sotho.864.jacob
O thuswa ke lelapa la hae
pale ka FORCE KHASHANE
ditshwantsho ka PETER WHITFIELD
Lethuela mminong
Jacob "Booysie" Maake o kopanya meriana le mmino...
JACOB "Booysie" Maake eo e leng lethuela o ne a makatse mathuela a mang ha a ne a ntsha albamo ya hae ya pele e bitswang Mama Elly, e kopantseng jazz le blues mme hoo ho bontsha hore Booysie ha a na bokgoni ba meriana feela. Maake eo e bileng lethuela dilemo tse 25 kaofela, kajeno o itetsetsa terompeta ka boyena - mme le dikakapa tse kang Hugh Masekela, di tlameha ho ikatela.
Monna enwa wa Soweto, ke mohlanka e moholo wa lehokela mokgatlong wa rona wa Gauteng wa mathuela o bitswang Gauteng Traditional And Faith Practitioners Organisation mme hape o na le sehlopha sa hae sa mmino.
Sehlopha sena se bitswang Phakamani, ditho tsa sona ke mathuela - Tumi, Tshepo le Tshepiso bao e leng mafahla, Thabo Mduli le Girlie Mafura eo e leng yena sephoko.
Mafahla ana, Tshepo le Tshepiso, ba dilemo di 15, e se e le mekaubere mminong mme ba se ba ile ba hapa dikgau tlhodisanong ya Segarona Eisteddford, e neng e hlophisitswe ke Lefapha la Thuto.
"Ke ne ke ba rute mmino ba le dilemo di tsheletseng ke leka ho ba tlosa mebileng," ho rialo Maake.
"Ba ne ba se ba sele ho feta mme ka bona hore jwale ho se ho lekane," ke yena a ntse a bonya.
"Ka lehlohonolo, le bona ba o rata mmino mme toro ya ka ya phethahala. Ba ne ba be maphathephathe ba hloka le nako ya ho etsa dintho tse sa lokang."
Themba Shezi, mosuwehlooho wa Diepdale High, moo bashemane bana ba neng ba ithuta teng, o maketse ke katleho ya bona.
"Re tlameha ho etsa dikonsarete tseo ka tsona re tlang ho fumana ditalente tsa bana ba rona," ke yena eo.
Maikemisetso a mafahla ana a ne a kgothatse le abutia ona, Tumi.
E ne e le phupung ya e mong wa metswalle ya hae moo Boosyie a neng a kopane teng le Girlie Mafura ya neng a se a qetile nako e telele a tswile mminong ka lebaka la tshwaetso matshwafong.
"Ke ne ke bue le yena ka morero wa ho kgutlela mminong ka mora ho ba ke kgefuditse ka lebaka la ho arabela pitso ya badimo ba ka ya kena lefehlong," ho rialo Maake.
Mafura o kile a sebetsa le dikakapa tse kang Peter Teanet, Sizwe Zakho, Ebony le Rebecca Malope - mme o ne a dumele ho kena sehlopheng se setjha sa Maake.
E mong ya neng a hlahelletse ka mahetla moo e ne e le Leseja Ramphela ya dilemo di 25. Mama Elly o ne a e hatisetse ho studio se mane lapeng la hae Diepkloof.
Leseja e ne e le lerasta mehleng ya hae a bile a na le sehlopha sa hae sa mmino wa hip-hop se bitswang Dead Prophets pele a kopana le Maake.
Kajeno o na le mohopolo wa ho ba mohlahise wa mmino.
Moo ho studio sa hae ho na le folakga e nang le dikakapa tse kang Steve Biko.
"Seo ke ithutileng sona ho Biko, ke hore batho ba batsho ba tlameha ho iketsetsa dintho," ho rialo Leseja.
Seo he ke seo Booysie Maake
le sehlopha sa hae ba se
etsang... [s]
BONA SESOTHO - May 2007
Lethuela selaong sa lona.
Booysie Maake, Girlie Mafura le Leseja Ramphela kantle ho mokhukhu oo e leng studio sa bona.
Booysie le mathuela a tlasa thupello ya hae - o ne a tlohele mmino dilemo tse ngata a arabela pitso ya badimo ba hae ya ho ba lethuela.
LE LETSHEHADI:
Thabo Mduli o tehetswe hare ke mafahla Tshepo le Tshepiso ba phaposing mane Diepdale High.
KA TLASE:
Sehlopha sa jazz sa Phakamani se etsa mehlolo...
BONA SESOTHO - May 2007
