sotho.894.kidz puzzle
Maqephe a boithabiso a BONA
n Ditjhaka ha di kgathatsehe ka taba ya ho tswa meno - hobane a boele a mele. Meno ana a ka tlase ke ona e tshwarang phofu ya yona ka ona, ana a ka hodimo ona a e hlahlathe.
n Jwalo ka ditlhapi tsohle, tjhaka le yona e kgona ho hema hona ka metsing. Empa ka lebaka la boholo ba yona, yona e hloka moya o mongata ho feta ditlhapi tse ding - ha tjhaka e ka tlohela ho sesa, e ke ke ya kgona ho hema, e ka bipetsana.
n Ha o ka e fetola wa e shebisa hodimo le tlase, tjhaka e holofala ha nakwana - ba dipatlisiso ba sebedisa monyetla ona ha ba tshwasa ditjhaka.
n Di mmalwa ditjhaka tse kotsi bathong. Mefuteng e 360 ya ditjhaka, ke e mene feela e kileng ya bolaya batho e leng: Great White, Tiger, Bull, le Oceanic Whitetip.
n Mofuta wa "cruise" hangata o na le lebelo la 8km/h, empa ha e hlile e futuha e ka feta lebelong la 20km/h.
BONA SESOTHO - February 2006
Nnete ka Ditjhaka
Thatolla
Beha mantswe ka tatelano
Dikarabo ka puzzles
LEQEPHENG 100
Jwale o a tseba
Haeba o tsamaya puleng o se na sekgele, o ka se kolobe haholo ha o matha kapa o tsamaya hanyane" Thomas Peterson le Trevor Wallis ba ha National Climatic Data Centre mane USA, ba entse dipatlisiso tse latelang...
Ka tsatsi le leng pula ena banna bana ba babedi, ba ne ba apare dijase, ba ne ba kale boima ba dijase tseo pele ho leeto. Ba ne ba tsamaye puleng sebaka se ka bang dimitara tse 100, Wallis a matha, ha Peterson yena a ne a itsamaela hantle.
Ka mora leeto, ba ne ba kale diaparo tseo hape ho bona hore ke mang ya kolobileng ho feta. Peterson ya hae e ne e montse dikgrama tse ka bang 200 tsa metsi, ha ya Wallis yona e ne e montse a ka bang 110.
Ka hoo - ha o matha, ha o kolobe jwalo ka motho ya tsamayang hanyane!
Puzzle ya ditshwantsho
Sebedisa dikeletso mme o tlatse dikgeo tse sihilweng
BONA SESOTHO - February 2006
Maqephe a boithabiso a BONA
BONA SESOTHO - February 2006
Dipapadi tse ngata
Hobaneng re na le moriri"
(Hobaneng re na le moriri o mongata hloohong ho feta dikarolong tse ding")
KA HARA matsoho le ka tlasa maoto, ke tsona feela dikarolo tse sa meleng moriri mmeleng ya rona. Diphoofolo di na le boya, ha rona re na le moriri. Dilemong tse dimilione tse fetileng, moriri ona o mmeleng ya rona o ne o le mongata. O ne o re futhumetsa mariha, o re phodise hlabula. Empa jwalo ka diphoofolo tsohle, le rona hanyane hanyane, ra fumana tsela ya ho dula re phodile - ka ho fufulelwa. A ko nahane hore re ne re tla ikutlwa jwang haeba re ne re na le boya re fufulelwe hape - ho ne ho tla tshwana le ho apara jeresi e metsi! Moriri o mmeleng o ne o fokotsehe. Empa ona o hloohong ona, o na le mosebetsi wa bohlokwa, o re sireletsa letsatsing. Ke ka hona o ntseng o le teng.
Moriri o mela masobaneng ana a letlalo. Moriri ka boona o na le di-cell jwalo ka di-tiles tsa marulelo a ntlo. Ha moriri o ntse o hola, di-cell di a shwa - e leng ntho e molemo hobane haeba ho ne ho se jwalo, ho ne ho tla ba bohloko ha o kuta!
Moriri o mmeleng o hola ka 1/3mm ka letsatsi. Empa ha e hole kgafetsa. O phakise o tlohele ho hola nako e ka etsang dikgwedi tse tsheletseng. Ke ka hona ona o leng monyane ho feta ona o hloohong.
O qala ka ho hola ka 70cm pele o ka qala ho foforeha. O hole hape...
Lephela le ka phela matsatsi a robong le ponngwe hlooho pele le ka bolawa ke tlala
Iteke tsebo ya puo ya hao. Setshwantsho ke yona keletso, ke eng lebitso la setshwantsho seo"
DI-ALMONDS le di-pistachios ke yona feela mefuta ya matokomane e boletsweng Bibeleng. Di-almonds ke mofuta o tshwanang le diperekisi - e leng mofuta wa kgale o jalwang haholo lefatsheng ka bophara.
Bala o ithute
E a MAKATSA!
Setsung
ke hole.
Leka ho se loma, leka hape
re a tseba,
o ke ke wa se fihlela!
Setshwantsho ka seng ke keletso e o bolellang seo o tlamehang ho se ngola dikgeong tseo tse se nang letho
BONA SESOTHO - February 2006
Brazil ke yona feela naha e seng e bapadile tonamenteng tsohle tsa Mohope wa Lefatshe
1kg ya siri- lamunu "e bodila" e na le tswekere e fetang monokotshwai o "tswekere" wa 1kg
Motho a ka bolawa kapele ke ho se robale ho ena le tlala. Ho se robale ho ka o bolaya ka matsatsi a 10 feela, empa tlala yona e ka o bolaya ka mora dibeke.
