekgutshwane
KERRI HILSON
Dumela mme! Re kgahlilwe ke mebala e metala - ho thaba moratuwa wa hae. Mehleng ya pele, mese e kang ena ho ne ho thwe ke ya Madonna feela - empa Madonna o ne a sa tene e mekgutshwane jwalo ka ya sebini sena. Mohlomong re se re ka bitsa mese ena hore ke ya Kerri matsatsing ana...
O JELE KOTO HO BA FETA
CIARA
Tshwarelo hle! Sheba ka kwano! Ha ho ka moo o ka iphapanyetsang dithafu tse ntle jwalo ka tsena. Ho totobetse hore sebini sena seo hape e leng setantshi se a tseba hore se eme hantle mme ha se tshabe ho re kgantshetsa. Tjhe, re kgahlilwe le rona mme re lakatsa ho o neha sekola sa Miss Bona Sexiest Legs. Re na le bonnete ba hore o tla se amohela ka motlotlo.
GABRIELLE UNION
Ke mese e kang ena e qabanyang batho ba habo rona le bakganni ba ditekesi. Ka lehlohonolo naledi ena ya Hollywood e seemo se setle e na le tjhelete e ngata ho lekana hore e ke ke ya tsamaya e kopana le batho ba mofuta oo bophelong ba yona. Le rona re ke ke ra thabela hore ditlhafu tse ntle tseo di lematswe leha e le eng feela!
