sotho.603.hip
Batho ba habo rona
O ka etsa phapang
NAKO KE 9:15 hoseng mane sepetleleng sa Mseleni, KwaZulu-Natal, mme Wilson Mhlongo o emetse ho etswa opereshene nokeng ya ka lehlakoreng le letona e nang mathata a bakilweng ke lefu la masapo. Ho ne ho bonahale ka ho tlena nakong eo Dr Kobus Viljoen a ntse a phetla sebaka a batla moo a ka mo entang teng.
Dr Victor Fredlund, a thusetswa ke Viljoen, ba tla etsa opereshene e tlang ho nka dihora tse pedi. Jwalo ka ha sepetlele sena se se na yona ente e tahang motho bakeng sa opereshene, ho bolela hore Mhlongo o tla etswa opereshene ena a ntse a utlwa.
Sepetlele sena sa Seterekeng sa Mseleni ka leboya ho KZN dipakeng tsa sebaka sa Sodwana le Kosi Bay, se na le dibethe tse 190 feela mme ho atisa ho etswa diopereshene tsa mofuta ona mona.
Ho se ho na le batho ba bangata sebakeng seo ba tshwarwang ke lefu la masapo mme le se le bile le rehilwe lebitso la - Mseleni Joint Disease (MJD).
Se makatsang haholo ke hore le batjha ba dilemo di 20 le bona ba na le mathata a dinoka ka lebaka la lefu lena la masapo.
"Sesosa sa lefu lena ha se so ka se tsejwa ho fihlela jwale," ho rialo Fredlund. "Ho hloka phepo e ka nna ya ba le leng la mabaka kapa mohlomong ho nwa metsi le dijo tse thuntheditsweng ke lerole jwalo ka ha sena se ama karolo e kgolo ya setjhaba." Dipatlisiso tse ileng tsa etswa di ne di bontshe ha sena eka se ne se bakwa ke lefutso. Ka lebaka la bohloko bona ba MJD ho bonahala batjha ba fokotseha sebakeng seo.
MHLONGO ya dilemo di 51 o se a na le manonyeletso a bohloko jwalo ka a leqheku, leha a tsamaya, o tsamaya ha bohloko.
Baokamedi ba sepetlele sena ba bolela ha bakudi ba hlokang ho kenyetswa dinoka ba tlameha ho fetisetswa sepetleleng sa Ladysmith.
Empa, Fredlund o re, bakudi bao ba tlameha ho ema nako e itseng pele ba ka alafuwa. Fredlund o ne a kope ngaka e nngwe ho tla thusa ho etsa opereshene tsa mafuta oo ka mafelo a beke, empa ka bomadimabe ngaka eo a neng a e kopile, e ne e timele ho swahlamaneng ha sefofane mme ka lebaka leo, Fredlund a tlameha ho iketsetsa opereshene eo ka boyena.
Mhlongo o robaditswe phaposing eo a tlang ho etsetswa opereshene ho yona mme o robaditswe ka lehlakore a apeswa ka lesela le letala mmele kaofela ho hlahile qholo eo e nang le mathata feela.
Ba mo robatsa ka tsela ya hore a se kgone ho bona se etswang moo qholong ya hae.
Ka mora nako e seng kae, ka hora ya leshome, Viljoen, a qala mosebetsi wa hae wa ho buha qholo ya Mhlongo.
Phaposing eo ho sebeletswang ho yona e ka tshwantshwa le sebaka sa ho betlela mapolanka hobane mosebetsi boholo o etswa ka sakga ya motlakase, noto, tjhesele le pampiri ena ya ho hohla.
Ho ntshuwa komiki ya kgale nokeng ya mokudi mme a kenyeletswe e ntjha ya polasitiki.
Mhlongo o tiisetsa mahloko ao a ntse a thodiswa ke mooki ya ntseng a lekotse maemo a hae. O bonahala a thothomela.
Mooki eo o neheletsa Fredlund komiki e ntjha mme mooki e mong a tlotse ka "samente" ya teng. Ka ho panya ha leihlo ka 10:50, Mhlongo o ne a se a na le komiki e ntjha nokeng.
Ka mora moo ho tla utlwahala lerata feela nakong eo Fredlund a phunyetsang noka eo.
Ha a se a qetile moo, mooki eo hape o tla le samente eo ya teng ho tla tlotsa moo ho hlokehang.
Mhlongo o utlwahala a buela tlase le mooki a bua ka taba ya ho ya kerekeng ka Sontaha.
Fredlund o qetella mosebetsi wa hae jwale.
Ka 11:25, ho utlwahala dingaka jwale di busetsa leoto la Mhlongo madulong.
Ka mora opereshene eo, mokudi o tla mmona a tletse meroko mmele kaofela.
Motsheare Mhlongo a leka ho tataya hanyane ho itlwaetsa ho tsamaya. Fredlund le Viljoen ba tlwaetseng ho etsa diopereshene tse pedi jwalo ka la boraro, jwale ba itokisetsa opereshene e latelang.
FREDLUND, eo le yena e leng modumedi, o tobane le phephetso e kgolo. O ne a fihle moo Mseleni le mohatsae, Rachel ka selemo sa 1981 ba tswa Brithania. Leha ba ne ba ikemiseditse ho dula naheng ena dilemo tse mmalwa, empa jwale ba se ba dutse tse 25.
Ka dilemo tsa bo 1980, o ne a tlamehe ho alafa batho ka lebaka la mahloko a neng a bakwa ke ho nwa metsi a ditshila. Fredlund ka boyena o ne a etse matsapa a hore ho kengwe diphaepe tsa metsi tse pedi sebakeng sa dikilomitara tse leshome a qala ka dikolo tse haufi.
Setjhaba se ne se kenyetswe dipompo.
Fredland hape o ne a qale projeke ya ho aha matlwana.
Ka mora dilemo Fredlund e le yena feela ngaka moo Mseleni, o ne a qale ho sebedisana le Themba Mqadi eo ha jwale a leng mose ka ona mosebetsi wa ho alafa.
Mseleni ke mohlala wa sepetlele se itekang haholo empa se hloka disebediswa.
Sena se pakelwa ke mosebetsi o bokgabane dilemong tsena tse tharo tse fetileng. Sena se ne se phethe takatso e kgolo ya Fredlund - e leng ho tlisa phapang maphelong a batho ba bang. [s]
Health-e News Service
BONA SESOTHO - December 2006
SE SEHOLO: O theohetse - Dr Fredlund o se a ithutile ho iketsetsa ophereshene ka boyena...
SE SENYANE: Mokodi o etswa ophereshene a ntse a utlwa.
Ngaka e tswang "naheng e nngwe" e etsa dimakatso sepetleng se seng...
pale le ditshwantsho ka KERRY CULLINAN
BONA SESOTHO - December 2006
u
t
Nakong e ka etsang letsatsi feela, mokudi o tla be a tsamaya ka maoto a hae
KA HODIMO: Dingaka di leka ho kgwesa noka ya mokudi.
