sotho.723.triviajun
maqephe a boithabiso a
BONA SESOTHO - June 2007
Dikgaketlana tsa mahe di thata. A ko nahane haeba lehe le ne le na le kgaketlana e bonolo! A ko leke se latelang... Seo o se hlokang:
1 lehe le bedisitsweng
1 kopi asene
kgalase kapa jeke e kganyang
Mokgwa:
Tshela 1 kopi asene jekeng
Kenya lehe ka aseneng letsatsi lohle
Le ntshe o le utlwe.
Ho etsahetse eng:
Kgaketlana e na le calcium carbonate e leng yona e etsang kgaketlana e be thata.
Asene ke acid e bitswang acetic acid.
Ha calcium carbonate (kgaketlana) le acetic acid (asene) di kopana, ho tswa carbon dioxide.
Ha o qala o kenya lehe ka aseneng, o tla bona dipudulana - dipudulana tseo, ke yona carbon dioxide.
Sena se tla tswelapele ho fihlela carbon eo e fela moo kgaketlaneng - e leng se ka nkang letsatsi kaofela.
E tla re ha o ntsha lehe ka aseneng, kgaketlana ya lona e tla be e le bonolo hobane carbon e tla be e tswile le dipudulana.
A ko leke sena...
Tlohela lehe leo tafoleng letsatsi lohle hape, boela o le utlwe hape.
Le thata!
Calcium e setseng kgaketlaneng e boetse hape ya monya carbon dioxide eo re e hemang.
Kapa...
Se etsang masapo a rona a be thata" Ho lokile!
Calcium carbonate - yona ena e thatafatsang kgaketlana ya lehe.
Ka hoo, a ko leke sena - o tla makatsa metswalle ya hao...
Nka masapo a kgoho o a kenye ka hara asene letsatsi lohle. O tla a ntsha moo a le bonolo jwalo ka lehe lane.
O ka kgona ho a tlama mafito jwalo ka kgwele.
Ha o ka a tlohela moo tafoleng hape, nako e lekanang le ya pele, a tla ba thata hape!
Etsetsa bomphato ba hao sena sekolong, ba tla o makalla!
Ba bolelle he hore ba bale BONA!
MAKATSA METSWALLE YA HAO!
mme a di-lobsters ona a bolou.
MADI a diphoofolo a mafubedu...
a dikokonyana a be masehla...
GREAT STOCK!
Thaba e phahameng ho feta tsohle Afrika
Kilimanjaro ke thaba e ka leboya botjhabela ho Tanzania. E ne e bakwe ke bolekano mme tlhoro e phahameng ho feta ho yona ke Uhuru Peak.
E bophahamo ba 5 895m mme ke yona e phahameng ho di feta Afrika. Ka lebaka la maemo a yona, esitana le bophahamo ba yona, batho ba e nyolosang, ba ka kopana le mefuta yohle ya maemo a lehodimo pele ba fihla ka hodimo.
BONA
Mefuta ya dimela tse fumanehang thabeng ya tafole e feta e fumanehang United Kingdom ka e 1 470 kaofela.
Sohle...
... ka kubu
Ka Senyesemane e bitswa "hippopotamus" e leng lebitso la Sekiriki le bolelang "pere ya nokeng."
Dikubu di dula ka dihlopha ho fihlela ho tse 40. Di bitswa jwalo ka dikgomo hantle e tona le e tshehadi, le ledinyane la yona ke namane.
Di phela dilemo tse ka bang 40 ho ya ho tse 50.
Di bolelele ba 3,5m le bophahamo ba 1,5m, ha boima ba tsona bo ka fihlella ho 3 200kg.
Leha di le kgolo hakalo, empa di ka matha ho feta motho jwalo ka ha di ka mathata ka lebelo la 30km/ sebakeng se sekgutshwane.
Mahlo, ditsebe mmoho le mahanana a hodimo hloohong kwana. Ke ka hona di kgonang ho qeta nako e telele di le metsing ho iphodisa.
Hape ho itshireletsa mahlaseding a letsatsi, mmele wa tsona o ntsha lero le lefubedu. Ba bang ba qetella ba re e fufulelwa madi, empa ha ho jwalo.
Dikubu di fula haholo busiu jwanng bo etsang 50kg ka letsatsi.
World Conservation Union e boletse ha diphoofolo tsena le tsona di se di le lenaneng la tse fokotsehang ka bongata ka Motsheanong 2006.
NA O NE O TSEBA" Ba tsa tlhaho ba ne balla dikubu sehlopheng sa dikolobe. Tse ding dipatlisiso di bontshitse ha dikubu di atamelane haholo le maruarua le di-dolphini!
Thatolla
Hlahlamanya mantswe ana.
GREAT STOCK!
BONA SESOTHO - June 2007
Dihlekehleke tsa Canary ha di a rehellwa ka nonyana. Lebitso lena ke phetolelo ya sejwalejwale ya lebitso la Selatini Canariae Insulae - Sehlekehleke sa dintja.
Lengau ke yona feela katse e sa kgoneng ho honyetsa dinala tsa yona.
maqephe a boithabiso a
BONA SESOTHO - June 2007
Dipapadi tsa mefutafuta
HO TLOLA!
Sebaka se selelele ho feta se kileng sa tlolwa ke senqanqane ke 10,3m. Sebaka sena se ne se tlolwe ke senqanqane se neng se bitswa Santjie se neng se hape tlhodisano ya tsona e neng e tshwaretswe Paulpietersburg mohla 21 Motsheanong, 1978.
Bakeng sa titjhere
DINAHENG tse ding tse kang USA, apole e kgubedu ke mpho ya setso bakeng sa titjhere ya hao. Ke ntho e sa leng e qala dilemokgolong 18. Ka nako eo, matitjhere a ne a lefuwa hanyane haholo, ka hoo, batswadi ba ne ba a tshedisa ka ho a fa dijo. Hobane diapole e ne e le tsona dijalo tse neng di tlwaelehile, baithuti ba ne ba fa matitjhere tsona. E ne e re ha meputso e ntse e nyoloha, le dimpho tsena jwale tsa fokotseha, ya ba apole e le nngwe feela.
GREAT STOCK!
Bontsha tsebo ya puo ya hao. Setshwantsho ke mohlala. Ke eng lebitso la seo o se bonang"
BONA
Lord Byron ke seroki sa lekgowa se neng se kgathatsehe ke lefu la ntja ya sona mme sa ba sa qetella se ngotse thothokiso ena lebitleng la yona: "Beauty without vanity, strength without insolence, courage without ferocity, and all the virtues of man without his vices."
Anaconda, ke e nngwe ya dinoha tse kgolo lefatsheng tse tswalang, bakeng sa ho behela.
Masapo a leeba a bobebe ho feta masiba a lona.
Bopa lentswe
Bopa mantswe a Senyesemane a tlhaku di nne kapa di hlano ka mantswe a ka hodimo. Tlhaku e kgubedu e tlameha ho sebediswa lentsweng ka leng, e be bohareng. A ko iteke, o bone. Tlhaku ka nngwe e sebediswe ha nngwe feela.
Marangrang a ditshwantsho
GREAT STOCK!
Blue whale ke yona phoofolo e hwelehetsang haholo ho feta tsohle lefatsheng. Lentswe la yona le ka fihlela ho 188 decibels. Se makatsang ke ho fetisisa ke hore phala e utlwahala dikilomitara tse diketekete ka metsing
BONA SESOTHO - June 2007
Setshwantsho ka seng ke mohlala wa seo o tlamehang ho se ngola dikgeong.
