sotho.869.liar
BONA - August 2007
O ka mmona jwang motho ya leshano
Kaofela re a le bua leshano, empa ho na le le tenang, le utlwisang bohloko - ke bolela lena la baratani kapa bona banyalani ba thetsanang...
HO thola ke sera se seholo mothong ya leshano. Ena ke yona ntho ya pele eo o tlamehang ho e hopola haeba o nahana hore molekane wa hao o leshano. Ho thola ke ntho e bohloko mothong ya leshano.
Ha o batla ho tshwara motho eo ka dipuo, mmotse potso, o qete o thole.
Leha a qetile ho araba, o thole o se ka re letho, o tla ngongoreha a bone eka ha o a kgotsofala ke karabo ya hae, a tswelepele.
Re ka etsa mohlala ka hore: Botsa Bongani hore o ne a le kae ka Moqebelo bosiu. O tla araba jwana: "Ke ne ke intshitse le metswalle ya ka." O thole o se ka re letho. O tla tswelapele: "Ra shebella di DVD."
Ha o ntse o thotse, o tla tswelapele: "Ra ja pizza." O tla nne a tswelepele le ho hlalosa.
Ngaka e nngwe ya kelello e boletse hore: motho ya leshano o bua taba dikgaokgao e be e be wena ya mo laelang hore a thole.
Ke a na a mang maele a ho tshwasa phofu ya hao e leshano...
Ha ke phete...
O tla botsa: "O bua leshano"" O tla araba: "Ha ke phete." Ha a qetelle ka ho se arabe potso ya hao, empa o leka ho o kgotsofatsa ka ho nna a hlalosa. Ke letshwao le kotsi leo.
Hape hlokomela motho ya sebedisang pheteletso. Ha a araba, a hlalose ho feta tekano.
Ke motlotlo e fetile...
Ke ena ntho o ka e lebellang ka mora taba ena. Na o bontsha ho thaba ha le qala le tjhentjha taba eo le buang ka yona, kapa o bone hore o ntse a re ka pelong, "ke motlotlo taba ena e fetile""
Motho ya leshano ha a tswafe ho fetola sehlooho sa taba ka potlako!
Empa wena..."
O ke se utlwe motho ya leshano a o botsa potso ena. Mohlala: haeba o mmotsa hore na o kile a etsa diteko tsa madi ho itlhahloba bohloko ba EITSI. O tla re 'E' a tswelepele ka bohlokwa ba ho itlhahloba. Haeba a bua nnete, hape a kgathalla bophelo ba hae, o tlameha ho o botsa potso ena, "Wena""
Motho ya leshano ha a hlokomele hore motho o tshwarwa ha bonolo ka dipuo. Ntho eo a e batlang feela ke ho tloha tabeng eo.
Eng"!
Ke ena e nngwe taba e lebalwang ke motho ya leshano. Ha o ntse o mmotsa, a ke se botse potso e kang "O reng"!" ho bontsha ho makala. O inahanela tsela ya ho araba feela.
Mapolesa a tlwaetse mekgwa e kang ena. Setlokotsebe se ke se ithaburanye ha se tshwarwa hobane se a tseba hore se molato, empa motho ya tshwaretsweng ntho a sa e tsebeng, o mmona mahlong, o a tjhentjha, a halefe. Motho ya leshano o nahana ka tsela ya ho araba feela.
Hobaneng o botsa"
Leha motho ya leshano a tla leka ho fumana nako ya ho inahana, empa o tla o araba ka dipotso tse kang:
Hobaneng o mpotsa ha jwalo"
O bolelang"
O utlwile ka mang"
O mpotsitse ka nako e sele.
Na o utlwile"
E nngwe ntho eo re sa e natseng ke ena. Ha molekane wa hao a nahanela hore mohlomong o a tseba hore ho teng seo a o patetseng sona, o tla mo utlwa a qala taba e kang: ho na le banyalani ba nang le mathata, mosadi wa teng a na le nyatsi. O tla mo utlwa a re: Nna nka mo lahla!"
Ena e ebe e le tsela ya hore tsounyana robala tse ding di robetse - a rata hore yena o se mo nahanele letho!
Se ka mo qosa...
Jwalo ka ha re se re boletse, motho ya leshano ha a rate ho tojwa, a qoswe ka taba. "Le wena o tlameha ho ba bohlale, o botse potso jwalo ka motho ya seng molato, o e lebisa mothong ya seng molato, empa wena o tseba hore o e lebisitse mothong ya molato," eo ke keletso ya ngaka ya kelello Dr David Lieberman.
Haeba mohlomong o nahanela hore kgarebe ya hao e se e na le monna e mong ntle ho wena, e botse potso e kang: ho teng se o thabisitseng maobane""
O tla o araba ka dipotso tse kang "Hobaneng o botsa"" kapa "O utlwileng"" ao ke matshwao a letswalo le molato - le a ikahlola.
Ha ho makatse, ha ho jwalo"
Ka nako e nngwe o ka qala taba ka hore: "Ha ke tsebe hore batho ba bang ba kgona jwang hore motho a be le nyatsi, empa molekane wa hae a se bone..." O tla bona, motho o tswana le kgoho e tjheswang ke lehe, a o botse hore na o bolelang.
Ha re kopaneng...
Haeba o se o kgathetse ke molekane wa hao ya sa tshepahalang, sebedisa tsela ena. "Ke kgathetse ke taba ya hore o nne o bonane le motho, ka koo, empa o sa re letho ho nna. Mohlomong ha re ka kopanang mmoho boraro ba rona, ra tshohla taba ena, ho ka ba molemo. Ena e etsahalang ka ona motsotso, ha e ntshware hantle hohang."
Molekane wa hao jwale o tla iteta sefuba, a o bolelle nnete, ho bolela Dr Lieberman. "Ka mantswe a mang, o nahana hore ka ho mo toba, ho tla fetola kelello ho seo a neng a se etsa."
Haeba a se molato, o tla thola, a o makalle hore na o ntse o bua ka eng.
Ke ena e nngwe tlhokomediso haeba molekane wa hao a dutse a tletleba ka hore ha o tshepahale. Ka nako e nngwe, kgoho e kakatletsang pele lehe ke la yona. O tla fumana hore motho eo, ke yena ya sa tshepahaleng! [s]
pale ISAAC KWELA DITSHWANTSHO GREAT STOCK!
BONA SESOTHO - April 2008
ITSHIRELETSE
u
t
BONA SESOTHO - April 2008
Ha motho ya leshano o mo toba, o a lenyaya le kolobe
