sotho.717.glenryck
Na o ne o tseba-
Kotikoti ya tlhapi ya Glenryck Pilchards e tletse phepo ya tlhaho e phethahetseng ho balellwa le dioli tsa Omega 3, calcium le diproteine tse tala bakeng sa mesifa e phetseng hantle le mmele e shahlileng! Lelapa le hloka tsena letsatsi le letsatsi hore le dule le phetse hantle mme ha ho dijo tse monate tse bileng di fumanehang ka bonolo jwalo ka tlhapi ya Glenryck!
Bula feela kotikoti ya Glenryck e bulehang ka bonolo mme o natefelwe ke tlhapi ena e monate, e le seneke kapa e sebedisitswe resepeng e nngwe eo o e ratang. E fumaneha e na le tamati kapa e baba, empa tatso ya yona e monate ha e a tjhentjha hohang!
GLENRYCK SUMMER SALAD
Etsa hore tlhapi ya Glenryck e be karolo ya phepo ya ba lelapa la hao. Ke mokgwa o motle wa ho ba boloka ba phetse hantle mme ba bile ba le mmele e metle!
E fepela ba 4
2 ditapole, tse bedisitsweng tsa kgabelwa
2 ditamati tse kgabetsweng dikotara
10 dilae tsa cucumber
4 spring onions, tse kgabetsweng
250g string beans, tse bedisitsweng
20ml sunflower oil
20ml asene e tshweu
letswai
ground pepper bakeng sa tatso
1 x 215g kotikoti ya Glenryck Pilchards, e minyolositsweng
parsley, e kgabetsweng
1. Tshela ditapole ka sejaneng se seholo.
2. Tshela tamati, cucumber, spring onions le string beans. O di behe ka thoko.
3. Kopanya sunflower oil, asene, letswai le pepere lehlakoreng. Di kopanye hantle.
4. Tshela dressing hodima salate, o kopanye. Tshela parsley ka ho rata ha hao.
5. E fepele mmoho le tlhapi ya Glenryck Pilchards le bohobe.[s]
Bakeng sa ditlhalosetso tse ding ka kotikoti ya Glenryck kapa o batla diresepe tse ding, eya ho: www.nola.co.za
Phepo e
babatsehang
kotikoting ya tlhapi ya Glenryck
