sotho.716.gogo
BATHO BA RONA
E ka nna yaeba e mong wa batho ba baholo ho feta lefatsheng empa nkgono o sa ntse a le matla mme ha ho pelaelo hore a ka nna a keteka dilemo tse ding tsa tswalo... Pale le ditshwantsho ka Sidwell Guduka
NKGONO Mannakoe Makobane, wa Tambo Section, haufi le Senekal mane Foreistata, ke e mong wa maqheku a lefatshe, ka ha o tla ba le dilemo tse 106 ka Phupu. O bile o bonahala a sa ntse a tla keteka tse ding hape!
Nkgono Mannakoe o na le bana ba robedi, bao ba babedi ba bona ba seng ba hlokahetse, ditloholo tse 38 le tloho-tloholwana tse 46. O re o bone dilemo tsena hobane a hotse a hlonepha baholo ba hae a bile a eja dijo tse nang le phepo jwalo ka meroho le ditholwana.
"Ke eletsa batjha ho etsa jwalo. Tlhompho e thusa hore o phele halelele," ho bolela yena. "Ke boetse hape ke leboha Modimo ka tshireletso ya Ona. Ke ka lerato la Ona feela ke fihletseng dilemo tsena!" Nkgono Mannakoe ha a na mathata, o utlwa hantle hape o a bona, o mpa feela a hlotsa. Ha ho makatse mothong ya hlahetseng mahaeng a Winburg ka 1902!
Ha a kena sekolo, o ne a nyalwe ke mofu ntate Letsatsi ka 1933 - ya hlokahetseng ka 1993. "Bophelo ba mehleng ya rona bo ne bo le thata haholo, dilemong tsa bo 1930," o boletse jwalo. "Re ne re qale ho sebetsa re le banyenyane, re leshwa tjhelete e nyenyane haholo!
"Kgethollo e ne e re amohe menyetla ya thuto. Hona jwale ha ke tsebe ho bala le ho ngola. Batjha ba kajeno ba lehlohonolo haholo hobane ba na le menyetla yohle ya ho kena sekolo mme ba fumane mesebetsi e metle. Rona re holetse bofutsaneng bo tshabehang!"
Nkgono Mannakoe o re hohang ha a so ka a latswa jwala bophelong ba hae - mme ke ka hona a kgonneng le ho hola hakana a bile a phetse le hantle mmeleng le kelellong! [s]
BONA SESOTHO September 2008
Nkgono Mannakoe o re ha a so latswe jwala hohang bophelong ba hae - empa dipompong tsona ha a arohane le tsona!
O keteka dilemo tse lekgolo le metso a le mmoho le ba lelapa.
