sotho.703.Chichi
Ha ke so lokele dikamano tsa marato
SE RATWANG ke setjhaba ke ho ba le botsitso. "Ha ke tshwane le banana bana ba hlahellang maqepheng a kantle a dimakasine," ke yena eo. "Ke ngwanana ya tswang Alex, ya tsebang ditoro tsa hae, ya sa teleng pele a di fihlela."
Karolo e pele ya Zandi Msibi a e bapalang ho Generations e paka hantle hore o hlile o tsetlalletse ho fihlela ditoro tsa hae!
Zandi o qadile paleng ena ya marato selemong sena jwalo ka mothusi wa DJ ya radio eo e leng sefofu, Simphiwe Phosa (Mandla Hlatswayo). Jwalo ka ha a bonahala a ntse a ntlafala, seo se tla etsa re bone yena Zandi, Simphiwe le mohatsae Lumka ba tlohela Generations mahareng a 2006.
Dibapadi tse kang Mandla le Mmabatho Montsho (Lumka) ba se ba netefaditse hore ba a tlohela ka Phupjane, empa Chichi yena ha a ya rata ho hlakisa ya hae taba.
O ne a amohele hore karolo eo ya Zandi ha se e tla nka nako e telele. Ngwanana enwa ya dilemo di 24, o rata ho bontsha bokgoni ba hae ka pela khamera.
"Jwalo ka ngwana ya holetseng Alex, le nna ke hotse ke shebella dipale tse kang The Bold and the Beatiful kamehla," ke yena eo. "Dipale tse kang eo, di ne di le mokgelo ho seo ke neng ke se tseba. Ka tsatsi le leng Ridge o ne a bitsetse mothusi wa hae kantorong eo e neng e le ngwanana wa motho e motsho. "Le nna ke ne ke ikemisetse ho etsa mosebetsi oo ha ke se ke hodile."
"Ke bile lehlohonolo hore le nna ke sebetse le batho ba nang le boiphihlelo ha ke le ka pela khamera kapa ke se ka pela yona.
"Ke ne ke tumme ka nako eo," ke yena hape. "Ha ke sa tsetlallele katleho ka bophelo ba ka, ke mang ya tla nketsetsa seo""
O NE a tlohe ho Backstage ho, e-tv a tla paleng ena e ratwang.
Diteko tsa Generations lehlabuleng le fetileng e ne e le selelekela. "Ke ne ke qale ka leka karolo ya ho ba mme ya sebetsang ka lapeng, empa bahlahise ba bolela hore karolo eo e ne e sa ntokela," ho rialo Chichi.
Ba ne ba nnehe karolo ya Zandi mme ka e nka.
"Karolo ya Zandi e ne e na le maima le manolo, mme e nketsa ke iponahatse. E tla re ke e qeta, ke tla be ke se ke le malala-a-laotswe bakeng sa mesebetsi e meng."
Chichi ha a rate ho bua haholo ka tsa bophelo ba hae.
O dula mane Sandton le ausiae Finky ya dilemo di 21, kgaitsedi ya hae Tumi e etsang materiki ha jwale mmoho le katse ya hae, Tuna.
O qeta letsatsi lohle a le ha SABC mme ka phirimana o qeta nako e ngata a bala dikarolo tseo a ilo di bapala.
Le Tumi o a dumela hore ausiae o maemong a hodimo, empa o re o a makala hobaneng a sa intshe le e mong wa bomphato ba hae ba lakatsang ho mo ntsha.
"Ke rata hore Tumi a tsebe hore eo ke tshenyo ya nako," ke yena eo. Ha ke so lokele ho kena dikamanong tsa lerato ha jwale, ke o fe molemo wa hore ke nne ke be le nako ya masawana"
"Ntho eo ha e mphe phomolo - e ntetebetsa maikutlo. Ha ke e rate taba ya hore ke be ntho ya ho intsha le monna ya ikutlwang a na le tjhelete e ngata ya ratang ho e ja le banana.
"Ke ne ke iketsetse tjhelete ya ka ho tloha bongwaneng ba ka, ka hoo, ha ke rate ho nna ke ba popi ya bo maikgona bana ba banna ba nang le ditjhelete tse ngata esitana le dikoloi tse pele.
"Ke dutse ke kopana le banna ba jwalo. Ha ke seo ba nahanang hore ke sona.
"Teng ke a lakatsa ho fumana mohlankana ya nepahetseng eo ka le leng nka nyalanang le yena, empa he ha ke a tata.
"Di anetse ha jwale dintho tseo ke di etsang jwalo ka mosadi le sebapadi sa dipale."
CHICHI ke ho phahameng ho lentswe le monate, empa dikgweding tseo a neng a hasa lenaneo la manyalo, le bitswang The Wedding Show, o ne a bone hore ho bobebe jwang hore letsatsi la hao la lenyalo le o sulafalle leha dikhamera tsa TV di le etsa e be ntho e kgolo mme batho ba bangata ba be ba ekehe ba rate ho kena manyalong.
"Teng ke a dumela hore ke na le toro ya ho fumana mohlankana ya nepahetseng eo ke tla kena lenyalong le yena," ke yena eo.
"Ke rata diketswana le difofane, le mohla tsatsi la lenyalo, ke rata ho nyallwa sehlekehlekeng, ke fihle teng ka seketswana mme re fofe ka sefofane ho ya moo re tla phomola teng ka mora lenyalo.
"Ha ke no hloka dikhamera tsa TV - e tla ba metswalle le malapa a habo rona feela ba tla keteka monate wa lerato leo la rona." [s]
BONA SESOTHO - June 2006
Ke rata difofane le diketswana!
"Ha nna ke sa ikemisetse, ke mang ya tla nketsetsa dintho"" ho bolela Chichi. (Mose le masale: Ruby In The Dust; dieta: Europa Art; reng: ke ya Chichi.)
Chichi Letswalo o na le ditoro mme bophelo ba hae bo a atleha...
pale ka DOUG GORDON
ditshwantsho ka PETER WHITFIELD
mekgabiso ya sefahleno le moriri ka NTHATO MASHISHI
setaele ka MARINA WALSH
Diaparo tsa setshwantsho sa kantle: baki le masale:
Vushca Boutique
10 ya tseo o sa di tsebeng ka Chichi
1. O rata ho nwa tee ya ha Lipton ya vanilla le caramel.
2. O rata ho qoqa mohaleng le Inky, motswallae ya dulang Detroit.
3. O rata jazz le terompeta.
4. O rata senyanyatsi sa Prada.
5. O dula le ausiae le kgaitsedi ya hae, o etela mmae kgafeta.
6. O rata ho pheha tlhapi, pasta le di-curry.
7. O rata ho intshetsa lewatle le mabenkeleng a dijo tsa maemo moo ho nang le batho ba lerato le mabenkele a mang a matle le dintho tse ding tse ntjha!
8. O ikwetlisa ka ho matha hora ka letsatsi.
9. O tshaba ho nyalwa ke monna ya sa lokang.
10. Monna eo a tla ratana le yena e lokela ho ba ya ratang boswaswi mme a rate ho tsheha.
- Patricia McCracken
BONA SESOTHO - June 2006 21
"Ha ke so batle dikamano tsa lerato ha jwale..." (Diaparo le dintho tsa ho ikgabisa: Vushca Boutique.)
"Ke lakatsa ho fumana mohlankana ya nepahetseng"
t
BONA SESOTHO - June 2006
