sotho.699.soccer
Se ingama-ngameng
BOLO
Thando Mngomeni
(Wa Mamelodi Sundowns)
Nna ke nahana hore ena ke nako ya ho phomola, o be le ba lelapa le metswalle.
Papading teng, ke rata hore ke ntlafatse papadi ya ka mme ke bapale kgafetsa sehlopheng sa ka mme ke qetelle ke kene le ho sa naha.
Nna ke nahana hore ho bapalla Bafana Bafana ke ntho eo o sa tlamehang ho e tatela, ke ntho e iketsahallang. O tlameha ho bapala ka bokgabane, kgafetsa, sehlopheng sa hao, mme ka ho etsa jwalo, ke tshepa hore mokwetlisi a ka kgahlwa ke nna.
Doctor Khumalo
(Naledi ya bolo ya SA)
Nna ke lakatsa ho ba le nako le lelapa la ka. Ena ke yona ntho ya bohlokwa ho nna. Ha ke fumane nako e anetseng ya ho ba le mohatsaka le bana hara selemo, ka hoo, Keresemese ke nako ya bohlokwa ho rona.
Ha ke na taba le dimpho, ha fela ke bile le lelapa la ka, ho fedile!
Gordon Igesund
(Mokwetlise)
Nna ka bonna ke nahana hore Keresemese ke nako ya ho ba le lelapa.
Bolong teng, ke nahana hore ke tla be ke ntse ke kwetlisa Maritzburg United mme ke tshepa e tla qeta loko e le hara tse pele ho PSL.
Hape ke nahana hore Bafana Bafana e tla bapala betere ka 2009. Ke rata ha batho ba ka kopana, ba be ngatana nngwe naheng ena. Batho ba mona, ha ba tshehetse sehlopha sa naha.
Bafana ha e hlontjhwe lefatsheng ka bophara mme ke rona ba tlamehang ho kgutlisa seriti seo. Re ke ke ra se fihlela seo haeba re sa ikemisetse. Re dutse re ingamangama ka ntho e siyo.
Gavin Hunt
(Mokwetlisi wa bompodi SuperSport United)
Nna ke na le dintlha tse tharo ka Keresemese! Mathwaso a selemo se tlang, e tla be e le mosebetsi o boima wa ho phethela selemo sa bolo, mme ke tshepa hore re tla kgona ho sireletsa sekola sena sa rona. Nka thaba ha re ka kgona ho bapala ka tsela eo re neng re etsa ka yona ngwahola. Nka thaba ha re ka kgona ho se lahlehelwe ke ntlha dipapading tsohle."
David Thidiela
(Monga sehlopha se rathilweng ke selepe Black Leopards, e ikemiseditseng ho kgutlela ho PSL)
Nna ke lakatsa hore batho ba se ke ba kganna ba nwele ka nako ena ya Keresemese. Ke rata hore batho ba keteke ba ntse ba hlokometse ho se phatsamise ba bang.
Le ka 2009, ke kopa Maafrika Borwa hore a tswelepele le ho tshehetsa bolo. Selemong se tlang ke mohope wa Confederation mme ka 2010 ke o moholo. Kgale re e emetse, e se e fihlile jwale. Mohope wa Lefatshe o fihlile! Ha re pokoleng kaofela re weleng temeng, ho tseba mang, ho teng seo re ka se fihlelang mona.
Jerome Damon
(Moletsaphala wa Afrika Borwa wa Mohope wa 2010)
Ke rata ha moradinyana wa ka a ka hlaha ka nako ena ya Keresemese - jwalo ka ha e le nako ya hae. Ke nahana hore ke tla kgona ho fumana ba lelapa la ka ditekete tsa mohope ona hore ba tle ba kgone ho bona papadi eo ke tla beng ke e bapadisa. Ke rata hape ho bapadisa le tse ding tsa dipapadi tsa Confederation Cup ka Pupjane selemong se tlang mona Afrika Borwa.
Stanley "Screamer" Tshabalala
(Mokwetlisi wa mehleng wa Bafana, ha jwale o ho SAFA)
Nakong eo o tla beng o bala pale ena ka yona ke tla be ke phomotse le lelapa la ka Mauritius.
Ke tshepa hore 2009 e tla qala hantle jwalo ka ha sehlopha sa U20 se tla be se bapala mohopeng wa African Youth Championships mane Rwanda ka Pherekgong le Hlakola.
Batho ba dutse ba bolela hore ha ho tswelopele bolong naheng ena, empa re bontshitse hore seo ha se nnete ka se fihletsweng ke sehlopha sa U20. Ke se ke emetse ho boha ha ngwale e kgiba.
Pitso Mosimane
(Motlatsi wa mokwetlisi wa Bafana Bafana)
Nna ke rapella hore re fumane sehlopha se betere bakeng sa mohope wa Confederation.
Ke lakatsa hore ka 2009, dibapadi tsa rona di se ke tsa lemala. [s]
Pale: Mark Gleeson
Ditshwantsho: GALLO
Dinaledi tsa rona tsa bolo di re bolella ka moo di ikemiseditseng ka teng ho keteka Keresemese mmoho le Selemo se setjha...
