sotho.871.old lady (2)
Ke thope e kgolo
KA 1874, setopo sa David Livingstone se ne se fihle Engelane, Levi Strauss a qala ho rekisa jean tse kgabisitsweng ka koporo mme mmino wa opera wa Johann Strauss, Die Fledermaus, wa qalwa mane Vienna. Ke ka sona selemo seo nkgono Moloko Temo a neng a hlahe ka sona - kapa ho ya ka ID ya hae e bontshang ka teng.
Hoo ho bolela hore nkgono Temo o dilemo di 132! Ho etswa matsapa a hore lebitso la hae le yena le hlahelle bukeng ya sehopotso ya Guinness World Records hobane ho totobetse hore ke yena motho ya moholo ho feta bohle lefatsheng.
Ha ho bonolo hobane Bukeng ena ho batleha bopaki - ba batho ba bang. Ka mantswe a mang, puo feela ya molomo ha e a lekana. Athe ID le yona ha e nkwe e le bopaki bo phethahetseng.
Empa ho a bonahala hore nkgono Matemo o ne a hlahe mohla la 4 Phupu 1874!
NKGONO Matemo o dula le ba lelapa la hae mane Mohodi Ga-Manthata, ho la Polokwane, Limpopo. O na le dilemo tse 54 a sa bone empa o utlwa hantle ditsebeng athe le kelello ya hae e tjhatsi. O a itlhatswa, a itjese ka boyena. O tsamaya ka wheelchair eo ABSA e neng e mo fe yona ka mora hore rakgwebo wa moo, Tom Boya a mo kopele thuso.
Nkgono Matemo o dutse a potapotilwe ke batho ba batlang ho utlwa tsa bophelo ba hae. "Ho a swabisa hore ebe ha ho motho ya ngolang dipale tsena. Ke ne nka thabela hore moloko o tlang o tsebe ka moo re neng re phela ka teng mehleng ya rona leha ke dumela hore ke sa ntse ke tla phela dilemo tse ding tse ngata," ho bolela yena.
O sa ntse a hopola ka moo a neng a balehe ka teng mohla a qalang ho bona lekgowa. E ne e le ka 1900 ha a bolela. "Ba ne ba fihle motseng wa heso ba kaletse dipere, re ne re sa tsebe hore ho na le batho ba bang ba nang le letlalo le sa tshwaneng le la rona. Ba leka ho bua le rona ka puo ya habo bona eo re sa e utlweng, ao, ra baleha ho feta," ho bolela yena.
O re ha ba sa hola, ho ne ho se diaparo tsena tsa sejwalejwale. "Re ne re etsetswa diaparo ka matlalo a diphoofolo. Ho ne ho se matlo a tshwanang le ana ao o a bonang kajeno. Ho se dikolo, ditliliniki, dipetlele kapa yona mebila e metle."
Re ne re tsamaya ka maoto maeto a malelele ho se dikoloi. Bana ba ne ba disa. Re kga metsi didibeng e seng dipompong."
O boetse hape o sa ntse a hopola Dintwa tse pedi tsa Lefatshe. "Bongata ba banna lelokong la heso ba ne sale ntweng eo."
O re ho ne ho se dithutswana tsa mollo... "Ho ne ho hotetswa ka ho sedila mefuta e itseng ya majwe ho tswe lelakabe."
O NE a hlahele motseng wa Mamakhwibidu, o re ke letsibolo ho ntatae, monnamoholo Matome le nkgono Mamabolo ba neng ba re siye kgale."Re bararo lapeng leso. Ha ke sa hopola hore dikgaitsedi tsa ka Johannes le Daniel ba ne ba hlokahale neng hobane ha ke a kena sekolo."
Mme Mamoloko le ntate Moyahabo ba bile le bana ba robedi. Ke Evelyn le Malasa feela ba sa ntseng ba phela. O dula le Evelyn (84). Nkgono o na le ditloholo tse 29, ditloholwana tse 59 le ditlohotloholwana tse hlano.
O leboha mokgwa oo a hotseng a eja ka ona, dijo tse phepo hape a hlonepha baholo ba hae. "Ke ithatela ditholwana le meroho. Jwala ha ke tsebe le tatso ya bona. Re hotse re bapala dipapadi tsa kantle tse kang kgadi, ke ka hona re neng re kwenne. Hape re ne re hlonepha ke ka hona re phelang dilemo tse ngata hakana." O rata Coca-Cola haholo le tee ya rooibos mme o ile a hatella hore a nehwe kgalase ya Coke pele re bua le yena.
Leha a setse ka meno a mararo feela, o sa ntse a rata nama le bohobe ba koro. Leha a foufetse, o a kgantsha ka tlung. A re: "Tlisang lefielo ke fiele, ho dithwele. Ha ke batle ho rapalla letsatsi lohle ke tla qetella ke le botswa.
"Ha o phela bophelo ba hlwekileng jwalo ka nna, Modimo o tla o hlohonolofatsa, o phele ha lelele. Hlonepha baholo ba hao mmoho le meetlo ya heno. Eja dijo tse nang le phepo mme o tlohele jwala.
"Ke leboha Modimo hobane ha se batho ba bangata ba kgonneng ho bona meleko ya boraro jwalo ka nna. Ke ka hona ke rapelang letsatsi le letsatsi pele ke robala.[s]
African Eye News Service
BONA SESOTHO - September 2006
Na seo ke sefahleho se boneng dilemo tse 132 kaofela, mariha le lehlabula la tsona mme se tseba le bophelo bo neng bo phelwa ka nako eo.
Nkgono Moloko Temo o sa ntse a hopola hantle mehleng ya hae a sa tena diaparo tsa letlalo, a hotetsa ka majwe mme le Dintwa tse pedi Tsa Lefatshe o di hopola hantle...
pale le ditshwantsho ka WILSON DZEBU
O dilemo di 132 a eja mabele!
u
Ke eo nkgono le moradiae, Evelyn (84).
BONA SESOTHO - September 2006
Ke ya Hao ka Molao
O e tlisetswa ke BONA le Scorpion Legal Protection
Nyewe e sa tlwaelehang
Solomon Barends o ne a ferehe moratuwa wa ka. O ne a qale ho mo letsetsa, ho mo romella mangolo, dipalesa esitana le dimpho. Ke ne ke mmolelle hore a arohane le yena mme seo se ne se mo hlabehise. O ne a tlalehele mapolesa hore nna ke na le sethunya se seng molaong.
Mapolesa a fihla foleteng ya ka ho tla phenyekolla. Ba se fumana ba nkwalla.
Ke ne ke dule tjhankaneng dibeke tse tharo pele ke fumana beili. Leqwetha la ka le ne le hlahise mangolo a feletseng a sethunya seo sa ka mme ka lokollwa.
Leqwetha la ka le ne etse hore Barends a dumele hore o ne a nketseletsa ka taba ena.
Ke rata ho tseba hore nka kgona ho makalla Barends"
EM, Joburg
lHa o tshwarwa ka lebaka la motho ya tlalehileng leshano mapoleseng ka wena, o ka kgona ho makalla motho eo.
Ho hlakile hore se boletsweng ke Barends ka wena e ne e le leshano mme o ne a se na mabaka a ho etsa jwalo. Ka hoo, ho tshwarwa ha hao ho ne ho se molaong mme wena o theotswe seriti.
Matshidisong ao o tlamehang ho a tseka ho yena o tla kenyeletsa le ditshenyehelo tsa leqwetha jwalo kaha o kene ho tsona ka lebaka la hae.
Hape o ile wa lahlehelwa ke moputso jwalo ka ha o ne o le tjhankaneng le nakong eo o neng o ntse o ya lekgotleng.
Ya ho qetela, hopola hore lebitso la hao le senyehile ka ho tshwarwa le ho kwallwa tjhankaneng, athe hape le ho makallwa ha hao ke mmuso e ntse e le tahlehelo.
Hopola hore tahlehelo ya ho theolwa seriti ha e balwe ka ho tshwana le ho lahlehelwa ke moputso.
Seo se etswa ka mora ho shebisisa dintlha tse ngata jwalo ka bowena ba hao, maemo o leng ho ona setjhabeng, mosebetsi esitana le setumo sa hao.
Motho ya ka tsebang ho etsa seo ka nepo ke leqwetha la hao mme ke o eletsa ho kopa thuso ya lona.
Ho ka nna ha etsahala hore Barends a se kgone ho lefa letho ditsekong tsohle tseo o tla di etsa kgahlano le yena, ka hoo, ho molemo hore le leke ho etsa diphuputso tse itseng ka yena pele.
Le tlameha ho fumana hore na e be ke motho ya sebetsang, ya dulang sebakeng se le seng se nepahetseng" Ke motho ya nang le thepa jwalo ka koloi kapa yona feneshara"
Haeba le fumane hore ke motho ya nang le bongata ba dintho tse badilweng ka hodimo, seo se bolela hore le ka tswelapele le ditseko tsa lona.
Haeba le sa fumane letho ka yena ho se boletsweng ka hodimo, ho betere le tlohele hobane ha ke bone bohlale ba letho hore o ka hlahlela motho eo tjhankaneng ka lebaka la ho lahlehelwa ke moputso kapa hona ho senyeha lebitso.[s]
Re entse matsapa ohle a ho netefatsa hore dikeletso tsa rona ke tse nepahetseng. Empa nnete ke hore nyewe ka nngwe e hloka ho fuputswa ka tshwanelo mme ba ha Scorpion Legal Protection (Pty) Ltd, ditho tsa yona esitana le ba ha BONA mmoho le baphatlalatsi ba makasine ena, ba keke ba rwaka boikarabello ba ditshenyehelo tseo motho ya latetseng dikeletso ya bona ka mokgwa ofe kapa ofe a keneng ho tsona.
Romela mathata a hao ho: BONA Legally Yours, Box 32083, Mobeni 4060. Scorpion e fa bohle ba re ngoletseng ka mathata a bona lengolo le ba dumellang ho buisana le mmuelli mahlomahlong metsotso e 30, a le kantorong e nngwe ya bona naheng ena kapa o bue le yena mohaleng.
Bongata ba banna ba leloko la heso ba ne ba ye ntweng ena mme ba sala teng.
Nkgono Moloko le ba bang ba lelapa la hae. Ka morao: setloholo Benjamin (32) le Obert (27). Ba dutseng: moradiae, Evelyn (84), setlohotloholwana Mapula (17), setloholo Sija (22) le Morongwa (34). Ka pele: setlohotloholwana Pontsho (3) le setlohotlohotloholwana Survivor (1).
t
Ke mang ya batlang ho phela ka ho sa feleng"
BATHO ba phela dilemo tse ngata mme re leboha ntlafatso ya maemo a bophelo le tlhokomelo ya tsa bophelo bo botle. Ho a makatsa ho bona motho ya seng a ya a lebile dilemong tse 100 empa ho hakaakang ho ba fetang moo, bao bongata ba bona e leng basadi, ba atisa ho fihlella le ho tse 110 kapa ka hodimo ho moo!
Ntlafatso ya bophelo ya dilemong tsa bo 1900 e entse hore ho be bonolo ho tseba batho bana ba lehlohonolo. Ka hoo, ditlaleho di shebisiswe ka leihlo le ntjhotjho, ho batlehe bopaki bo feletseng.
Balaodi ba seo, ke batshwari ba Guinness World Records, mme ho fihlela jwale, motho ya seng a phetse halelele e ne e be Jeanne Calment wa France (1875-1997), o ne a ena le dilemo tse 122 le matsatsi a 164 ha a oroha.
O ne a kopane le mapentane e mong, Vincent Van Gogh ha a le dilemo di 14 mme ya hae pale ebile e totobetseng mme ba bangata ba dumellana ka hore e nepahetse.
Ha re ne re ngola pale ena motho ya moholo ho feta o ne a ena le dilemo tse 116, Maria Esther de Capovilla wa Ecuador, ya neng a hlahe ka Loetse 14 1889. Monnamoholo ya neng a hole haholo e ne e be Emiliano Mercado del Toro wa Puerto Rico, ya neng ahlahile ka la 21 Phato 1891.
Athe Moafrika Borwa yena ho ya ka Buka ena ke Johanna Booyson, ya neng a hlahile ka 1857 a phela dilemo tse 111. Moloko Temo jwale ekare ke yena ya moholo ho ba feta, empa jwale ho netefatsa ditlaleho tsena ke bona bothata haholoholo ho ya ka moo Afrika Borwa e neng e le ka teng mehleng ya pele.
Leha ho le jwalo, ho hlaha taba e nngwe e qabolang...Jwalo ka ha batho ba rata ho dula ba le banyenyane hakale ebe ditsebi di lebelletse hore ba phele dilemo tse kae" Re tla shebisisa phapang pakeng tsa dilemo tseo motho a di phelang le tseo ho lebeletsweng a di phele.
Dilemo tse lebeletsweng ke tse behwang ke ditsebi ho latela maemo a setjhaba - ba phela ntle ho mathata a bonokwane le meferefere hape ba fumana tlhokomelo ya tsa bophelo bo botle. Dilemo tseo di ka nna tsa ata ha re itlhokomela, re ikwetlisa kgafetsa, re eja ka tshwanelo hape re tlohela mekgwa e mebe e kang ho tsuba.
Dinaheng tse Futsanehileng tse ripitlwang ke meferefere le EITSI, moo ho seng dingaka, batho ba teng ba lebellwa ho phela dilemo tse 30 feela. Athe tse kang USA le Great Britain teng, ba lebeletswe ho phela tse 75. Empa dingaka di re ho na le dilemo tseo batho ba di phelang tse ka nnang tsa eketswa ka ho ntlafatswa ha maemo a bophelo hore di fihlelle ho tse itseng. Leha motho a ka kenyetswa pelo e ntjha kapa ha etswa malebaleba afe kapa afe ho na le nako eo mmele wa hae o tlang ho kgathala, o se kgone ho tswelapeole le bophelo.
Nnete ke hore ha re na phela ka ho sa feleng...
lWALTON GOLIGHTLY
