sotho.754.lucky
BONA - December 2007
HO BOLAWA ka sehloho ha Lucky Dube tekong ya ho mo amoha koloi, ho ile ha halefisa Maafrika Borwa a mangata a bolokang molao. Hoseng ha letsatsi leo, haufi le seteishene sa sepolesa sa Hillbrow, monna e mong o ne a leke ho utswa koloi ya vene pele a baleha a ntse a thunyaka mapolesa a neng a mo setse morao. Sontaheng sa yona beke eo, mane Pietermaritzburg, dinokwane di ne di bolaye mosadi ya dilemo di 59 ya neng e ikela kerekeng, ba ntano nka koloi ya hae. E ne e re ha koloi eo e tjhaisa, mmolai eo, a bona mosadi e mong haufi le yena a le ka koloing, a qala ho e thunya le yona.
"Ke ne ke lakatsa hore ho mpe ho shwe nna ho ena le baradinyana ba ka ba babedi," o boletse jwalo mosadi ya dilemo di 28 wa Germiston, eo koloi ya hae e neng e potapotilwe ke banna ba hlometseng ka dithunya ha a ne a kena lapeng la hae thapameng ya le leng ka Loetse.
Mamati a ne a kwetse ke ka hona a neng a kgone ho tswa le baradi ba hae, ya dikgwedi di 18, ya dilemo di pedi le tse nne, o ne a paqame hodima bona a leka ho ba sireletsa.
Koloi ya hae ya 4x4 e ne e fumanwe dimitareng tse 500 ho tloha ha hae ba e nyahladitse moo hobane e tjhaisitse.
Bophoqo
Re tlameha ho boela re tswelapele le bophelo leha ho le jwalo leha batho ba sala ba tetebetse maikutlo - ba wetse ke koduwa ba feletswe le ke tshepo.
Hape ke bophoqo ho nahana hore ha se ha ngata dinokwane tsena di kgonang ho atleha ho baleha ka koloi eo ho fihlela qetellong.
Ho ya ka sephetho sa selemong se fetileng, sa dipatlisiso tsa naha tsa RE/MAX ho boletswe hore ka Mphalane, ho bile le bonokwane ba ho nkelwa makoloi ka mahahapa bo fihlellang ho 52%, tseo bongata bo etsahetseng malapeng. Dipersente tse 10 tsona di etsahahetse batho ba dutse dipakeng tsa ho phomola; tse supileng di etsahetse dirobotong; ha tse hlano di etsahetse dibakeng tsa mesebetsi mme tse 4% bakganni ba ntshwa mebileng ka kgang.
Tsena tsona di tsamaisana le tse entsweng ka Phupu tseo le tsona di bontshitseng hore palo e ka hodimo ho halofo ya bonokwane bona bo etswa ha batho ba fihla kapa ka etswa malapeng.
Nako ena eo dipatlisiso di entsweng ka yona - ka Mmesa 2006 ho ya ho Hlakubele 2007 - Gauteng e ne etswa pele ka diketsahalo tse 6 951, KZN e latela ka tse 3 562.
Jwale se totobalang mona ke hore ha re tobane le bonokwane ba ho kwetelwa ha makoloi, re phela mohaung wa dinokwane kapa ebe re na le tokelo ya ho itshireletsa"
E, re ka itshireletsa. Empa re lokela ho qala ka ho...
Utlwisisa mathata ana.
Bona bonokwane bo jeleng setsi haholo dinaheng tsa mose, le lefatsheng lohle - mme hangata bo etswa ka dikgoka.
Nahana feela: Ho nkela motho koloi ya hae ka mahahapa ho bonahala ho le bonolo bathong ba bang hobane ba e fumana e sa tjhaisa, hape e nkellwa hong la dinotlolo tsa yona. Empa he mona ha ho tshwane leha ba nka koloi e pakilweng mmileng. Ha se ha ngata ho bang le batho ba bonang. Haeba koloing e pakilweng ho na le motho, ba atisa ho baleha.
Bonokwane re a tseba hore bo tsamaisana le ho qhalana ha madi, mme le wena o be mathateng...
Tseba sera sa hao.
"Mona o ebe o tobane le motho ya kgopo, ya se nang kutlwelo bohloko. Ena ha se nako ya ho iketsa senatla," ho bolela Mark MacYoung, setsebi ho tsa ho itshireletsa.
"Ha o le tjhiki, ba tla o thunya."
Hopola hore ba ebe ba o hlaha lesumatha, bona ba itlhophisitse.
Ha o leba lapeng o ebe o inahanela hore ana o tla robala o jeleng, ka hoo, ha ho be bobebe ho boela o nahana ka tsela ya ho ipholosa mathateng, ho bolela MacYoung hape.
Tharollo" Qoba ho iphumana o le maemong ao...
Tseba dibaka tse kotsi.
Ho kwetelwa ha makoloi ho atisa ho etsahala ha o kena kapa o tswa lapeng, kapa mateanong a ditsela.
Ka nako ena senokwane se bula lemati ka potlako mme se o hulele kantle. Sheba ditsela tsa ho itshireletsa maemong a jwalo...
Notlela mamati.
Ho notlelwa ha mamati ho ke ke ha thibela ho kwetelwa ha koloi, ho bolela se seng setsebi. "Empa sena se etsa hore o se utlwe ka yena a se a o hlasinya, a o betsetsa kantle ho koloi!"
Tlama lebanta la pholoso.
Ho kwetelwa ha makoloi ho atleha haholo ha o kgonne ho tswa ka koloing ka potlako - ha o tlamme lebanta - o notletse le mamati, senokwane se ka nna sa hloleha hobane o ke se kgone ho tswa ka ka potlako.
Itshihele sebaka.
Ha ngata koloi e ka pele ke yona eo ba e tobang, empa le e latelang le yona e ntse e ba kotsing hobane nakong eo ba amohang o mo latelang koloi, wena o tla tlameha ho baleha.
Ho molemo ho itshihela sebaka se lekaneng hore, ha ho hlokahala o e tsokolle, o je fatshe.
Utlwisisa maemo
Ha o qala o baleha, ba ka nna ba o thunya. Empa he dinokwane tse ngata ha di nepe ha di thunya, ka hoo, ho ba hole le yena ho ka o etsa o bolokehe, ho bolela MacYoung." Hape ha ho bobebe ho thunya a ntse a qoba hore dikoloi di se mo thule.
Sa bohlokwa le ho feta, ho bolela yena MacYoung, "menyetla ya ho pholoha, e ba menyane haeba ba hlile ba o kwaletse hukung, empa haeba ba ntse ba o thunya o matha, o ka nna wa pholoha."
Ha se ntho e monate, ke yena eo, empa he ke yona tsela ha o tobane le lefu."
Qamaka
Ha o tlo tla kena lapeng, qala ka ho qamaka hohle pele.
Ha o bona motho o sa mo tshepeng, feta.
Haeba o tlo kena koloing moo o e pakileng teng, o bona se sa o kgotsofatseng, iphapanye, o etse ekare o ne o sa tle koloing hobane ba tla o tshwara le pele o e dumisa.
Ditsebi di bolela hore o ka fokotsa ho kwetelwa ha koloi ya hao ka 90 lekgolong ha o ka itlwaetsa ho qamaka.
Lahla dinotlolo tsa koloi.
Haeba o hlaselwa le pele o kena koloing, lahlela dinotlo lehlakoreng le leng mme wena o lebe ka nqa e nngwe.
"Senokwane jwale se tla tlameha ho kgetha pakeng tsa hao le koloi. Ha a lelekisa wena, ho a totobala jwale hore o ne a sa batle koloi. Sena se o bontsha kotsi eo o leng ho yona," ho bolela MacYoung.
Ba nehe seo ba se batlang.
Haeba ba o hlaha lesumatha, o sa lebella, se ka pheha kgang, ba nehe dinotlolo!
Ya ho qetela...
Hlokomela, se ka ba dumella hore ba o nkelle le koloi...
Seo hape se a o bontsha hore ba ebe ba sa batle thepa ya hao feela. Ditsebi di re ha ba o kwetetse le koloi, o na le menyetla e meraro lekgolong ya hore ba o siye ba sa o ntsha kotsi
Ha ba leka ho o kenya koloing ka kgang, o tlameha ho lwanela lefu le bophelo, o itasolle, o etse lerata. [s]
Ho tlameha ho shwa
ba bakae
pale ka JOHN GUMEDE
Itshireletse ho bakwetedi ba makoloi
BONA SESOTHO - December 2007
u
Lucky Dube, bophelong ba hae o ne a bitswa Mr Reggae wa Afrika Borwa, e le sebini se mafolofolo ha se bina sebayeng, tse ding tsa dipina tsa hae ke Prisoner, Slave, Taxman le Together As One, tse neng di ratwe haholo ke ba neng ba kgethollwa. Athe lefu la hae lona, le ekeditse dipalopalo tsa mahlatsipa a dinokwane tse sa hlompheng bophelo ba batho ba bang...
t
BONA SESOTHO - December 2007
Se dumelle bakwetedi ho o kenya koloing ka kgang
Ho wele mohale
E ne e le ka dinako tsa bo hora ya borobedi ka phirimana ya Labone la mohla la 18 Mphalane, ha Lucky Dube a bona banna ba babedi ba tla ba mo tobile nakong eo a neng a theola morahae ha malomae mane Rosettenville, ka borwa ho Joburg.
Ka ho ya ka ya iponetseng ka mahlo, e mong wa banna bana o ne a bule lemati la koloi ya Dube mme a thunya sebini sena sa matjhaba habedi. Dube o ne a kgone ho tlosa koloi sebakana, empa a hloleha ya tswa taolong ya thula sefate, e leng moo moya wa hae o neng o tswele teng.
Dube, o hlahile mohlala 3, Phato 1964, Ermelo, Mpumalanga, a simmolla ho ba sibini ka 1979, a bina mmino wa mbhaqanga. Ka mora dialbamo tse hlano - a tjhentjha mawa jwale, a fetola le tsela ya bophelo a kena mminong wa reggae.
E bile e mong wa dibini tse tummeng, dikonsareteng tsa hae ho ne ho kgobokana batho ba ballwang ho 50 000 kwano le matjhabeng.
Dube o hlokahetse a se a na le dialbamo tse 22 - tsa Sezulu, Senyesemane le Seburu - haesale a thabisa matshwele.
Dube o sihile mohatsae Zanele le bana ba hae ba supileng - Bongi, Nonkululeko, Thokozani, Laura, Siyanda, Philani le Melokuhle ya dikgwedi di tharo.
