sotho.912.health
Tsa bophelo bo botle
Tlohela ho tsuba
Lahla sekotwana sa hao sa kwae la ho qetela ka kgwedi ya Motsheanong e kgethetsweng ho ba ya Anti-Tobacco Month... Ka nako eo toropo e nyenyane ya United States e ne e fedisa ho tsuba dibakeng tsa setjhaba, dipetlele tsa moo di ne le bolele ha tlhaselo ya lefu la pelo e theohile ka dipersente tse 60 dikgweding tsa pele tse tsheletseng. Eitse ha ba boela ba dumellwa ho tsuba hape ka kgatello ya dikhampane tse etsang kwae, tlhaselo ya lefu leo ya tota hape ka sekgahla seo e neng e theohile ka sona.
Hema hantle
Dr Mike Levin wa lefapha la kalafo ya bana mane Yunivesithi ya Kapa o re ha ngwana a hema ha bohloko kapa a ena le mathata a sa feleng ka sefubeng, botsa ngaka kapa mooki wa tliliniking hore e sebe o na le letshweya.
"E ka nna ya eba le leng la mafu a tlwaelehileng baneng ba Afrika Borwa," ho bolela yena, "ekaba ngwana a le mong hara ba 10 ya nang le mathata ana. Le se le le matla haholo le mahaeng moo le neng le sa ata haholo.
"Re hlokometse hore letshweya le bolaya haholo setjhaba se futsanehileng - mme Afrika Borwa ke naha ya bohlano hara tse nang le palo e kgolo ya batho ba bolawang ke letshweya lefatsheng! Ka hoo, sebedisetsa letsatsi la World Asthma Day la mohla la 2 Motsheanong ho ya itlhahlobela lefu lena - hobane kalafo ya lona e a fumaneha mme e theko e ntle."
BONA SESOTHO - May 2006
KE NNETE:
Boko bo ka holofala ka metsotso e mene feela bo sa fumane oxygen.
Mohato wa lefatshe
Letsatsi la tsa Bophelo bo Botle la la 7 Motsheanong le shebilwe ka mahlo a matala Afrika Borwa - dipersente tse 40 tsa barutwana ba Grade 4 le 5 ha ba ikwetlise ho lekana.
Dipersente tse 90 tsa dikolo tsa SA ha di na mabala a matle a tsa dipapadi, ka hoo, dipapadi ha di sa kenyelletswa dithutong.
Lefapha la tsa Thuto le ikemiseditse ho lokisa maemo ana ho ya mafelong a selemo se tlang empa dikolo tse 10 tsa poraemari di ka tswelapele ka ho hapa mabala a tsa dipapadi a bitsang ka hodimo ho R1 million tlhodisanong ena e tsheheditsweng ke ba ha Omo e kwalang mafelong a Motsheanong.
Dikolo di bokella dikwaelo tsa mabokose a Omo a mangatangata - ha sekolo sa ngwanahao se le lehlohonolo la ho ba le mabala, o ka nehela ka dikwaelo tseo dikolong tse ding tse hlokang.
Mme itlhokomele
Bakeng sa Letsatsi la Bomme kgweding ena, malapa ohle a lokela ho kgothalletsa bomme ho hlokomela maphelo a bona hore ba tsebe ho phela nako e telele.
"Basadi ba bangata ba se ba hlokometse bohlokwa ba ho hlahloba dikaqa matsweleng," ho bolela ngaka ya basadi ya Kapa, Dr Alan Alperstein, "empa ba bang ba na le maikemisetso a mang a bohlokwa, a kang a ho ja ka tshwanelo le ho ikwetlisa. Matsatsing ana ha ho ba le mosadi ya bolawang ke kankere ya letswele, ba bahlano bona ba bolawa ke lefu la pelo."
Natefelwa ke papadi!
Dula o phetse hantle
ka Patricia McCracken
KE NNETE:
Sheba batswadi ba hao
Dipersente tse 40 ho ya ho tse 70 tsa boima ba mmele ya rona le seemo ke tseo re di futsang batswading ba rona. Ka hoo, shebisisa batswadi ba hao, le ba bona, mme o bone seo o lokelang ho se etsa, hore o qale ho ikwetlisa le ho ja ka mokgwa o itseng - qalella hona jwale ho itlwaetsa dijo tse tla dumellana le mmele wa hao.
Bana ba seng ba tla ba le dilemo tse 13 ba atisa ho rata boroko, ba phakisa ho kgaleha mme ha ba robetse, dipersente tse 95 ba ebe ba robetse boroko bo tebileng.[s]
setshwantsho ka GREAT STOCK!
BONA - August 2005
