Kopo ya phemiti ya bao ba batlang tshireletso ya s
Re a tsotella Re ya ikamahanya Re ya sebeletsa
Ditshebeletso tsa batho
Ditshebeletso tsa Mekgatlo
Ditshebeletso tsa dinaha tsa ka ntle
Kgetha puo
Kopo ya phemiti ya bodulo ya saruri baphaphathehi
Kopo ya phemiti ya bao ba batlang tshireletso ya s
Dintlha tsa boikgethelo
Hatisa leqephe lena
Romela leqephe lena ka e-mail
Iteanye le rona
Mmapa wa saete
Leqephe la ho qala
Ditshebeletso tsa dinaha tsa ka ntle
Ho kena kapa ho etela Afrika Borwa
Ditshebeletso tsa baphaphathehi
Kopo ya phemiti ya bao ba batlang tshireletso ya s
Kopo ya phemiti ya bao ba batlang tshireletso ya sepolotiki
Mehato e latelwang
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona
Kopo ya tshireletso ke kopo e etswang ke mokopi hore a nkuwe jwalo ka mophaphathehi.
Motho ya batlang tshireletso ke motho ya balehileng naheng ya habo ka tshabo ya ho qoswa (phedisano, setso, dipolotiki, bodumedi kapa le ona moruo), mme a batla hore a nkuwe jwalo ka mophaphathehi - nqeng ena mona Afrika Borwa. Mokopi o dula a ntse a le motho ya kopang tshireletso ya sepolotiki ha ho ntse ho elwa hloko kopo ya hae.
Motho ya batlang tshireletso o nehwa asylum transit permit e ke keng ya ntjhafatswa makenong a Afrika Borwa (moeding wa naha, boemafofane kapa koung). Phemiti e sebetsa bakeng sa matsatsi a 14mme e dumella monga yona hore a itlhahise ofising e haufi ya baphaphathei e leng Refugee Reception Office (RRO) hore a ilo etsa kopo ya tshireletso.
Mophaphathehi ke motho ya fuweng boemo ba tshireletso ka ho ya ka Molao wa Baphaphathehi, wa 1998.
Hodimo
Mehato e latelwang
Motho ya batlang tshireletso, o etsa kopo ka boyena ofising e beuweng ya baphaphathehi e leng RRO, moo tla etsuwang ho latelang:
o ho lekolwa mokopi pele o ho nkuwa dikgatiso tsa menwana ya mokopi o ho fumanwa toloko (ha ho hlokeha).
Puisano ya pele e tsamaiswa ke Mohlanka wa Kamohelo ya Baphaphathehi e leng Refugee Reception Officer e be ho tlatswa foromo ya BI-1590.
Phemiti ya motho ya batlang tshireletso e ya hatiswa, e saenwe, e kengwe setempe e be e fuwa motho ya batlang tshireletso.
Phemiti e sebetsang bakeng sa matsatsi a 30, e tla dumella motho ya batlang tshireletso ho dula mona Afrika Borwa nakwana. Phemiti e ka atoloswa hape bakeng sa matsatsi a mang a 30 e be ka mora moo dikgwedi tse tharo.
RSDO o tswela pele ka hlahlobo ya kopo mme a etse qeto mabapi le kpo ya tshireletso.
Ha a ka fuwa tshireetso(ke hore, kananelo e ngotsweng fatshe ya boemo ba bophaphathehi), mophaphathehi o lokela ho etsa kopo ya smart card ID ya baphaphathehi ho RRO ofe kapa ofe matsatsing a 15.
Boemo ba bophaphathehi bo nka dilemo tse pedi, empa mophaphathehi o lokela ho ngola lengolo a kope tekolo botjha kapa katoloso ya nako ya boemo ba bophaphathehi dikgwedi tse tharo pele ho nako ya ho fela ha boemo boo ba bophaphathehi.
Hodimo
Molao o sebediswang
Ditokomane di fuwa ka tsela ya PDF, ho bula ditokomane tsa PDF o tshwanela o be le Adobe Acrobat Reader 4 kapa hodingwana e kentsweng ho khompyuthara ya hao.
Prothokholo ya 1967 e amanang le Boemo ba Baphaphathehi
Hodimo
Maemo a tshebeletso
Dikopo di ka nka dikgwedi tse tsheletseng.
Hodimo
Ditjeo
Tshebeletso ena ke mahala.
Hodimo
Diforomo tse tlatsuwang
Hodimo
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona
Letsatsi la ho qetela leo dintlha di lekotsweng butjha ka lona:
Iteanye le rona
Mmapa wa saete
Dipehelo le maemo a tshebediso
