sotho.672.jjcomp
Hlokomela lesea la hao, o
HAPE
Na lesea la hao le dutse le bososela hobane le phetse hantle le thabile? Jwale JOHNSON'S® Baby Healthy Baby Initiative ke ya hao. Bala sohle, o kenele hona kajeno!
BONA SESOTHO - July 2007
meputso e fihlellang ho
R10 000!
BOMME ke batho ba bohlokwa ha JOHNSON'S® Baby hobane ba etsa mosebetsi wa bohlokwa wa ho hodisa moloko o motjha, o phetseng hantle, o thabileng o tla etsa Maafrika Borwa a nang le katleho.
Ho na le dikgau tse ngata tseo ba hlonetjhwang ka tsona kajeno kgwebong kapa ho tsa bonono empa mosebetsi o nang le phephetso e kgolo wa bomme ke ona o sa ntseng o shebelwa tlase.
Leano la JOHNSON'S® Baby Healthy Baby Initiative, le thehilwe ka tshebedisano mmoho le ditliliniki ho kgothatsa batswetse ba hlokomelang masea a bona hantle, mmeleng, kelellong le moyeng.
Ena tlhodisano ha se ya botle: ke ya bophelo bo botle, thabo le nyakallo maseeng!
Rona le batshehetsi ba rona ba ha BONA le Baby Company, ka tlhodisano ena, maikemisetso a rona ke ho kgothatsa le ho leboha bomme ka ho hlokomela masea a bona ka tshwanelo.
Ho batswetse ba masea a pakeng tsa dikgwedi tse 0 le 6 7 le 12 13 le 18
Se o ka se hapang
Ntle le ho tlotla ya ho ba mme ya nang wa lesea le phetseng hantle, o tla hapa le meputso e fihlellang ho R10 000, ho balellwa le:
Sephuthelwana sa dietswa tsa JOHNSON'S® Baby tsa lesea le lelapa lohle.
Dietswa tsa masea le dintho tse ding tsa bohlokwa tsa ona tse tswang ha Baby Company.
Ho kenela
Ho na le ditliliniki tse ka hodimo ho tse 150 tse nang le seabo tlhodisanong ena e tla qala ka Phato 2007. Buisana le baoki ba tliliniki ya heno, o utlwe hore ke efe e haufi le wena. Kapa o ka nna wa letsetsa ho 0860-410-032 (ditefello ke tse tlwaelehileng tsa mohala.)
Tliliniki eo e tla o neha foromo ya ho kenela mme o hlalosetswe hore ke sefe se shebisiswang ke baahlodi. Tseo di kenyeletsa le dintho tsa bohlokwa jwalo ka:
u makgetlo o isitseng lesea tliliniking ka ona
u ho fetjwa ha lona le tlhokomelo
u ho entwa
u maemo a letlalo la lesea le bophelo ba lona ka kakaretso.
ELA HLOKO!
O tla lokela ho ya le karete ya hao ya tliliniking hore o kenele tlhodisano ena.
®Trademark of JOHNSON & JOHNSON © J & J (Pty) Ltd 2007.
Bakeng sa ditlhalosetso tse ding, letsetsa 0860-410-032. [s]
BONA SESOTHO - July 2007
