sotho.668.metropolitan
leqephe le tsheheditsweng
MANDLA le Busi ba ne ba sa tswa nyalana nakong e ka tlase ho selemo, ba ne ba reke motse wa bona mme ba ba le ngwana, Lobanzi dikgweding tse mmalwa ka mora moo.
Empa leha ba ne ba thabile jwalo, ba ne ba tlameha ho etsa ditlhophiso tse ding . . .Ekaba ba tlameha ho reka koloi e ntjha" Ditlhophiso tse ding tsa tjhelete tsa lelapa tsona" Ke bolela tse kang ho qala ho bolokela ngwana bona tjhelete ya sekolo. Empa he re ka reng ka dintlafatso tsa motse wa bona...
Busi le Mandla ba dutse ba bua ka tsena. Busi o ne a bile a eletsa le hore ba bonane le moeletsi wa ditjhelete mabapi le ditaba tsa bona tsa ditjhelete tse tla ba sireletsa ha motho a lemala, a holofala kapa a kenwa ke mahloko a sa alafeheng.
Empa Mandla yena ha a ka a ba a ipha nako ya ho bonana le moeletsi eo wa ditjhelete.
Mathata
"Ke maphathephathe mosebetsing," ke yena eo. "Empa se ka kgathatseha - ha ho se tla ntlhahela ratu!"
Empa ka mora selemo, dintho tsa fetoha. E ne e re bosiung bo bong ba ne ba intshitse jwale ba se ba kgutlela lapeng, koloi ya bona ya thulwa ke e nngwe e neng e fete mabone a sephethephethe a le mafubedu. Busi o ne a lemale ha bohloko.
Mandla yena ha a ka ba a phela.
E ne e re ha Busi a lokollwa sepetlele, o ne a iphumane a se a le mathateng a ho lefella ntlo ka moputso wa hae feela jwalo ka ha ho ne ho na le tse ding dikoloto a neng a tlameha ho di lefa. O ne a tlamehe ho rekisa motse oo.
Leha Mandla a sa ka a kgona ho qoba kotsi, empa haeba a ne a ile a nka inshorense ya bophelo molemong wa lelapa la hae, dintho di ka be di se ka mokgwa oo. Busi a ka be a ntse a dula motseng wa bona le Lobanzi.
Tshireletso
Inshorense e o sireletsa mathateng a o hlahelang bophelong. O ke se kgone ho thibela mathata a bophelo.
Ha re intshitse ka matsatsi a phomolo, menyetla ya kotsi, jwalo ka kgolofalo le ho shwa, e a phahama. O tla sala o ipotsa dipotso tse kang...
tEkaba moputso wa rona o tla kgona ho phedisa lelapa bophelo bohle ba lona"
tRe maemong a fe a bophelo"
tE tla ba teng tjhelete bakeng sa thuto ya bana ba rona"
tE tla ba teng ya lenyalo le mapato"
Empa ha o na le inshorense, o ka netefatsa hore kotsi, ho kula le lefu ha di tlise masisapelo bophelong ba lelapa. Ka hoo, fumana seikokotlelo, fumana inshorense. [s]
BAKENG SA DINTLHA: Letsetsa Metropolitan Life Call Centre ho 0860-724-724
BONA SESOTHO - November 2007
Hlola mathata
Ka moo o ka itshireletsang - mme wa hapa
Ke eng boitshireletso"
1. Boitshireletso ke... ho itshireletsa dinthong tseo o ke keng wa kgona ho di elellwa - kotsi, ho kula le lefu la tshohanyetso. Inshorenseng ena ya tshireletso, dikhampane tse ding di kenyeletsa le kgolofalo, ho kula le kotsi.
2. Boitshireletso bo... tla o thusa ho boela o thabela bophelo leha o se o sa kgone ho sebetsa ka lebaka la kotsi kapa hona ho kula.
3. Boitshireletsong bona... Metropolitan, ha re etsa mohlala, ba fana le ka tshireletso ya kgolofalo e kang ho ba tsebe-tutu. Sena se thusa ha kotsi kapa ho kula ho etsa o se hlole o kgona ho etsa dintho tseo o neng o di kgona pele.
