sotho.803.jika
pale ka DOUG GORDON; ditshwantsho ka IVAN NAUDE;
moriri le mokgabiso wa sefahleho: FAITH SEUOE; setaele: MARINA WALSH; mohokahanyi: PATRICIA McCRACKEN
"Neo e hlahellang lenaneong lena e a babatseha mme ha ho ka moo re ka e kgellang tlase ka teng," ho bolela Mpendulo.
(Thembi: top: Rage; mabenyane: Ruby In The Dust; borikgwe ke ba hae, lebanta le dieta; Mpendulo: hempe: Woolworths; diteki le borikgwe ke tsa hae)
Lekgetlong lena Thembi Seete o arolelana sebaya le Mpendulo Buthelezi mme ba siya babohi ba kgathetse...
THEMBI Seete (30) wa Boom Shaka, eo jwale e leng sebohodi sa lenaneo la motjeko la Jika Majika, e sa ntse e le e mong wa banana ba batle mminong. Ho tloha ha Boom Shaka e ne e qala dilemong tse tsheletseng tse fetileng, sebini sena sa mmino wa rap se ne se hlahise dialbamo tse pedi moo se binang se le seng mme hape sa hlahisa neo e tswileng matsoho ya ho bapala difilimi ho Yizo Yizo le ho Zone 14.
Lefu le bohloko la Lebo Mathosa selemong se fetileng le ne le mo thefule maikutlo ha bohloko. "Ke hlolohelwa Lebo kamehla," o boletse jwalo ka maswabi. "Ke e nngwe ya dintho tse etsang hore ke batle ho laola bophelo ba ka mme ke be sebini se nang le katleho."
O ingolla le ho itlhahisetsa albamo ya hae e ntjha mme o sa tswa hahlaula Spain, leetong la 'all star tour' moo a ena le dibohodi tse pele tse kang DJ Fresh le Sbu.
Hape Thembi o bolelletse BONA ha e mo nka ditshwantsho hore o sa tswa hatisa dikgaolo tse mmalwa tsa Generations.
Mosebetsi o moholo ha jwale ke wa Jika Majika. Lenaneo lena la beke le beke le hatisetswang studio, ho kopana batjeki ba sa tsejweng, mme le hohela dimilione tsa batjha ho SABC 1.
Thembi le Mpendulo Buthelezi le bona ba a phethoha moo mmoho le babohi ba B-boys le B-girls, ha ba hlahisa seo ba tummeng ka sona. "Ke e ke hopole ha re itlhophisetsa ho ya tjeka tlelapong ka nako eo re sa ntseng re kena sekolo le mofu Lebo," ho bolela Thembi. "Re ne re iketsetsa ditaele tsa rona mme re etsisa le batjeki ba bang, mekgwa e meng ya metjeko eo e sa ntse e sebediswa le ho Jika Majika.
"Lenaneo lena le nkgopotsa matsatsing ao a monate a rona le mofu Lebo. Ha o le motjha, ha o tshabe letho. O etsa leha e le eng feela e ka o thusang hore o atlehe. Lebo le Thembi ba ne ba etse jwalo le bona ka 1998, ba hapa le Dikgau tsa Mmino tsa SA.
Phethisa ditoro tsa hao
Thembi ha a le hara batjha o shebisisa ba batlang ho sebedisa menyetla hore ba ipehe maemong a matle hantle jwalo ka bana ba tjekang ho Jika Majika. "O ke ke wa ithutela bonaledi," ho bolela yena. "Ke seo o leng sona se etsang hore dimilione tsa batho di dule di o hopola."
Ke ka hona Mpendulo (24) a reng o lehlohonolo ka ho sebetsa le yena ho TV. O pasitse materiki Matseliso mane Meadowlands ka nako eo Yizo Yizo e neng e tumme, e bontsha bophelo ba batjha. "Ke ne ke shebella Boom Shaka mme ke tseba hantle hore ke seo ke batlang ho ba sona," ho bolela yena. "Kajeno ke na le titjhere e hlwahlwa eo ke dutseng ke ena le yona beke le beke."
Haesale a batla dikarabo ho tloha ha a ne a kena mminong leha batswadi ba hae ba ne ba batla a ithutele bongaka kapa ho ba mmuelli.
"Ha ke tshabe ho phetha ditoro tsa ka," ho bolela yena, "leha motho a tlameha ho sebetsa ka thata." Mpendulo o ne a ithute motjeko ka ho shebella divideo tsa Michael Jackson le dibini tse ding. O se a ile a tjeka divediong tsa dibini tse kang Ntando, Mzekezeke, HHP le Brown Dash, mme jwale o se a ntshetsapele albamo ya hae, Sweetheart.
Sehlopha sa bahlodi
"Thembi ekare ke ausi wa ka," ho bolela yena. "O nkeletsa hore ke tjhentjhe ditaele tsa ka jwang beke le beke mme a batle hore ke hlahise seo ke leng sona ho khamera. Ha ke tjeka, ke iketsetsa setaele sa ka ke le mong - talente e lenaneong lena e ntle bo makatsang."
Thembi le yena o a dumela. Dipontsho tsa hae tsa mmino tsa pele ho TV di ne di bule monyetla wa ho hatiswa ha albamo ya lehlabula e tshehetswang ke dikhampane tse kgolo tsa naheng ena tsa petrole. Ke ka hona a inketseng boikarabello ba mosebetsi wa hae ho feta hore a nkelwe diqeto ke bahlahise le baokamedi ba hae. "Menate e neng e etsahala matsatsi a Boom Shaka e sa ntse a tletse kelello ya ka," ho bolela yena. "Lebo o ne a natefetswe haholo - a nkgatella hore ke bine ke le mong. Ha ke le dilemo di 14, re ne re etsa jwalo ka ha ho etswa kajeno tlhodisanong ya Jika Majika - re lapetse katleho. Bo Thembi ba kajeno le bona ba lapetse katleho hantle jwalo ka rona." [s]
O batla ho ba mokgelo
O sa
ntse a
batla
katleho
u
"O ke ke wa ithutela ho ba naledi," ho bolela Thembi. "Seo o leng sona ke sona se o behang maemong ao o a batlang."
(Thembi: top: Truworths; masale: Ruby In The Dust; Mpendulo: hempe: YDE)
t
Tsena dibutshi ke tse ikgethang tsa ho tsamaya . . . "Ke rata dieta tse phahameng!" ho bolela Thembi. Ke ba motlotlo ha ke se ke rwetse dieta tse phahameng ke ikutlwa hasesane. Ke rata le ka moo di etsang hore ke be molelele ka teng!"
(Ka hodimo le kantle: Thembi: top le mabenyane: Ruby In The Dust; Mpendulo; hempe: YDE)
Ba phetha ditoro tsa bona
