sotho.812.parent
botswadi
BONA SESOTHO - March 2008
Nako e nyenyane ya ho ratana
Batswadi ba dutse ba qakehile ke bana haholoholo ha ba sa le banyenyane. Ha ho nako ya phomolo kapa ya ho intsha ba le bang, ke tsena dikeletso tsa ho boloka dikamano tsa lona di le monate...
KA LETSATSI la Valentine selemong sena, batswadi le bona ba lokela ho ipha nako ya ho tiisa dikamano tsa bona tsa lerato. Ke tsena dikeletso tse ka o thusang hore le fumane nako ya ho ba mmoho...
Intsheng mantsiboya. Le ka ya filiming kapa la ya ja le moratuwa wa hao - ha feela le tla ba bang, ho fedile! Ho bonolo ho fumana motho ya tshepahalang ya ka o sallang le bana.
Dulang lapeng. E mengata mekgwa eo le ka ithabisang ka yona lapeng - le ka ja mmoho, ha bana ba se ba robetse. Kgalase e le nngwe feela ya veine le shebelletse DVD le le babedi, e ka natefisa letsatsi lena ya ntjhafatsa le dikamano tsa lona.
Intshe. Iphe letsatsi la ho intsha. Le hopole tseo le neng le di etsa pele le eba le bana. Eyang ho se seng sa dibaka tseo le kileng la ya ho tsona pele ho ya tsoselletsa lerato la lona.
Ithabise. Dula o nahana ka moratuwa wa hao leha o etsa mesebetsi ya hao ya letsatsi. Rekelanang dimpho tse nyenyane jwalo ka ha le rekela bana dintho tsa ho bapala. Le dule le bolellana hore: "ke a o rata" nako le nako. Bana ba ithuta tse ngata batswading ba bona jwalo ka ho hlahisa maikutlo a bona, a thabo, a lerato, a bohloko le a tshwabo.
Phomolang. Memang baratani ba bang. Ho phomola le metswalle ho monate ho feta ho dula o kgalemela bana ka dinako tsohle.
ya bomme le bontate...
O ka kopa jwang
Kopa motswalle kapa e mong wa ba leloko ho o salla le ngwana dihora tse mmalwa. Athe ha o mo hira teng, batla ya nang le boiphihlelo ka bana ba lekanang le wa hao. Ha mohlokomedi wa ngwana wa hao a sa dule le wena, mo kope ho robaletsa tsatsing leo. O kgatholoha ha monate ha o tshepa motho eo o mo siileng le ngwana wa hao.
Thabela boimana ba hao
(hape hobaneng 24 e le nomoro ya mehlolo)
NA O NE O TSEBA: Ho tloha dibekeng tse 24 lesea le qala ho utlwa mantswe ao le tla bona beng ba ona ka mora tswalo - ka hoo, se tswafe ho bina ha o pheha kapa o hlatswa dijana. Ho na le ya o mametseng!
NA O NE O TSEBA: Ho tloha dibekeng tse 24 lesea le qala ho utlwa ha ho thetswa mpa. A mang a mamella ha monate athe a mang a qala ho raharaha hore o hlokomele hore a teng ka moo. Mohlomong ke naledi tsa ka moso tsa Bafana Bafana!
NA O NE O TSEBA: Lesea le qala ho utlwa phapang tatsong ka mora dibeke tse 24, le e utlwa hona lerong lena leo le phelang ka lona. Ke nako ya hore o leke dijo tse fapaneng hore le tsebe ho tlwaela dijo tsa mefutafuta. Dipatlisiso di bontshitse hore lesea le tla hola le rata dijo tseo le wena o neng o di rata boimaneng ba lona.
a tsebe ditlhaku
ka moo o ka rutang ngwana ho bala...
NGWANA a ka nna a qala ho ithuta ho bala mohla a qalang ho ya sekolong. Empa ho tloha boseeng, ho bohlokwa ho etsa matsete bophelong ba hae, ka ho dula o mo balla - hobane hoo ho mo thusa hore a tsebe mantswe.
Ha ngwana a dutse a utlwa dipale, a etsetswa ditshomo, a bona ditshwantsho, a bile a di rala le yena, ho ba bonolo ho ithuta puo, e leng se etsang hore a natefelwe ke ho kena sekolo.
Sena sohle se qala ka ditlhaku tsa mantswe. Ke tsena tse ding tsa dipapadi tseo le ka di bapalang tse kgothatsang ngwana ho hlokomela phapang pakeng tsa ABC...
Leha o se na motse o moholo, empa bana ba hao ba hlola ba di bone ditlhaku tsena. Mo kgethise tlhaku eo a e tsebang, le tsamaye hohle ka tlung le lekgwakgweng le batla ntho e qalang ka yona.
Ngwana o lokela ho kgona ho bona phapang pakeng tsa dintho tse itseng mme a qoqe ka tsona. Ho tseba ho hlalosa ntho ka nngwe ho ka mo thusa hang ha a se a qala ho ngola meqoqo sekolong.
BONA ke mohlodi o motle haholo wa ditlhaku. Dumella ngwana ho phetla makasine ena mme a batle ditlhaku tseo a di tsebang (mohlomong tse sehloohong sa pale ka nngwe). Kopa ngwana jwale ho o supisa dintho tse qalang ka tlhaku eo. Ha re etsa mohlala, ha o kgethile S, mo thuse ho batla ntho e qalang ka S...
Mohla le leng lewatle, mo dumelle ho ngola ditlhaku lehlabatheng. Ba baholwanyane bona ba ka ngola mantswe.
Ela hloko: Dikelello tsa bana ba banyenyane ha di kgone ho shebana le ntho e le nngwe nako e telele, leka hore a natefelwe. Papadi e se fete metsotsong e 10. Ho mo rorisa ho ka mo kgothatsa hore a batle ho tswelapele le ho bapala!
BONA SESOTHO - March 2008
e bokeleditswe ke THANDI NXUMALO
u
t
botswadi
Mathata a ngwana ya rotelang tlung
LEHA bana ba bangata ba rutwa pitsana empa ho ba bang ha se bothata ho tsoha bosiu ba ikela ntlwaneng ha ba bang bona e le mosebetsi wa kobo ya kgomo, e leng se etsang hore ba qetelle ba rotetse tlung. Ha o ka nahana hantle...
Senya sa ngwana ya monyenyane ha se kgone ho laola moroto, ke ka hona a tenang leleiri. Ha ba hola, ba ithuta ho sebedisa pitsana mme ba qetelle ba ikutlwa ha ba tshwerwe ke moroto.
Ho bonolo motsheare ha ho tshwane le bosiu. Ho rotela tlung ha se lefu, ke karolo feela ya kgolo ya ngwana. Bana ba bang ba ithuta dintho ka pele ho feta ba bang empa qetellong kaofela ba tla kgona ho laola moroto.
Bana ba rotela tlung ho fihlela ba le dilemo di tsheletseng hobane feela ba eba ba so kgone ho laola dinya tsa bona.
Ditsebi di bolela hore le kgatello ke se seng sa sesosa sa mathata ha ngwana a ka qala ho rotela tlung empa a ne a sa rote.
Hoo ho ka nna ha bakelwa ke dintho tse ngata. Diphetoho. Ka nako e nngwe o ebe a bontsha hore ho na le se sa mo thabiseng bophelong ba hae, jwalo ka ho ya sekolong. Kapa batswadi ba hae ba kgaola lenyalo. O hlokahalletswe ke e mong wa ba leloko eo o neng o mo rata kapa ya neng a o salla le bana.
O ka thusa jwang
Se mo omanye ha a rotetse tlung hobane hoo ho ka etsa a be tlasa kgatello e kgolo. Mo kgothatse ho ela hloko ka le hlahlamang.
Mo tentshe leleiri bosiu ha a sa le monyenyane.
Hopola - bashanyana ba nka nako ho tlwaela dintho ho feta banana. Se tate haholo.
Ala polastiki hodima materase hore a se be metsi - ho bonolo ho e ntsha o e hlatswa. E thusa hore materase a se ke a nkga moroto.
Hodima tseo tsohle...
Eba le mamello! Ho rotela tlung ho tla fela hang ha ngwana a hola.
BONA SESOTHO - March 2008
Na o ka tseba ha ngwana wa hao hlekefeditswe?
BANA ke batho ba kotsing haholo lefatsheng leo re phelang ho lona mme ke boikarabello ba hao jwalo ka motswadi ho netefatsa polokeho ya bona. E ka nna yaeba phephetso le ntho e thata hobane bana ha ba hlekefetswe ke batho bao ba sa ba tsebeng feela empa le bao ba ba tsebang hantle.
Ho patlotsa bana le ho ba shapa ke tlolo ya molao. Ho sa kgathellehe hore ba a kgalengwa kapa tjhe, le hona ho nkwa e le tlhekefetso mme ho kgahlano le molao wa Tlhokomelo ya Bana wa Afrika Borwa. Lesea le ka nna la holofala boko ke ho sisinngwa ha bohloko hantle jwalo ka motho e mong ya moholo, le lona le ka bolawa ke ho otlwa.
Sireletsa bana setjhabeng sa heno, ka ho se qeaqee ho letsetsa mapolesa kapa tliliniking e haufi le wena o tlelehe tlhekefetso. Nomoro ya sepolesa ke 10111, kapa Childline ho 0800-055-555. Ho bohlokwa hape ho ruta bana hore ba tsebe moo ba ka fumanang thuso teng ha ba e hloka, ka ho ba ruta dinomoro tseo ka hlooho le hona ho di letsetsa.[s]
ya bomme le bontate...
Ke karolo ya kgolo eo batswadi ba bangata ba lakatsang e ka e ka tlolwa, empa ho rotela tlung ho ke ke haeba ho be jwalo ka ho nahana...
