sotho.680.depression
Ho lakatsa
lefu
SARAH o ne a theohe mmeleng ka 20kg ka mora ho ba a pholohile mathateng a ho tetebela maikutlo. Mosadi enwa o ne a utulle neo ya Kelly Khumalo ka 2005.
E ne e le motho ya nang le maikemisetso bophelong, empa dintho di ne di fetohe mosading enwa ya dilemo di 31, Sarah Shongwe o ikemiseditse ka ho hong bophelong - ho thusa ba bang ka ho ba qoqela mathata ao a fetileng ho ona ka ho tetebela maikutlo.
"Ke ne ke thehe kgwebo ya ka ya ho hlophisa mekete ke le dilemo di 21 feela mme ka nyalwa ke le dilemo di 23. Dilemong tse mmalwa ka mora moo, ke ne ke kgone ho utulla neo ya dibini tse pedi, Elle le Kelly Khumalo.
"Motho o ne a ka mpona a nahane hore ke phuthulohile bophelong, athe ke na le kibikibi ya sephiri se neng se nntja.
"Ke ne ke se ke ile ka leka ho ipolaya makgetlo a mararo kaofela, mme lekgetlo la ho qetela, ke ka Motsheanong," ke yena eo. Ke a utlwisisa jwale hore hobaneng sena se ne se etsahala. Ke ne ke imetswe moyeng mme ka iqetella ka hore ke patele le batho ba atamellaneng le nna." O ne a qeta nako e ngata a robetse.
Nakong ya Dikgau tsa Mmino tsa Afrika Borwa, ka 2006, o ne a tshepise ho rokela Kelly diaparo tseo a neng a tla di apara jwalo ka ha a ne a etse ka 2005 ha a ne a mo rokela mose.
"Dintho di ne di fetohe matsatsing a mabedi pele ho mokete oo, ke ne ke tetebele maikutlo mme ka romella Kelly molaetsa wa SMS ke mo tsebisa hore ha ke a kgona ho mo rokela diaparo tsa hae, le hore nke ke ke tswelelle ho tsamaya le yena. Ke ne ke qete mafelo ao a beke ke le betheng, ke bile ke ikwahlaya ka ho phoqa Kelly."
Kamehla Sara o ne a dutse a kgathatsehile, a ipona a sa atlehe ho tsohle.
"Ke ne ke se ke inahanela lefu feela, ke batla mokgwa o bobebe wa ho ipolaya."
Ho ne ho fele matsatsi a mane a latelana a ntse a enwa dipidisi tsa boroko, a nwa tse tsheletseng ka nako e le nngwe. O ne a utlwa ho le boima ho tobana le mathata a bophelo. Ka mora matsatsi a mmalwa, o ne a fumane buka ya Pam Rosewell Moore, Finding Your Way Through Depression.
"Tlhase ya tshepo e ne e qale pelong ya ka ha ke ne ke ntse ke phetapheta buka ena," ho hopola yena.
Buka ena e ne e mmule mahlo. O ne a qale ho leka ho ipolaya a le dilemo di 12 feela.
"Ke ne ke tshaba haholo ho swabisa batswadi. Ke ne ke utlwa ho na le se neng se nkimela moyeng," o boletse jwalo a hopola tsa kgale.
O ne a tlwaetse ho tsosa bana babo ba babedi ha ba ya sekolong. Ka tsatsi le leng, ba ne ba selwe.
"Ke ne ke tsoswe ke vene ya ntate e se e duma lebaleng. Ke ne ke tshohile ke nahana hore o tla ntjhapa. O ne a ngale a tsamaya.
"Ke ne ke lebe kamoreng ya batswadi, ka fihla ka nka dipidisi ka di tlatsa letsoho, ka dinwa kaofela.
"Ka mora moo, ke ne ke tsamaye ka ya sekolong ntle ho mathata."
Ha a ntse a le moo sekolong, o ne a idibane, a utlwa ho le teng le se neng se mo kgwebetha ka maleng.
O ne a potlakisetswe sepetlele moo a neng a hlaphohelwe ka mora nako. "Batswadi ba ka ha ba a ka ba tseba se neng se etsahetse," ke yena eo.
"Ke ne ke lwantshane le taba ena ke le mong."
HO tloha bongwaneng ba hae, Sara o ne a ntse a ikgalala, a lwantshana le bophelo ba hae, ho rialo, Dr Jason Ross, eo e leng ngaka ya Sarah, ya ileng a bua le BONA ka tumello ya Sarah. Kgatello e kgolo e atile baneng matsatsing ana, ho rialo ba ha SA Depression & Anxiety Group (SADAG), mme sena se nyolotse palo ya bana ba ipolayang ba dilemo di 10 ho ya ho tse 14 habedi dilemong tsena tse 14 tse fetileng.
Mahareng a 2005, motswallae o ne a mmolelle hore o tetebetse maikutlo, ho rialo Sarah. "Ke ne ke na le wa ka moralo, ke ne ke sa rate ho ikimetsa ka o mong."
Sarah o ne a tshohe ha a ne a fumana molaetsa wa e-mail ho tswa monneng wa hae ya neng a sa nahane hore a ka mo romella molaetsa ha a nahana tsela eo a neng a se a mo sotlile ka yona. Monna enwa o ne a tletleba ka ka moo a sotlehileng ka teng moyeng ka lebaka la hae Sarah. O ne a qale jwale ho batlana le thuso mme ka Mmesa 2006, o ne a qale ho tsamaya dingaka.
"Ho ntlhalosetsa ha dingaka ka bohloko bona, ho ne ho etse hore ke phuthulohe moyeng, e leng ntho eo ke neng ke e qetele kgale," ke yena eo.
Sarah o a dumela hore nakong ena kaofela o ne a sa nepe hore o ne a jewa ke eng. O ne a ipona e le ntho e phelelang ho sotleha feela.
"Lehloyo leo ke neng ke e na le lona, le ne le etsa hore ke hloye ba bang!
"Ke ne ke halefela motho ohle ya neng a leka ho mpotsa letho ka sena. Ke ne ke dutse ke halefile.
"Ke ne ke kgella batho bohle ba neng ba atamellane le nna fatshe. Ke ne ke sa bone phoso ho seo ke neng ke se etsa. Ke ne ke sa natse hore mang o utlwa bohloko ka mantswe a neng a tswa molomong wa ka."
O ne a fumane kalafo ya ho tetebela maikutlo e bohlokwa haholo bakeng sa ho kgutlisetsa khemikhale e etsang hore boko bo sebetse hantle. Kalafo ena e bohlwa jwalo ka ya cholesterol mothong ya nang le lefu la pelo.
Empa seo e ne e se ho fela ha mathata a hae. Sarah o ne a kgefutse selemo kaofela mosebetsing, a leka ho aha bophelo ba hae botjha, ka ho le leng le lenyalo la hae le lona le ne le bonahala le thekesela.
"Tsela eo ke neng ke ikutlwa ka yona, e ne e etsa ke bone eka monna wa ka o a ntshotla, athe e ne e le nna ya neng a bona dintho ka tsela e sele," ke yena eo.
"Leha ho le jwalo, seo ke neng ke se entse ho yena, se ne se le bohloko. Seo se ne se etse hore a ntlhabehele."
Ka Motsheanong monongwaha, Sarah o ne a fumane hore monnahae, ya neng a dutse a mo eme nokeng ka dinako tsohle, o ratana le ngwanana ya dilemo di 18, eo e leng moithuti wa yunivesithing.
"Ketso ena e ne e kgutlise menahano e fetileng," ho hopola Sarah. "Ke ne ke lahle tshepo bophelong hape.
"Ke ne ke nwe dipidisi tse 10 tsa hlooho, ka leka le ho ikgaola methapo ya madi sephakeng mona ka thipa."
HOBANE Modimo O moholo, o ne a fetole monahano, a kopa thuso, o ne a letsetse motswallae, ngaka le moruti wa hae.
Ba ha SADAG ba bolela hore batho ba ka bang 75 lekgolong ba ipolayang, ba e ba leke ho bontsha metswalle le ba malapa a bona ka seo ba batlang ho se etsa. Ke ka hona re nkang ho ipolaya ha bona jwalo ka kgoeletso ya ho kopa thuso, ho rialo Dr Ross.
Mang kapa mang ya lekang ho ipolaya, o ebe a hloka thuso ya profeshenale, e le hore a tle a kgone ho tswelapele le bophelo, ho rialo ba ha SADAG. O hlokomedisa ka hore 20 ho ya ho 50 lekgolong ya batho ba ipolayang, ba ebe ba kile ba leka ho etsa jwalo nakong ya ho feta.
E ne e re ha batho bao a neng a ba letseditse ba fihla ba leka ho bula monyako, Sarah o ne a leke hape ho itsheya ka thipa. Empa ka lehlohonolo, ba ne ba kgone ho mo raka.
"Ho leka ha Sarah ho ipolaya makgetlo a mangata, ho bontsha hantle ka moo a neng a imetswe ka teng moyeng, le ka moo a neng a se a lahlile tshepo ka teng bophelong," ho rialo Dr Ross. "Ka mora moo, ke ne ke mmolelle sefahlamahlo.
"Se ka itlhantsha, ha o 'hlanye.' Ka mora moo, re ne re mo hlahlobe."
"Ha ke nyatse motho ka ho leka ho ipolaya ha ka, ke Sarah eo. "Ke a bona jwale hore e ne e le bowatla ba ho se nepe hore motho a ka kula moyeng - kajeno ke betere hobane ke se ke e nepa hantle taba ena.
"Ho tetebela maikutlo ke ntho eo setjhaba sa Rantsho se sa e tlwaelang.
Ba e tsebang, le ba kileng ba e alafelwa, ba e etsa pinyane, ha ba rate ho bua ka yona.
"Ho e pata hona, ho etsa mathata, ho etsa bohloko bona ho saballe jwalo ka mofetshe maphelong a batho.
"Ntho e thusang haholo mathateng ana, ke ho fumana keletso le kalafo e nepahetseng." [s]
BONA SESOTHO October 2008
Sarah Shongwe e ne e le motho ya atlehileng bophelong, a nyalane le motho a mo ratang, a itshebetsa, a bile a okametse le dibini tse kang Kelly Khumalo le Elle. Empa he ke eng e neng e etse hore a leke ho ipolaya - makgetlo a mararo? Pale ka Patricia McCracken, ditshwantsho ka Andrea Caldwell
PALE YA NNETE
Sarah leha a ne a tetebetse maikutlo, empa o ne a nyolohe mmeleng ka 20kg (ka hodimo le letshehadi) empa o ne a boele a theoha (le letshehadi) -- empa o ntse a ikwahlaya ka taba ya hore Elle le Kelly Khumalo (hare le le letona) ba ne ba amehe ke mathata a hae.
MOO O KA THUSAHALANG TENG
SADAG Mental Health Line: 011-262-6396; www.anxiety.org.za
LifeLine: 011-715-2000; www.lifeline.org.za
Suicide Line: 0800-567-567
BONA SESOTHO October 2008
BONA SESOTHO October 2008
KE ENG HO TETEBELA MAIKUTLO?
Ba ha SADAG, ba bolela hore 6 lekgolong bathong ba lefatshe ka bophara, ke hore bathong ba dimilione di 340, ba tla feta ho tetebeleng ha maikutlo bophelong ba bona. Ba babedi ho ba bararo ho bona, ba ke ke ba fumane kalafo.
Afrika Borwa teng, bathong bohle ba ipolayang, ba 60 lekgolong ho bona, ba e be ba tetebetse maikutlo. Ho tetebela hona ha maikutlo, ho fapane hole le ho "kgathala" kapa hona ho "tepella" empa leha ho le jwalo, tsena tse pedi tse ka hodimo ha di ka qeta dibeke tse pedi di o tshwere, o tlameha ho di phahamela.
Ba ha SADAG ba bolela hore ha ho ka ba le matshwao a mane ho a latelang nako e fetang dibeke tse pedi, tseba hore o tetebetse maikutlo:
O ikutlwa o le molato
Ha o itshepe, o ipona o sa atlehe
Ha o tshepe hore seo o se nahanang se tla atleha
O dutse o kgathetse - o hloka botsitso
Ha o robale hantle kapa o robala haholo
Ha o kgone ho tsepamisa kelello dinthong tseo o di etsang jwalo mosebetsi kapa TV
O dutse o nahana dintho tse ngata kelellong ya hao
Ka nako e nngwe, o fellwa ke takatso ya dijo
O kene jwaleng kapa dithethefatsing
O rata ho etsa dintho tse kotsi
O rata ho ba inotsi, o tlohele dintho tseo o neng o tlwaetse ho di etsa
O dutse o nahana ka lefu le ho ipolaya.
Metsotswaneng e meng le e meng e 40 ho ba teng motho ya ipolayang lefatsheng ka bophara ho ya ka Mokgatlo wa Lefatshe wa Bophelo Bo Botle mme ba bolela hape hore metsotswaneng e meng le e meng e meraro, ho ba le ya lekang ho ipolaya.
