sotho.666.comment
Tlohelang ho ingamangama ka 2010!
MAIKUTLO
O KA mphehisa ha o rata - hlathe e tla lelekisa tsebe mohla phala e qalang papadi ya pele ya Mohope wa Lefatshe e llang mane Soccer City.
Thabo le nyakallo eo, e tla be e le sephetho sa mosebetsi o motle wa batho bana ba hlophisetsang Mohope ona wa Lefatshe. Ho na le baithaopi ba ballwang ho 5 000 ba tla beng ba sebetsa ka thata ho netefatsa hore dibapadi di fumana dibese le ona matlo a ho tjhentjhela hantle.
Empa taba ke hore, leha batho bana ba ntse ba kwetliswa ka thata, bakeng sa mokete ona o moholo nalaneng ya Afrika Borwa, empa ha ho mang ya tsebang hore ke eng eo re tlamehang ho e lebella. Ha ho mang ya tsebang hore e tla ba mokete o mo kakang!
Ho na le ba nahanang hore tonamente ena e ke se tshwarelwe naheng ena. Ba lakatsa hore ho be teng se ka tlosang tonamente ena naheng ena.
Batho bana ba ne ba thabe ha mookamedi wa FIFA, Sepp Blatter, a ne a bolela hore ba na le naha eo ba larileng ka yona haeba ho ba le se ka nyopisang ditlhophiso tse ntle tsa Afrika Borwa tsa tonamente ena.
Ho qeaqea ka katleho ya tonamente ena, ke ntho e ka etsahalang, empa ho lakaletsa naha ya heno bomadimabe ba ho se atlehe, ho bontsha mathata ka kelellong ya motho. Le karolo e itseng ya ba ditaba le yona e se e nkehile haholo ke taba ena ya naha e nngwe e ka nkang sebaka sa Afrika Borwa. Ha ke utlwisise hore ba ka e etsa jwang taba ya hore ba nyenyefatse mosebetsi o moholo o entsweng ke Danny Jordaan le ba bang wa ho tlisa tonamente ena lapeng.
Ke ntho e mpe haholo eo.
Se makatsang le ho feta ke hore bona boraditaba bana ha ba a hlakisa hantle se neng se bolelwa ke Blatter.
Blatter o hlakisitse hantle hore sena ke se dutseng se etsahala mohopeng ofe kapa ofe feela wa lefatshe ho sa natsehe hore o tshwaretswe naheng efe.
Dipuo tse mpe jwalo ka tsena, di beha naha ya habo rona ka mosing. Ba sebedisitse mantswe a Blatter ho nyenyefatsa mosebetsi ohle o seng o entswe.
Di ngata dinaha tse neng di tshwere mekete e meholo ya dipapadi tse kileng tsa tobana le "mathata."
Re ka etsa mohlala ka diolimpiki mane West Germany ka 1972 moo batshosetsi ba neng ba bolaye boramabelo ba Maisiraele ba 11. Tonamente e ne e tswelepele mme ha bolelwa ha karolo e neng e se e setse ha e ne e se e tla etsetswa ho hopola bao ba neng ba bolailwe.
Ka 1995, Mohope wa Lefatshe wa Rugby o ne o tshwaretswe mona, motho ohle o ne a lebeletse mathata. Empa ho ne ho etsahale eng? E ne e kopanye naha. Kgetlong lena ke bolo, mme jwale ho se ho buuwa hona le hwane ka Afrika Borwa.
Nna ke lebeletse nyakallo e tshwanang le ya 1995 - ke tla thaba ho feta bohle... [s]
Pule wa Sekano
Ho se lakaletse naha ya heno tse ntle, ho bontsha hore ho teng se sa lokang hantle ka wena...
