sotho.61.lead
Kgaohanang
le rona
diphehisano di kgolo ka diteko
tsa borwetsana
BONA e a fuputsa
O KA nahana hore Mokete wa Lehlaka o tjhentjhile! Hobane selemo le selemo ha o atamela ho qala diphehisano tse kgolo, batho ba ipotsa ntho e le nngwe...
Na borwetsana bo sa le bohlokwa dilemong tsee" Na ho hlahlojwa ha banana ha ho kgahlano le molaotheo wa naha"
Na ke moetlo wa bohlokwa wa Mazulu, oo ho dumellwang baditjhaba ho itshunyatshunya ho ona"
O tla fediswa - kapa ke ntho feela e sa tlo fihlela morero wa ona wa ho boloka borwetsana" O hopole hore selemong sena dintho di bile hlokolosi haholo ka mora Molao o motjha wa Bana, o bonahalang o le kgahlano le tlhahlobo ya borwetsana baneng ba ka tlase ho 16.
"Re setjhaba sa Mazulu, mme re ke ke ra bolellwa ke batho ba bang ka seo re lokelang ho se etsa ka moetlo wa habo rona," o boletse jwalo Morena Goodwill Zwelithini moketeng wa selemong sena. "Re ke ke ra kopa tshwarelo ka ho latela moetlo wa habo rona. Ha ho lefapha leo re tla kopa ho lona tumello ya ho phetha o mong wa meetlo ya habo rona."
Mokete wa Lehlaka o ne o fediswe ka 1879 ha Morena Cetshwayo a ne a theolwa setulong ke Mabrithania, wa kgutliswa ke Morena Goodwill ka 1984 a batla hore ho "ketekwe meetlo ya setjhaba sa Mazulu ka motlotlo."
"Mekgubu ya rona e mona mme re ba motlotlo ha re ena le dikamano le badimo ba habo rona," o boletse jwalo Morena Goodwill.
"Ke moketeng ona moo morena, setjhaba le metswalle kaofela ba tsoselletsang dikamano tsa bona mme ba keteke mmoho." Moketeng ona, ngwanana ka mong o ya nokeng ho ya kga lehlaka mme ke banana ba so kang ba etsa thobalano feela ba dumelletsweng ho ba le seabo.
Ho ya ka molao wa mokete ona, banana ba qala ka ho hlahlojwa borwetsana metseng ya habo bona ke bonkgono ba sebaka. Tsela eo ba hlahlojwang ka yona e fapana ho ya ka dibaka ho fapana. "Mahlo a banana a lokela ho bonahala le ona hore ha ba so ka ba etsa thobalano, matswele a eme, dinama tsa mmele di tie hantle," ho hlalosa e nngwe ya thope tse kgolo.
Hape ho shebisiswa le tsela eo ba kakallang ka yona fatshe le hona ho takalatsa ha ba hlahlojwa.
"Re hlahloba setho sa bosadi, re bone hore se kile sa etswa thobalano kapa tjhe," ke yena eo.
"Le wena ha o reka setulo se setjha, o kgona ho se arola pakeng tsa seo e leng kgale se dulwa. Ke seo le rona re se etsang."
Tlasa Molao o motjha wa Bana, ke ba dilemo di ka hodimo ho tse
16 feela ba dumelletsweng ho etswa diteko tsena, le hona ka
mora hore ba eletswe hantle ka hona athe hape le sephetho eba lekunutu le mmeleng ha a behwe letshwao le bontshang seo.
Erekaha banana ba nang le seabo moketeng ona ba le banyenyane ho dilemo tse 16, hona ho bolela hore moetlo ona wa Sezulu ke tlolo ya molao.
"Re tla tswela pele le ho hlahloba bana hore ba se ba kile ba etsa thobalano kapa tjhe mme haeba ba batla ho re kwalla tjhankaneng, ba ka re kwalla," o boletse jwalo Nomagugu Ngobese, wa Nomkhubulwana Culture And Youth Development Organisation, a bua le ba koranta ya The Mercury ka Loetse, matsatsinyana ka mora hore barwetsana ba Mazulu ba hlahlojwe pele ba ka ya Moketeng wa Lehlaka wa 2007.
"Re ke ke ra lahla moetlo wa habo rona hohang. Le mmuso wa kgenthollo ha o ka ba wa re kwalla tjhankaneng ka lebaka la meetlo ya habo rona!"
Tshehetso
Batho ba tshehetsang ditlhahlobo tsena tsa borwetsana ba dumela hore sena se lokela ho etswa le ka mora mokete. Ba bona ho hlahlojwa hona ha banana ho thusa ho hatella bohlokwa ba ho ila thobalano esitana le ho ba sireletsa tshwaetsong ya kokwanahloko ya EITSI mmoho le ho ima ho sa hlokahaleng.
"Maikemisetso a maholo a ho hlahloba banana bana ke ho netefatsa hore ba boloka borwetsana ba bona - mme hona ho thusa haholo thibelong ya lefu la EITSI," ho bolela Kgosatsana Thembi Zulu-Ndlovu, kgaitsedi ya Morena Goodwill eo hape e leng mohokahanyi wa mokete.
Leha ditsebi tsa bophelo bo botle di bolela ha ketso ena e se kotsi maphelong a bana empa e nyefolwa haholo. "Moetlo ona o hlekefetsa bana mme hape ha o hlonephe basadi ka kakaretso," ao ke maikutlo a Beatrice Ngcobo wa komishene ya Bong le Ditokelo tsa Botho.
"Ke mang ya reng bahlahlobi bao ba fela ba tseba phapang" Ba etsa seo ka ho bula setho sa hae sa bosadi - ba se shebisise" Ba ebe ba kentse di-gloves - ba di tjhentjha ka mora ba bakae"
"Hangata ba hlahlobelwa thoteng kwana kapa holong moo ho seng le meriana ya ho bolaya dikokwanahloko." Banyefodi ba bang ba bolela ha sena se beha bana ba so kang ba etsa thobalano kotsing.
"Dibakeng tse ding bana ba so kang ba etsa thobalano maphelo a bona a ba kotsing ha dinokwane di ka ba tseba hobane di tla ba tsoma hohle di batla ho ba beta ka kgopolo ya hore ho etsa thobalano le bona ho tla alafa kokwanahloko ya EITSI," ho bolela e mong.
Leha sena se kgathatsa ba bangata - Ntlo ya Marena yona e hanyetsa ditlhahlobo tsena mme hape ha e batle hohang ho kena diphehisanong ka taba ena.
Ha se ditlhahlobo tsena tsa banana tse bakileng pherekano. Ho ya ka moo Nomagugu Ngobese a bolelang ka teng: "Mang kapa mang a ka nna a betwa - le lesea le dikgwedi le robong kapa yena mosadimoholo. Batho ha ba betwe hobane ba so ka ba etsa thobalano, babeti ba bodile dikelello tsena."
Ditlhahlobo tsena di boetse di thusa le batho hore ba phakise ho bona ha ngwana a hlekefetswa mme ho nkwe bohato.
"Banana ba qoqa ka ditaba tse tebileng haholo le basadi ba seng ba hodile ka nako eo, ba bulelana difuba ka botshepehi. Re kgona ho bona bana ba hlekefetswang ka thobalano," ho bolela mme Ngobese.
Empa re sa ntse re ipotsa: na moetlo ona o fela o sebetsa kapa tjhe" Ke bafe bao e le barwetsana ba nnete le bao e seng bona"
Tlotlollo
Jwalo ka ha re bone hore moetlo ona o ya ka dibaka ho fapana, ha o tsotelle hakaalo seemo sa mosadi sa tlhaho. Ho bahlahlobi ba bang, dirope tse tiileng, le matswele a emeng a bolela hore thobalano ha e tsejwe. Ba bang bona ba sheba letlalo le boreledi ka mora mangole. Ba bang ba re, ya so kang a etsa thobalano, o bonahala ka hore metsi a se ke a kgoramele mmeleng ha a hlapa... a thelle feela."
Mohlomong mokgwa o sebediswang ditlhahlobong tsena ha se ntho ya bohlokwa ho ya ka moo setsebi sa meetlo, Suzanne Leclerc-Madlala, a bolelang ka teng.
O re: "O bona ekare basadi bana ba batla ho tshosa banana hore ba dule ba tseba hantle hore hang ha motho a ka etsa thobalano o tla tshwarwa ka le leng, a tlotlollwe."
O re basadi ba lokela ho kgothalletswa hore ba ntshetsepele mokgwa wa ho boloka borwetsana jwalo ka pele. "Basadi ba lokela ho itshwara thobalanong ka nako e telele ka lebaka la tlhaselo e matla ya EITSI.
Ho se etse thobalano ke ntho ya bohlokwa empa e lokela ho etswa ke baratani bobedi. Borwetsana ha bo sireletse mosadi ho EITSI ha a nyalwa ke monna ya nang le yona.
Haeba diteko tsena di kgothaletsa boitshwaro bo botle, potso ke hore: na di a sebetsa"
Beatrice Ngcobo wa Komishene ya Tekano ya Bong, o re ho batshehetsi ba moetlo ona ba hlokomele hore palo ya batho ba kenwang ke EITSI ha e theohe, e be ke hobaneng" "Batjha le bona ba ima ka bongata.
"Batswadi le matitjhere ba lokela ho buisana le bana ka tsa thobalano mme ba leka ho ba hlalosetsa dintlha tsa bohlokwa.
"Empa batswadi ha ntse ba sa bua le baradi ba bona, ba kgetha ho ba isa bathong ba sele ba tla ba phenyekolla mme ba qete ba lebelle hore ba itshware hantle," ho bolela Ngcobo.
Phehisano
Mohlomong batshehetsi ba moetlo ona ba se ba etsa le ditlaleho tse sa hlokahaleng hobane ba batla hore o bonahale e ka ke wa bohlokwa.
Moetlo o hlekefetsang, o utlwisang ba bang bohloko ha o a lokela ho bolokwa - o lokela ho fediswa. Empa ha Morena Goodwill a re ke moetlo o sa bolayeng oo hape bana ba o etsang ka ho rata ebile o bohlokwa setjhabeng sa Mazulu, na seo ha se bolele hore ho na le phehisano setjhabeng sa Mazulu"
Sena se tla tlohellwa matsohong a basadi ba Mazulu ho iketsetsa qeto ka bobona hore ba tswelapele ho boloka moetlo ona kapa tjhe"[s]
BONA SESOTHO - November 2007
pale ka JOHN GUMEDE
ditshwantsho ka PICTURENET
BONA SESOTHO - November 2007
Ebe ka tlhahlobo ya borwetsana ho ripitlwa ditokelo tsa botho" Na ho fela ho kgothalletsa batjha ho se kene thobalanong pele ho lenyalo, ho ima le ho thibela tlhaselo ya kokwanahloko ya EITSI" Na mmuso o lokela ho kenella moetlong ona" Dipotso tsa hao kaofela
di arabilwe
paleng ena...
LE LETSHEHADI: Mokete wa Lehlaka o ne o kgutliswe ke Morena Goodwill ka 1984 ho "keteka moetlo wa setjhaba sa Mazulu ka motlotlo."
LE LETONA: "Re tla tswelapele ho hlahloba banana, ha ba batla ho re kwalla tjhankaneng, ba ka tswelapele," ho bolela Nomagugu Ngobese.
u
t
BONA SESOTHO - November 2007
MORENA GOODWILL ZWELITHINI
'Rona jwalo ka Mazulu, ha re hloke ho bolellwa ka meetlo ya hao rona. Hape ha re ikwahlaye ka ho e phetha.
Ke tlolo ya molao ho hlahloba borwetsana baneng ba dilemo di ka tlase ho tse 16, mme le sephetho ha se a lokela ho phatlalatswa.
u
t
Baratani bobedi ba lokela ho se etse thobalano!
