sotho.768.Shoprite
Jwale o se o ka
Tshebeletso e ntjha ha Shoprite - jwale o ka reka wa ba wa ntsha le tjhelete ka nako e le nngwe!
Ke ha kae o ntse o ema meleng e melelele o emetse ho ntsha tjhelete ka mafelo a kgwedi, kapa o tshohile hore ho se be teng motho ya tla bona nomoro ya hao ya lenyele moo motjhining- Athe ka nako e nngwe le motjhini le ona o kwenya karete ya hao-
Tse monate ke tse reng jwale o se o ka ntsha tjhelete ka tsela e bonolo le e bolokehileng! Re rialo hobane jwale o se o ka ntsha tjhelete metjhining yohle eo ho lefshwang ho yona ha Shoprite.
Basebeletsi ba mosa ba ha Shoprite ba tla o thusa mme o tla hloka karete le nomoro ya hao ya lenyele feela. Ho bobebe ho bile ho a potlaka mme hape ha ho ditsotsi tsena tse o sitisang metjhining hobane mona motho o tla nahana hore o lefella thepa ya hao! Ena ke tsela e bobebe ya ho ntsha tjhelete haeba o tswafa ho ema meleng e melelele metjhining mme mona karete ya hao e ke ke ya kwengwa ke motjhini. Hape ho bitsa betere ho ena le ho ntsha bankeng!
Ntsha tjhelete ha
Shoprite
Ho bobebe ho a potlaka - e sebetsa ka mokgwa ona:
1. Bolella mosebeletsi ya o lefisang hore o batla ho ntsha tjhelete pele o lefella thepa ya hao. O tla qala ka ho fetisa karete ya hao motjhining e be o o botsa hore o hloka bokae le hore ke mofuta mong akhaonto ya hao (tjheke kapa boipolokelo)
Ho bobebe. O ka sebedisa karete leha e le ya banka e fe feela. Hopola hore o tlameha ho reka hore o tsebe ho fumana tshebeletso ena.
2. Kenya nomoro ya hao ya lenyele (ena ke nomoro ya hao, ha ho mang ya tlamehang ho e tseba ke bolela le mosebeletsi ya o thusang)
MELEMO
HO A POTLAKA: - Ha o sa tla ema meleng e melelele ya motjhining wa tjhelete
HO BOLOKEHILE: - Ha ho mang ya tla tseba hore o ntsha tjhelete
3. O tla nehwa tjhelete ya hao le resiti e o bontshang hore o ntshitse bokae. [s]
HO BOLOKEHILE: - Ona motjhini o ke ke wa kwenya karete ya hao
HA HO BITSE: - Ditefello tsa ha Shoprite di tlase ho feta tsa banka
ya papatso
B2517/06 setaele peta-ann stroud ditshwantsho ka christoph hoffman
