sotho.847.jabu
Mpodi ho tsa setso
Robala ka kgotso, Jabu!
E NE E le sebini se ikgethang se neng se sa kgahlwe ke feshene ha bobebe. Ba bang ba rata ho nka meetlo ya Amerika, motho a lelekise setumo le tjhelete. Ha ho lere lebe ka dintho tse kang tseo - empa di ka nna tsa qetella di qetile bong le setso sa motho.
Empa Jabu Khanyile yena o ile a tshwarella setsong sa hae ho fihlela lefung.
Sebini sena se ileng sa tuma ka lebaka la mmino wa sona wa Seafrika, se ile sa tswelapele le ho bontsha setso sa sona le motseng wa sona o majabajaba o mane Dobsonville. Motseng oo wa hae, ho na le ntlo e bitswang "Inxiwa," sesiu ka Sesotho, e leng moo a etsetsang teng meetlo ya hae.
Hape ho na le ntlo eo a neng a buisana ho yona le badimo ba hae. Sebini sena se hahlautseng le lefatshe lohle ka mmino, sa ba sa bina le mane tlung ya boreneng ba Manyesemane, Brithani, se bolela ha katleho ya sona e ne e le mahlohonolo a tswang badimong.
Ntlong ena ya sesiu ke moo mosadi wa hae e moholo a dulang teng le bana ha hae le ditloholo tsa hae. Moqekwa wa hae yena a dula ho ya hae ntlong mmoho le bana ba hae ba babedi le motjhanae.
Jabu ya neng a dutse a tshwere letjhoba hohle moo a neng a bina teng le lefeng la hae o ne a sa lebala "setso" sa hae. Ke monna ya ratang leruo, o bitsa dikoloi tsa hae ka hore ke dikgomo tsa hae.
Nakong eo re neng re le lapeng la sebini sena, mohatsae e moholo, Daphney, o ne a re bolelle hore pele a kopana le Jabu, yena o ne a itshebeletsa.
"O ne a nkope hore ke tlohele mosebetsi hobane basadi ba ha Khanyile ha ba a tlameha ho sebetsa," ke yena eo. Ena ke e nngwe tsela ya ho bontsha setso.
Daphney hape o re boleletse hore Jabu o tseba hantle hore motho wa mosadi o tshwarwa jwang. "O ne a rekela basadi ba hae dimpho," ke yena eo.
Ka matsatsi a tswalo, o ne a re makatsa. "Jabu o ne a na le dintho tse ntle tseo a neng a rata ho di kopanela le balelapa la hae," ho rialo Daphney.
Moqekwa wa hae, Khululiwe, o boletse hore Jabu o ne a rata le dijo tsa Seafrika - "o ne a e rata nama ya hlooho ya podi kapa nku."
Ka ho ya ka basadi ba hae, naledi ena e ne e sa utlwane le ho rwala dieta.
"Ke ne ke tlameha ho mo qobella ho di rwala haeba re tlameha ho ya meketeng e itseng, moo ho tshwanelang hore a apare sutu," ke Khululiwe eo.
"Jabu o ne o atisa ho mo fumana a rwetse meqathatso kapa diteki ha a bina," ho tlatseletsa Daphney.
Sebini sena se ne se dumele hore ha se utlwane le dieta. "Ha ke le lapeng, ke a phuthuloha hobane ke kgona ho hata ka la Mohlomi," ke mantswe a hae a sa phela ao.
Haufinyane ho bonahala ho na le ya tla hata mehlaleng ya Jabu moo lapeng la hae.
Re bua ka mora hae ya dilemo di robedi feela, Anele, eo ho bonahalang a hata mehlaleng ya ntatae.
Ka ho ya ka mmae, Khululiwe, Anele o bonahala a na le talente mminong. "O se a qapile dipina athe le motjeko ke ntho ya hae," ho rialo Khululiwe. "O a mmona le wena!"
Jabu o hodisitswe ke rakgadiae mane lekeisheneng la Dlamini, Soweto, pele a leba Mofolo, moo a neng a dule teng le mme eo e seng wa hae wa madi.
O ne a qale talente ya hae mminong ka 1974. Puisaong ya rona le yena o ne a bolele hore lerato la hae mminong le ne le qale albamong ya hae ya pele, Mbombela, eo ho yona a neng a bina le sehlopha sa Afro-pop, Bayete.
Ona ke monyetla o motle wa hore re thoholetse Jabu Khanyile jwalo ka mpodi ho tsa setso.
Robala ka kgotso! [s]
BONA SESOTHO - January 2007
Re hopola naledi ya mmino, Jabu Khanyile...
pale ka FORCE KHASHANE
ditshwantsho ka NOMPUMELELO NGCOBO
KA HODIMO Jabu le setloholo sa hae, Lesedi.
LE LETONA: Jabu Khanyile o phaposing eo a buisanang le badimo ba hae ho yona.
KA HODIMO HO LE LETONA: Sebini sena se lapeng.
QETELLONG HO LE LETONA: Jabu le koloi ya hae."
KA HODIMO: "Jabu o ne a tseba ho tshwara hantle motho wa mosadi," ho rialo Daphney, mosadi e moholo wa Jabu.
KA HODIMO: khululiwe, moqekwa wa Jabu.
BONA SESOTHO - January 2007
