sotho.591.baby
Lesea la ka le phetse"
pale ka PRIMROSE WILLIAMS
ditshwantsho ka GREAT STOCK!
BATHONG ba bangata, ho ba motswadi ke ntho e monate le e makatsang haholo bophelong. Empa he masea ao ha a tle le buka eo ho yona o ka balang hore ke se fe seo o tlamehang ho se etsa jwalo ka motswadi e motjha. Ke tsena tse ding tsa dintho tse tlwaetseng ho makatsa batho ba qalang ho ba batswadi...
Ho tswa madi ka mahlong: Mahlo a lesea ha a ya tlameha ho tswa madi, empa ka mora ho belehwa ha lesea, ho ka etsahala o bone methatswana e mefubedu karolong eo e tshweu ya mahlo. Sena se tla fela ka potlako ntle le kalafo ka mora dibeke kapa dikgwedi.
Madi mantleng: Hona ha ho a tlwaeleha, empa ha ho kotsi jwalo ka ha batswadi ba bangata ba nahana. Leseeng le phetseng hantle, sena ke letshwao la ho hlolwa ke diprotein tse lebeseng. Ho tlohela ho ja lebese kapa tsona dijo tse entsweng ka lebese ha motswetse e ka ba pheko ya sena. Empa netefatsa hore o bonana le ngaka kapa yona tliliniki.
Makgopho matsweleng: Se pepete ditlhoko tsa lesea hobane a tla iphella ntle lekalafo.
Ho ohlola: Masea le ona a ohlola hantle feela jwalo ka rona ha ho le teng se qoqothong ya moya. Ho ohlola hona ha ho bolele hore o a kula. Empa sena e kaba bothata haeba ho na le matshwao a mokgohlane, ho bile ho ama ho ja le ho robala ha lona.
Ho lla: Masea a a lla. Ka nako e nngwe le ebe le lapile kapa le hloka ho tjhentjhwa leleiri kapa e le nako e itseng ya letsatsi kapa nakong eo a nang le bodutu kapa o se o mo nahanela haholo. Tseba seboko sa lesea la hao, o tsebe le ho mo koeetsa.
Ho lla hoo e ka ba letshwao la mathata haeba mohlomong a lla a bile a jokotsa haholo, a lle ka mora ho nyanya, a ba le mantle a nkgang kapa a fokola mmeleng. Haeba o hloka ho tseba hore ho lla ha lesea la hao ho tlwaelehile kapa tjhe, ikopanye le tliliniki ya hao.
Ha le lla ha le ithoma: Haeba mantle a lesea a la bonolo kapa a le metsi, le kokomosa ka mokgwa o tlwaelehileng, e bile hoo ha ho bontshe ho pipitlelwa. Haeba le pipitletswe, mantle a lona a tla ba thata, e be morokola kapa a be thata ho feta botoro ya matokomane.
Ho sileha ha dijo: Masea a mangata a ba le mathata hobane ke hona dinama tse silang dijo di sa hola. Ho pipitlelwa ho seng matla ho ka qetwa ka ho le sidila mpeng, mokokotlong le maraong. Empa ha lesea le ka hlatsa kapa hona ho tsholla, la ruruha mpa kapa ho ithoma mantle a nang le madi, potlakela tliliniking.
Thaabe: Leha di le ngata ditsela kapa yona mekgwa ya ho qeta thaabe baneng le bathong ba baholo, o ka le tlohela lesea ho fihlela thaabe e iphella ka boyona. Qeta thaabe eo ka ho netefatsa hore a se je ka potlako kapa hona ho hema ka matla.
Lekgopho: Letlalo la lesea le bonolo haholo le bile hape ha le boreletsana ka ho feletseng. Lesea le a kgophoha ka mora matsatsi kapa dibeke le hlahile mme lekgopho leo le a iphella. A mang masea a tswa makgopho a masehlanyana a nang le bofubedu. Tsena kaofela di iphella ka mora matsatsi a mararo ho ya ho a mahlano mme ha se bolele letho. Nkwetho ya masea le yona e ka etsa letlalo la lesea le foforehe haholoholo dintshing, ka mora ditsebe le molaleng. Le mona ha ho kalafo e hlokehang - hlapa lesea ka sesepa se seng bohale. Makgopho a hlokang ho phahamelwa ka maoto, ke ao a tsamaisanang le mokgohlane le ao a mpefalang ka kalafo e tlwaelehileng.
Ho thimola le ho thibana dinko: Ka bobedi tsena di tlwaelehile mme di bakwa ke ho hahlamelwa ke dintho tse kang kwae. Ha ho a tlameha ho be teng motho ya tsubelang ntlong eo ho leng teng lesea ho yona.
Ho jokotsa: Masea a mangata a atisa ho jokotsa ha a fetjwa. Se kgathatsehe ke seo. Se nahane hore lesea le tla lapa. Ho thibela hore ngwana a se jokotse, se mo fepe a robetse, mo phahamise hanyane ho etsetsa hore a se nyanye moya moo botlolong.
Ho jokotsa hoo e ka ba bothata haeba mmele wa lona o sa kopane, le atisa ho ohlola le qhwelwa.
Ho theoha mmeleng: Masea a atisa ho theoha mmeleng ka dipersente tse 10 matsatsing a mararo a bophelo ba ona. Empa ha o a tlameha ho feta moo. Ka mora dibeke tse pedi, le tlameha ho boela mmeleng wa lona. Haeba lesea le sa kgutlele mmeleng dibekeng tse pedi kapa le lahlehelwa ke boima ho ka hodimo ho dipersente tse 10, bonana le tliliniki ho o bolella dijo tse ding ntle le letswele. [s]
Ho a tshosa ho bona lesea le qala ho etsa dintho tse sa tlwaelehang, empa seo ke ntho e lebeletsweng...
Potso ya motho ohle ya qalang ho ba motswadi
BONA SESOTHO - October 2005
t
t
Ho se be le ya tsubelang ka tlung
BONA SESOTHO - October 2005
Matshwao a ka bang pontsho ya mathata a maholo
Haeba lesea le ba le a mang a matshwao a latelang, kopa thuso ya tsa bophelo:
Haeba le sa ithome mantle a matala dihoreng tse 36 le hlahile.
Haeba letlalo kapa karolo e tshweu ya mahlo e ba tshehla.
Le hlatsa kgafetsa (le sa jokotse)
Ho fela dihora tse tsheletseng ho ya ho tse robedi le sa batle dijo.
Le tshwarwa ke mokgohlane pele ho fela dibeke tse tsheletseng le hlahile.
Le dutse le ohlola.
Le dutse le na le mathata, le sa tsitse.
Le dutse le tepeletse le robetse.
Le tjhentjha lebala sefahlehong le dipounameng.
Le tsholla kapa le hlatsa.
Le bonahala le nyorilwe.
HLOKOMELA: Haeba sena se sa o jeseng ditheohelang ka bophelo ba lesea la hao, se dikadike ho kopa thuso ya kalafo.
