sotho.770.yourman_fashion
Intjha-fatse
STHEMBISO Sangweni (26) o sebetsa lefapheng la dipapatso mme o dutse a le tseleng, a netefatsa hore mekete yohle e a atleha. Yena o rata ho ikaparela di-jean, dikipa le diteki.
FESHENE YA BANNA
Pele
1. Dijase
Dijase tsena o ka di apara o ya dikopanong le ha o iphomoletse feela. Ha o kgetha jase, kgetha ya setaele e mmala o motsho, o moputswa, beige kapa e navy. Ho qoba ho shebahala jwalo ka tsotsi, qoba ho rwala katiba tse mmala o lefifi le mophetho o sephara.
2. Baki e se nang matsoho
Baki ena ha e a tlameha ho atjarwa meketeng ya bosiu kapa manyalong feela, e eketsa tjhebeho ha o apere ka makgethe, hape e boheha hantle ka jean.
3. Mmala
Mmala o moputswa o tswa pele fesheneng ha o kgathetse ke o motsho le o navy. Hape o ka tenella mmala ona ka o bolou kapa o motsho.
DIAPARO
Sthembiso o apere: Hempe e metsero e mesweu le boputswa (R250), Markhams; baki e se nang matsoho le kgama (lenane o le fumana ha o le hloka), Roberto Sistina ha John Craig; borikgwe bo boputswa (R350), Markhams; jase e putswa (R550), Markhams; dieta tse ntsho (R1 790), Europa Art Shoes.
O kgathetse ke tjhebeho ya hao- O hloka ho tjhentjha jwale- Ke ena tataiso e ka o thusang ho tjhentjheng tjhebeho ya hao
KA MORAO
ISAAC NYATHI (46) o lokisa dintho tse senyehileng khampaneng e hatisang dikoranta le dimakasine. O dutse a apere ovarolo mme o bolela hore jwalo ka mafelo a beke diaparo tsena o ya le tsona lapeng.
Setaele: Lethu Nxumalo
Ditshwantsho: Peter Whitfield
(E qotsitswe ho: www. men.style.com; www.mensflair.com. )
MABENKELE: Markhams: 021-938-1911 John Craig: 0800-116-009 Europa Art Shoes: 011-883-5354
Pele
1. Sekhafo
Sekhafo se eketsa tjhebeho diaparong tse mmala o lerotho tsa mariha. Kantle ho moo, sekhafo sena se molemo, se o sireletsa serameng mme hape se eketsa le tjhebeho. Haeba o tshaba hore o tla shebahala jwalo ka banana, kgetha sekhafo se se nang dipaterone.
2. Sutu e ntsho
Sutu e ntsho e bolela hore o aparela katleho. Sutu ya maemo e ka nna ya bitsa, empa ho tla ya ka hore o e rekile kae, empa e ho tshwanetse hoo hobane ke mathulahohle, o ka e apara meketeng yohle.
3. Mokotla
Ho tshwara mokotla ha se mokgwa wa banna ba bangata, empa ha o etsa ka nepo, ho ka ba setaeleng. Haeba o le dihlong, ha o a tlameha ho tshwara mokotla kamehla, ha o ya metswalleng kapa ho moratuwa wa hao. Ha o batla mokotla o tla ba motle, kgetha mmala o motsho.
4. Dieta
Monna e mong le e mong ya sebetsang o tlameha ho ba le dieta tsa bokgabane, ha ho kgoneha, tse nang le maqhwele. O ka di rwala ha o ya mosebetsing, ditekong tsa mosebetsi, manyalong le kerekeng. Haeba o rwala dieta kamehla mme o tsamaya sebaka se se lelele, ho molemo o sebedise tse nang le soli ya rekere. O ka nna wa kopa ba rokang dieta ho o kenyetsa soli ya rekere.
DIAPARO
Isaac o apere: Sekhafo se lohilweng se bolou (R99), Markhams; hempe e metsero e metsho le silivera (R299), Markhams; sutu e ntsho (R1 599), Pierre Cardin ha John Craig; dieta tsa letlalo tse maqhwele (lenaneo o le fumana ha o le hloka), Polo ha John Craig; mokotla o motsho (R299), Markhams.[s]
KA MORAO
