sotho.60.yourlifeguide_motivation
Molemo wa ho tjhentjha
Pinyane ya katleho nthong tsohle bophelong, ke ho labalabela le hona ho thabela phetoho, ho sa natsehe hore seo se kgathatsa ho le ho kae
RE PHELA lefatsheng moo dintho di fetofetohang. Ha ho ntho e sa fetoheng. Kajeno ho etsahala dintho tseo bontatemoholo ba neng ba sa di nahane. Diphetoho tsena ha se ntho e ntjha. Lefatshe ha le a ema. Ntho e nngwe le e nngwe e a tsamaya. Lefatshe le a tsamaya, le potapota letsatsi, ha kgwedi yona e potapota lefatshe.
Lefatshe ka bo lona le a potapota.
Batho ba bangata ha ba rate ho fetoha.
Empa hore o tle o atlehe bophelong, o tlameha ho phuthuloha ka diphetoho.
Monna e mong ya bohlale o boletse hore ho sebedisa kelello ka nepo ke ho etsa ntho ka tsela e tshwanang kamehla, empa o lebelle sephetho se mokgelo. Ka mantswe a mang, haeba o sa thabela sephetho sa seo o se etsang, o tlameha ho fetola mawa.
Le haeba o ntse o fumana sephetho se betere, empa o ntse o tlameha ho etsa diphetohonyana e le hore o fumane sephetho se beterenyana. Na o ne o tseba hore e ne e re fereko e qala ho hlahiswa mane Englane, e tswa ka Botjhabela, ho ne ho bolelwe ha e se molaong?
Ba ne ba sa bone tlhokeho ya ho tjhentjha mokgwa wa ho ja.
Ke hopola lebenkele le leng la dikoloi le neng le sa sebetse hantle. Ho ne ho hirwe motsamaise e motjha. O ne a fihle a etsa diphetoho.
Pele a fihla, dikoloi tse ngata di ne di pakilwe moahong o ka morao di sa bonwe ke bareki. O ne a fihle a laela hore dikoloi tsohle di behwe moo bareki ba tlang ho di bona, a laela hore moaho o pentwe botjha, mme le fatshe ho ntlafatswe.
O ne a na le kgollo ya hore, leha dintho di sa tsamaye hantle, empa o tlameha ho ntlafatsa tikoloho hore e kgahle.
Ka mora nakwana, lebenkele leo le ne le tswa pele lebatoweng leo.
Sheba Bibele: e arohane habedi, Testamente ya kgale le e ntjha. Dilemong tse diketekete tse fetileng Modimo o ne a bua le batho ka mokgwa o itseng, o ba behela melao le meetlo eo ba neng ba tlameha ho e phetha. Batho ba ne ba etsa dihlabelo ka diphoofolo le tse ding dintho ho mo kgumamela esitana le bakeng sa dibe tsa bona.
Ka lebaka la maemo a kelello tsa batho ka nako eo, esitana le kutlwisiso ka tsa moya, ho ne ho tlamehile hore ba ikopanye le Mmopi ka mokgwa oo.
Empa ho ile ha fihla nako eo Modimo o neng o fetole mekgwa eo. Ho ne ho se phoso ka mekgwa ya pele ya ho ikopanya le Modimo, esitana le ho kenya o mong bakeng sa ona. (bala Baheberu 8:7.)
A ko nahane Modimo o fumana phoso ho seo o se entseng, ho ka ba jwang?
Mmadi wa ka ya ratehang, ke bona mokgwa oo re neng re o sebedisa maobane o se o sa lokela ho sebetsa kajeno, le wa kajeno, o ke se lokele le hlahlamang.
Batho ba atlehang ke ba bonang ha nako e fetile ya maano a kgale.
Moruti e mong o ne a memele banna ba nyetseng kopanong mme a re o tla ba bolella ka moo ba ka etsang hore basadi ba bona ba ba tshware jwalo ka marena.
Ha ho potang, holo e ne e tlale tswete. Molaetsa wa moruti o ne o hlakile: haeba o rata hore mosadi wa hao a o tshware jwalo ka morena, le wena mo tshware jwalo ka mofumahadi!
Ka mantswe a mang, tjhentjha tsela o mo tshwarang ka yona, mme le yena o tla etsa phetoho.
Leha ho le jwalo, re tlameha ho hlokomela hore re se etse diphetoho ka mabaka a fosahetseng.
O ka tjhentjha mekgwa, empa melao yona e se tjhentjhe. Batho ba bang ba tjhentjha mesebetsi eo ba e etsang. Ba bang ba beha malapa a bona kotsing ka ho siya mesebetsi ba sa nka qeto ya seo ba ka se etsang ka mora moo.
Ba bang ba lahla manyalong le pele ba ka etsa matsapa a ho lokisa maemo. Mamello e tswala katleho - ho mamella nthong nako e telele, le hona ho ntse ho le bohlokwa.
Bibele e dutse e re hlokomedisa ka batho ba re "lahlehisang." Jwalo ka moruti, ke tlameha ho fumana mokgwa o motle, o thabisang wa ho phatlalatsa Lentswe la Modimo, bathong, e seng o ba kgelosang.
Haeba o rata ho fihlela seo Modimo o ratang o be sona, o tlameha ho etsa diphetoho kgafetsa. Ho ka ba jwang o qale hona kajeno?
Moruti George
Le Modimo o ne a fetole Mokgwa o neng o bua le batho ka ona
KGOTHATSO
