sotho.923.free
Ya Hao Ya Mahala
15 DIPHUTHELWANA
Itlhaphole
E a latsweha mme e ratwa haholo ke Maafrika Borwa - Freshpak Rooibos. Jwale thatohatsi ena ya hao ya seno se nyorollang e fumaneha ka mefuta e mmedi e monate ya ice tea - e leng Pineapple le Currant Passion. Jwalo ka ha e sena caffeine le dikhemikhale, Freshpak Rooibos ice tea, e na le phepo e bile e monate.
BONA e fana ka diphuthelwana tse 15 tsa dihlahiswa tsa ha Freshpak le dikgalase tse bitsang R200 sephuthelwana ka seng. Ho ba mohlodi, romela lebitso, aterese le mohala o fumanehang ho ona motsheare ka posekarete ho: BONA/Freshpak Rooibos Giveaway, Box 32067, Mobeni, 4060.
Letsatsi la ho kwala: 31 Hlakubele 2006
BONA SESOTHO - March 2006
40 DIPHUTHELWANA
Seno se matlafatsang
Turbovite Whiz-Fizz ke seno se matlafatsang mmele le kelello. Se na le metswako ya Panax Ginseng le Gingko Biolba, e thusang ho phalla ha madi ho ya bokong hape e matlafatsa kelello, e fokotse mokgathala le kgatello, o tsebe ho ithuta ka bonolo.
E na le vitamin B, C le fructose. Ha e na dikhemikhale kapa tsona difetola mmala, e ka sebediswa le ke batho ba lefu la tswekere.
BONA e fana ka diphuthelwana tse 40 tseo ka seng se nang le dipakana tse pedi tsa Turbovite Whiz-Fizz, tse bitsang R100. Ho iteka lehlohonolo, romela lebitso, aterese le mohala ka posekarete ho: BONA/Dream Cream Giveaway, Private Bag X1030, Lyttelton, 0140.
10 DIBUKA
Fumana mosebetsi!
Haeba o ikemiseditse ho fumana mosebetsi isao, kapa o tla ithutela mosebetsi o itseng, qala e sa le jwale ho itokiseletsa seo.
Sebedisa buka e ntjha ya lethathama le bitswang Back up BONA's Cool Careers, Real Jobs, Real People ka Sarah-Jane Bosch (Aardvark Press, R170), e nang le mefuta e ka hodimo ho 130 ya mesebetsi, ho kopanyetsa le ya plumber, liquidator, community health nurse le IT technician.
Mosebetsing ka mong, setsebi sa mosebetsi se hlalosa ka botlalo maima, manolo, maemo a thuto le moputso mosebetsing oo.
Ho iteka lehlohonolo bakeng sa ho fumana e nngwe ya dibuka tsena tse 10 tseo BONA e fanang ka tsona, romela lebitso, aterese le mohala o fumanehang ho ona motshehare ka posekarete atereseng ena: BONA/Real Jobs Book Giveaway, Box 32067, Mobeni, 4060.
60 Ditjhupu
Setlolo se molemo
Dream Cream ke setlolo sa motsheare le bosiu se loketseng mefuta yohle ya letlalo. Se hlakisa letlalo, se fokotse matheba a matsho se thethefatse masobana a letlalo.
Dream Cream e na le metswako ya tlhaho (e kopanyetsang le di-vitamin tse hlokahalang) mme babadi ba 60 ba lehlohonolo, motho ka mong o tla fumana tjhupu e bitsang R45.
Ho ka iteka lehlohonolo, romela lebitso, aterese le mohala o fumanehang ho ona motsheare ka posekarete ho: BONA/Dream Cream Giveaway,
Box 32067, Mobeni, 4060.[s]
Dimpho
tse bitsang
R11 400
BONA - August 2005
