sotho.747.yourfamily_decor
Futhumetsa lelapa la hao
Futhumetsa lelapa la hao mariheng ana ka dikeletso tsena tse bonolo
HA HO qala ho phola feela kantle, re tena diaparo tse futhumalang ho iphuthumetsa. Empa na o kile wa nahana ho futhumetsa lelapa la hao mariheng ana a batang-
Ha ntlo ya hao e kganya ebile e otla moya, ha e no shebahala e phodile feela empa ho tla bata le ka hare ha o kena. Ka lehlohonolo ho futhumetsa lelapa la hao dikgweding tsena tse batang tsa mariha, ha ho bolele hore o tla bula akhaunto e nngwe ya fenetjhara!
Ke ena mekgwa e mehlano ya ho futhumetsa lelapa la hao mariheng ana:
1 ALA FATSHE: Ke nako e ntle ya ho kgutlisa dimmata tsane tse mofuthu haholoholo ha o kentse dithaele fatshe. Mmala wa khaphete ya hao o tla ya ka hore o rata mebala efe. Mebala e lerotho e ka nna yaeba metle ha e dumellana hantle le fenetjhara ya hao - ho bonolo ho e hlwekisa le ho e tshwara. Leha khaphete ya hao e sa kwaele ntlo kaofela, empa e tla thusa ho e futhumetsa.
2 DINTHO TSA HO KGABISA: Dikhushini le ditjale tse nyenyane tsa ho kgabisa disofeng le dibetheng, le tsona di futhumetsa ntlo hantle ha di ena le mebala e metle ya mariha. Kgetha dikhushini tse mebala e metle mme o tswake le masela a fapaneng o kgethe ditjalana tse tla tshwantshetsana le tsona. Ha ho hlokahale hore o kgethe mebala e lerotho hobane e kganyang jwalo ka wa lamunu le o motala e ka etsa hore o ikutlwe o ntjhafetse moyeng mme hape di tla dumellana le nako ena ya selemo.
3 Atametsa dintho: Ho etsa hore ditulo di atamellane di tlelelle tafoleng, ho futhumetsa ntlo.
4 KGantsha dikerese: Tjhentjha lephoka la ntlo. Ba bangata ba rata ho nkgisa ha monate ka matlung mme ho na le menko e fapaneng e monate mabenkeleng a mangata. Mehlala ya menko ya mariha ke e kang wa cinnamon, mokopu o nang le dinoko le o kang bohobe ba kgemere.
5 difestere tsa hao: Dikgareteine tsa lesela le boimanyana di ka futhumetsa ntlo ka dinako tsohle. O ka phomotsa dikgareteine tsa hao tsa lesela la voil kapa la organza ka la velvet. Leha ho le jwalo sena se shebahala hantle haholo ka tlung e bulehileng! [s]
Setaele: Pamella-Rose Mlandu Ditshwantsho: Roelene Prinsloo
LELAPA LA HAO
Dikha-phete di tla etsa ntlo ebe mo-futhu
Pele
