sotho.693.lobola_2
Ha re ntsha bohadi ba tjhelete
BONA E A FUPUTSA
ZWELIBANZI Damba ya dilemo di 29 wa Kapa, o ikemiseditse ho ntshetsa moratuwa hae mahadi ka moetlo wa Sexhosa.
Ka molao, mahadi e ba dikgomo tse boya, empa Damba yena o ntsha tsa pokotho, ke bolela tjhelete. Ka mora hore malapa a thulane ka dihlooho, ba ne ba dumellane ka R40 000.
Damba ha a dumellane le batho ba bolelang hore moetlo ona wa mahadi o a fela. O re ha ho se setjha ka ho nyala ka tjhelete.
O bolela hore ho thusang ho nyalla batho ba dulang ditoropong ka dikgomo tse boya hobane ha ba di hloke, hape ha ba na masaka.
"Ho ka etsahala nakong e tlang ho nyalwe le ka dintho tse kang dikoloi le ditaemane," ho bolela yena Damba.
Bona hona jwale, matsatsing ana batho ba se ba bitsa dintho tse kang ditofo, dihatsetsi le Di-tv.
Ha ke bone mathata ha moloko le moloko o boloka moetlo mme o etsa diphetoho mona le mane hore o dumellane le maemo a bona a bophelo, empa eba e nngwe taba ha moetlo o se o fetolwa phoqo, o fetolwa kgwebo. Re ka etsa mohlala ka Keresemese - ena ke nako ya tswalo ya Morena Jesu, ha e a lokelwa ho fetolwa nako ya kgwebo.
Ho etsahalang ka mahadi" Jwalo ka ha re tseba, sepheo ka mahadi ho tloha kgale, e ne le ho theha setswalle malapeng ka bobedi. Ka mantswe a mang, ke tsela eo mohlankana a lebohang ba bohweng ba hae ka yona ka ho mo hodisetsa mosadi.
Empa ho na le ba bolelang ha sepheopheo sa mahadi se fedile.
"E ne e le taba ya lelapa," ho rialo Professor Sheila Meintjies, titjhere ya tsa dipolotiki yunivesithing ya Witwatersrand ya kileng a ngola ka ditaba tse amang bong.
O bolela hore lenyalo e ne e le ho theha setswalle pakeng tsa malapa ana a nyallanang.
"Setswalle sena se ne se bolela hore ka dikgomo tsena, ba habo mohlankana, ba ne ba leboha ba habo ngwanana ka ho ba hodisetsa ngwetsi ya bona."
Empa Meintjies yena o bona e ka moetlo ona o fetohile.
O bona e ka ba habo mohlankana ba ebe ba reka ngwetsi.
"Ke bona e le ho reka motho," ho bolela yena, ke bolela hore ho tjhentjhiswa motho ka dikgomo mme matsatsing a kajeno, ho se ho ntshuwa tjhelete, ho lebellwe hore ngwetsi eo e ilo tsosa motse wa bohadi ka bana le ho sebeletsa lelapa leo kaofela.
"Sena se bolela hore dingwetsi tsena di fihla di sebetse ka thata bohadi ba tsona di sa le nyane - leha motho a se a na le bana, empa o ntse a tla sebetsa ka thata, a sebeletsa bana le monnahae!" ho rialo Meintjies.
Titjhere ya puo ya Sexhosa yunivesithing ya Kapa Bophirima, Nosisi Mpolweni, o re o ngongorehiswa ke kgahlamelo ya sena batjheng ba holang jwalo ka ha ba tobane le phephetso ya ho se tsebe meetlo.
O re, ha se toka hore banna ba nke lenyalo ekare ke ho reka mosadi eo o tla ba le tokelo ya ho etsa seo o se ratang ka yena. Seo ba ka beng ba se etsa feela, ke hore motho a ntshe mahadi jwalo ka teboho ho ba bohweng ka ho mo hodisetsa mosadi.
O re bothata bo boholo ke hore taba ena ya lenyalo e se e thuntheditswe haholo ke ntshetsopele ya ba basweu, e leng se theolang bohlokwa ba meetlo ya rona ya Seafrika ho tsa manyalo.
Ha se batjha bohle ba tshehetsang meetlo.
Nhlanhla Dlamini o dilemo di 25, o etsa dithuto tsa molao yunivesithing ya Kapa, o bolela ha yena a sa dumellane le taba ya mahadi hobane o e nka e le lenane leo lelapa le rekisang moradi wa lona ka lona.
"Ha ke dumele hore lerato le tlameha ho rekwa, lerato ke ntho ya mahala."
O bolela hore tjhelete e baka mathata le kgatello.
"Ha re etsa mohlala, ba bohadi ba ka tshwara ngwetsi ya bona hampe, ba e sotle, ba e sebedise ka thata hobane ba bolela hore ba e lefelletse dikgomo."
Mpolweni o bolela ha a bona kotsi tabeng ena. O bolela hore dingwetsi tsena tse iketsang bokgowanatshwana, tse sa utlwaneng le ho ntshetswa mahadi, di kotsing ya ho sotlwa ke banna.
Ke rialo hobane banna bana ha ba na ba hlompha hobane ba sa ba ntshetsa mahadi."
Empa bolella nna hore ena ke qaka e tla rarollwa jwang jwalo ka ha maemo a moruo a le mabe hakana" Batho ba tla ratana ho fihlela neng ba hloka tjhelete ya mahadi" Ba ba kae ba ikahelang metse ya bona ba itulele mmoho ntle le ho ntshuwa motse semolao ho latela moetlo"
Ke ka ona mokgwa ona he Meintjies a bolelang hore moetlo wa mahadi o se o lahlile sepheo sa ona, sa ho leboha ba bohweng ka ho o hodisetsa mosadi.
Meintjies o bolela hore molaong wa lenyalo la setho, ha ho moo ho buuwang teng ka tshireletso ya basadi ho hlekefetsweng ke banna ba bona, athe molaotheo wa naha ona o sireletsa ditokelo tsa basadi. Molao wa Domestic Violence Act wa 1998 o hlakisa hantle mefuta ya tlhekefetso eo basadi ba sireletswang ho yona, jwalo ka ya kelello, mmeleng esitana le moruong.
"Ha ho lepolesa kapa lekgotla la dinyewe le dumeletsweng hore le eletse mosadi ya tlalehang tlhekefetso leha e le ya mofuta o feng feela hore a leke ho buisana le monnahae hore ba lokise dintho jwalo ka lelapa, eo ke ntho e seng molaong leha ba bangata ba e etsa. Seo ba tlamehang ho se etsa, ke ho mo fumanela lengolo la tshireletso (protection order) kgahlano le molekane eo."
Batho bana ba nahanang hore basadi ke leruo la bona hobane ba ba ntsheditse dikgomo tsa mahadi ba fokollwa ke dikelello. Ekaba ke tsona dikgomo tsena tseo ba di ntshitseng tse etsang ba etse ka mokgwa ona"
Bongata bo a dumellana le sena mme ba ipiletsa hore ho kgutliswe seriti sa moetlo ona.
Mulalo Nemavhandu, wa Johannesburg Kara Heritage Institute, e kgothaletsang ntshetsopele ya meetlo ya Seafrika, o bolela hore sepheo sa moetlo ona ha se tjhelete, empa ke ho theha setswalle pakeng tsa malapa ana a mabedi.
Moetlo ona o fetohile mme batho le bona ka mathata a manyane feela, ba se ba hlalana, ha ba sa mamella manyalo a bona. Mehleng ya kgale, e ne e se ntho e bobebe ho hlalana.
Taba e nngwe ya ho qetela, e se re hobane o ntshitse dikgomo, wa nyala, o be se o nahana hore mosadi eo o se o mo ruile, ke leruo la hao, leo o ka etsang leha e le eng feela o e ratang ka lona. [s]
West Cape News
Pale: Brenda Nkuna
O NAHANANG"
Ekaba mahadi e sa le taba ya bohlokwa mehleng ya kajeno" Ekaba batho ba bitsa haholo kapa hanyane ka bana ba bona" Mona mahading o tlameha o be kgeleke dipuisanong tsa lona, ho seng jwalo, le tla jewa le shebile. Boiphihlelo ba hao bo reng ho tsa mahadi.
Re ngolle o fe maikutlo a hao tabeng ena: Aterese ke Mangolo ho Mohlophisi, Box 32083, Mobeni, 4060.
Ona e ne e le moetlo o motle wa bontatemoholo ka sepheo sa ho theha dikamano pakeng tsa malapa a nyallanang, empa kajeno dintho di fetohile, batho ba fetotse mahadi kgwebo. Na re ntse re etsa tsona kapa re se re tswile lekoteng tabeng ena ya mahadi" Re sa shebesisa taba ena
Nna ha ke dumele hore ho ntshuwe mahadi hobane lerato ke ntho ya mahala
