sotho.628.trivmar
Maqephe a boithabiso a BONA
Mosifa o sa kwaelwang ke letlalo -mmeleng wa motho o mong feela -ke leleme
Sohle ka...
GIANT PANDA
Giant panda (Ailuropoda melanoleuca kapa "black-and-white cat-foot") ke bere e phelang bohareng le ka borwa ho China.
E bonahala ka bonolo hobane e kgolo, e na le mebala e metsho hodima mahlo, ditsebe le mmeleng mme giant panda ke phoofolo e kotsi haholo. Ho nahanelwa hore tse 1 600 di phela naheng ha ka 2005 tse ka bang 188 ho bolelwa ha di le dipolokelong tsa diphoofolo, tse 20 tsa tsona di fumaneha kantle ho China. Leha ho le jwalo ho na le ditlaleho tse bontshang hore palo ya tsona e nyoloha haholo.
Di phela ka mahlaku a difate tsa bamboo, le mahe a dinotsi, mahe, le tlhapi.
Tse kgolo di bolelele ba 1,5m mme tse tona tsona di boima ba 115kg, athe tse tshehadi di hlile di nyenyane.
Tse kgolohadi tsona di ba le mohatla o mokgutshwane o ka bang 15cm.
Giant pandas di phela dilemong tse yang ho 20-30 ha di phela dipolokelong tsa diphoofolo.
Mane China ho di bolaya e ne e le tlolo ya molao eo motho a ka e ahlolellwang lefu ho fihlela ka 1997 ha ho tjhentjhwa kahlolo eo e etswa dilemo tse 20 tjhankaneng.
Tse tona hohang ha di ikgathatse ka ho hodisa madinyane. Le tswalwa le le lepinki, le se na boya le bile le sa bone. Le phele ka letswele, le nyanya makgetlo a 14 ho ya ho a 30 ka letsatsi, metsotso e 30 nako le nako. Motswetse o le siya le le leng ho ya tsoma dihora tse tharo ho ya ho tse nne.
Ka mora beke ho ya ho tse pedi le mele boya bo bothokwa, boo qetellong bo tlang ho ba botsho. Le kgasa ha le le matsatsi a 75 ho ya ho 90 mme le bapadiswa ka ho dibikiswa le ho nkankana ka matla le mmalona. Le kgona ho ja mahlaku a difate a manyenyane ka mora dikgwedi tse tsheletseng leha ho nyanya e ntse e le ntho ya bohlokwa selemo seo sa pele kaofela. Ledinyane la giant panda le boima ba 45kg ka mora selemo mme le dula le mmalona ho fihlela le eba le dikgwedi tse 18 kapa dilemo tse pedi.
5 924 000 000 000 000 000 000 ya ditone ke boima ba Lefatshe he boo
BONA SESOTHO - March 2007
Ho ya ka baetsi ba dipatlisiso, monwanng o rata ho loma batho ba sa tswa ja dipanana.
Ke eng...? YOGA
Yoga ke e nngwe ya mekgwa ya ho ithapolla e neng e etswa mehleng ya pele ho hlabolla moya naheng ya India. Ho ne ho qale ho ngolwa ka yoga ho tloha pakeng tsa dilemo tsa bo 1500 le 1200 BC.
Kajeno yoga e nkwa e le ya ho thusa mmele hore o dule o phetse hantle le moya o ntjhafetse. Ka ntle ho naha ya India, yoga e nkwa e le e nngwe ya ditsela tsa ho ema tsa Hatha Yoga.
Hatha Yoga e ne e hlahiswe ke Yogi Swatmarama dilemong tsa bo 1500 mane India. E shebana haholo le shatkarma, ntjhafatso ya mmele le kelello le ho ba le matla a ikgethang. Makaleng ohle a yoga, maikemisetso a maholo ke ho fumana tokoloho mathateng a lefatshe le ho intsha moleng wa ho emela lefu ka mora hobane o se o tswetswe mme wa phela.
O tswalwa o ena le masapo a 300 empa e re o eshwa a be a le 206...
O LOMME BERE!
KA MORA ho nwa dikgalase tsa biri, Zhang Xinyan a kgalla ho pholla panda mane polokelong ya diphoofolo ya Beijing. Le pele ba mo thiba, mohlankana enwa ya dilemo di 31 a be se a ikakgetse ka hara tsona. Panda bear, e bitswang Gu Gu e ne e robetse ha Zhang a qala ho e thetsa. Ya tlola, ya mo loma leotong.
Ao, ho Zhang ha halefa le hona - ha e loma mokokotlo ona. Bahahlaudi ba hwelehetsa balebedi, e le ha ba bona hantle hore ho tla tswa setopo, eo a hasa metsi ka peipi ho ferekanya phoofolo eo hore a tsebe ho pholosa Zhang. Koranta ya Beijing ya phatlalatsa mantswe a Zhang moo a reng: "Ke hlola ke bone di-panda ho TV, di phela ka kgotso le batho. Ha ho ya itseng e tla ntoma. Ke ne ke e thetsa feela. Ke thekesela le ke botahwa. Ha ke sa hopola le se neng se etsahale ka mora moo."
Marangrang a Ditshwantsho
BONA SESOTHO - March 2007
O BIPETSANE!
Ka Loetse 2006 baofisiri ba tsa bophelo bo botle ba Macerata, Italy, ba ne ba pholose Carmela (57), ka mora hore kgaitsedi ya hae e tlalehe hore ha a ya ja.
Ho thwe Carmela o ne a tshaba feberu dilemong tse 26 tse fetileng hona hoo a neng a kwale difestere tsohle tsa ntlo ya hae hore ho se kene moya, mme o ne a otlwa ke moya feela ha a nanabela dijo tseo kgaitsedi ya hae e neng e di siya monyako. Ba neng ba mo pholose ba ne ba tlamehe ho ba le seetswa se tla ba thusa ho hema ha ba le ka tlung eo.
Morupelli wa Yoga, Carl Dreher o hlahisitse setaele sa yoga seo a se bitsang Panda-Yoga
Setshwantsho ka seng se tla o neha mohlala wa lebitso leo o tla le ngola dikgeong
Thatolla
Maqephe a Boithabiso a BONA
Dibaka tse ntle -
Motsemoholo wa Versailles
Versailles ha ho motho ya neng a ena le tokelo ya ho dula kolohantse maoto hara setjhaba
BONA SESOTHO - March 2007
Ngola ditlhaku tsena ka tatellano ya tsona
K A 1660, morena wa Fora Louis XIV o ne a ahe paleise e thokwana le ditilatile tsa batho ba Paris. A kgetha hore e ahwe Versailles, mme ya nna ya atollwa ho fihlela e le e kgolo ho di feta kaofela Yuropa.
Ka 1678 lekgotla la dinyewe le mmuso wa Fora tsa thothelwa Versailles. Louis o ne a batla ho laola sohle. Hape a batla bahlomphehi ba bang ba maemong a hodimo ba dule nako e ngata selemo le selemo Versailles, e le hore ba se kgone ho ntlafatsa matla a bona dibakeng tsa habo bona.
Ntho e nngwe eo palaise ena e neng e ikgetha ka yona ke Holo e Nang le Diipone tse kgolo tse 357. Siling ya teng ho akantswe Louis e le molaodi e moholo wa Roma.
Mabala a Versailles a na le serapa se seholo seo e sa leng se le setle ho tloha ka nako eo se neng se qeta ho lengwa se bileng se nang le phororo ya metsi.
Versailles e ne e le serapa se maemo a hodimo seo hape ho sebediswang tjhelete e ngata ho se boloka se le maemong. Ho dumelwa hore ho se lokisa ho balellwa le basebetsi ba moo mmoho le ba lelapa, ho ja tjhelete e balellwang dipersenteng tse 25 tsa tjhelete yohle e kenang Fora.
Horrible rules
If you'd lived at the Palace Of Versailles there were a whole lot of strict rules of behaviour to follow. Some examples...
v People who wanted to speak to the king could not knock on his door. Instead, using the left pinkie finger, they had to gently scratch on the door, until they were granted permission to enter. As a result, many courtiers grew that fingernail longer than the others.
v A lady never held hands or linked arms with a gentleman. Besides being in bad taste, this practice would have been impossible because a woman's hooped skirts were so wide. Instead, she was to place her hand on top of the gentleman's bent arm as they strolled through the gardens and chambers of Versailles.
v When a gentleman sat down, he slid his left foot in front of the other, placed his hands on the sides of the chair and gently lowered himself into the chair. There was a very practical reason for this - if a gentleman sat too fast, his tight trousers might split.
v
Methapokutlo e phela matsatsi a 10 feela
t Mama Africa o ne a hlahele Joburg mohla la 4 Hlakubele, 1932. Mmae e ne e le lethuela la Swatsing.
t Mosebetsi wa hae wa profeshenale wa qala dilemong tsa bo 1950 a bina le Manhattan Brothers, pele a theha sehloha sa hae, The Skylarks, se neng se bina jazz le melodi ya serabe.
t Ka 1959 a bina moketeng wa King Kong le Hugh Masekela, eo a neng a qetelle a nyalane le yena.
t Dilemong tsa bo 1960 a bapala filiming ya Come Back, Africa e neng a nyefola kgethollo ya mmala mme eitse ha mmuso wa Italy o mo mema moketeng wa Venice Film Festival ha e hlahiswa semmuso, a etsa qeto ya ho se kgutle.
t A leba London, moo a neng a kopane le Harry Belafonte, ya neng a mo thuse hore a tsebisahale USA mme Makeba a hlahisa dipina tse neng di ratwe haholo tse kenyeletsang le Pata Pata, The Click Song le Malaika.
t Lenyalo la hae le Stokely Carmichael ya neng a lwanela ditokelo tsa baahi ka 1968 la tsosa morusu United States, mme ditumellano tsa hae tsa ho hatisa le maeto a hae tsa nyopiswa.
t Banyalani bana ba falella Ghana, ba utlwana haholo le Presidente ya teng Ahmed Sékou Touré le mohatsae. Makeba a arohana le Carmichael ka 1973, mme a tswelapele ho bina haholoholo dinaheng tsa Afrika, Amerika Borwa le Yuropa. A boela hape a ba lenqosa la Ghana ho United Nations, moo a neng a qetelle a hapile kgau ya Dag Hammarskjöld Peace Prize ka 1986.
7 DINTLHA KA:
MIRIAM MAKEBA
Dipapadi tsa mefutafuta
Leka bokgoni ba hao ba puo. Ditshwantsho ke mohlala wa seo o se bonang. Ke setshwantsho sa eng?
BONA SESOTHO - March 2007
Bopa Lentswe
Bopa mantswe a mane ho ya bohlanong a Senyesemane ka ditlhaku tsena. Tlhaku e hare (e fubedu) e sebediswe ho ona kaofela. O boela o bope le leng, leo o tla sebedisa ditlhaku tseo kaofela. Tlhaku e sebediswe hanngwe feela.
Rolong ka nngwe ya toilet paper, ho na le dikwere tse ka bang 333
