sotho.584.dead
BONA - August 2005
Dimoshare tse ikemetseng tseo bongata
ba tsona di se nang le dihatsetsi, di
Ditjeho tsa lefu
BA A ITAOLA, mmuso ha o ba behele molao wa tjhelete eo ba lokelang ho e bitsa, ke ka hona dimoshare tsa poraevete di lefisang bang ka mofu le ditjeho tse sa kopaneng hohang le tsa motheo wa lepato.
Borakgwebo bana ba hwebang ka mafu, ba etsa lonya leha tjhelete e se e re ntate ho bona ka lebaka la palo e kgolo ya batho ba bolawang ke kokwanahloko ya EITSI.
EITSI e bolaile batho ba ka hodimo ho ba 300 000 selemong se fetileng - mme Mokgatlo wa Matjhaba a Kopaneng o nahanela hore ho na le ba ka hodimo ho ba dimilione tse hlano Afrika Borwa ba phelang le kokwanahloko ena ya EITSI.
Borakgwebo bana ba na le bonnete ba bokamoso bo botle kgwebong, athe ba bang ba bona ba se ba le meharo hona hoo ba seng ba bitsa ditjhelete tse tshabehang ka setopo.
Ditjeho tsena di kenyeletsa le tsa profeshenale, ho bolokwa ha setopo, tshebeletso ya lepato le lebokose - ao ba iketsetsang phaello e tlohang dipersenteng tse 300 ho ya ho tse 700 ka ona!
"Ba meharo," ho bolela rakgwebo e mong ya sa tswa hlokomela ka moo e leng kgwebo e bohloko ka teng. "Motho ka mong o batla ho ja a le mong! Ke kgwebo e mpe haholo, eo ho yona motho a jewang ka nako eo a utlwileng bohloko bo tshabehang."
Setjhabeng sa batho ba batsho, hangata se pata ka mafelo a beke - hona ho etsa hore ditopo tsa bona di bolokwe moshare matsatsi pele di patwa. Phupu e fihla lelapa leo le se le kolota diketekete tsa diranta ntle ho ditjeho tsa lepato - molato o moholo eba wa ho boloka setopo moshareng.
Ka nako eo ba lelapa ba sa ntseng ba leka ho bokelletsa tjhelete, sekoloto se ntse se nyoloha. Bang ba qetela ba sa kgone ho pata mofu wa bona hobane monga moshare o hana ho ntsha setopo pele a lefshwa diketekete tseo.
Theo Rix, presidente wa National Funeral Directors Association Of Southern Africa, o re NFDA e hatella mmuso hore o kenelle taolong ya ditjhelete tse bitswang ke borakgwebo bana.
NFDA e emetse ditho tse ka bang 540 hara ba ka hodimo ho
5 000 ba kgwebong ena. "Mathata ao re nang le ona ha jwale ke hore ditho tsa rona di bitsa tjhelete e fihlellang ho R350, ha mathaka ana a ikemetseng ona a bitsa tjhelete e pakeng tsa R3 000 le R4 000," ho bolela Rix.
"Mmuso o se o batla ho re mamela, empa ho tla nka dilemo tse ding tse nne pele o nka bohato!"
Rix o re ho se be le taolo ha mmuso kgwebong ena, ho entse hore mang kapa mang ya nang le dikoloi tse ngata a nahane hore a ka qala kgwebo ya moshare.
"Kapa Bophirirma feela, ho na le dimoshare tse ka bang 527," ho bolela yena. "Bongata ba tsona bo bitsa haholo hore ba tsebe ho dula ba le kgwebong, ka hoo ba iketsetsa ka moo ba ratang." Rakgwebo e mong ya nang le moshare ya sa ratang ho phatlalatswa, o itse ha se nnete hore kgwebong ena ba etsa tjhelete e ngata jwalo ka ha re nahana. [s]
bokelletsa tjhelete e tshabehang ka ditopo...
BONA SESOTHO - June 2006
Mokgwa o mobe
pale ka THOKOZANI MAGAGULA
setshwantsho ka CLIVE THOMPSON
Dimoshare tsa poraevete - seo re ka se etsang...
Hangata, motho o qala ho lefiswa tjhelete e ngata ha a batla ho ntsha mofu wa hae a mo ise moshareng osele. Beng ba moshare oo ba hatella beng ba mofu ho lefa tjheletehadi pele ba ka lokolla setopo.
Setjhaba se eletswa ho isa bafu ba sona dimoshareng tseo e leng ditho tsa mokgatlo o amohelehileng. Hangata, tsona di a hlahlojwa ho shejwe tsela eo di tsamaisang kgwebo le hore ditshebeletso tsa bona di molaong kapa tjhe.
Ha ho ena le mathata, ho na le mokgatlo oo motho a ka isang tletlebo ya hae ho ona. Dimoshare tsena di bile di na le mangolo a hlonngweng phaposing ya tsona ya ho amohela baeti. Athe setjhaba se ka botsa beng ba moshare oo hore na ke ditho tsa mokgatlo o laolang kgwebo eo kapa tjhe.
Ntho ya bohlokwa ke ho tseba ka moo moshare eo e sebetsang ka teng pele o ka e dumella ho nka mofu wa hao.
Ela hloko le ka batho ba bang ba iketsang "metswalle e kutlwelobohloko" e tla o eletsa ho isa mofu wa hao dimoshareng tse itseng. O ka nna wa iphumana o ba lefella le bona tjhelete ya khomishene.
Bakeng sa ditlhalosetso tse ding tse mabapi le mekgatlo e laolang dimoshare, letsetsa Theo Rix nomorong ena: 021-975-1010.
u
BONA SESOTHO - June 2006
Ke ya Hao ka Molao
O e tlisetswa ke BONA le Scorpion Legal Protection
O lonngwe ke ntja
Mohatsaka le ngwana wa rona ya dilemo di hlano ba ne ba ntjhaketse motseng o ke sebetsang jareteng ya teng. Ka nako eo ba sa ntseng ba le moo, ntja ya mohiri wa ka ya loma moradi wa ka. O ne a lemetse ha bohloko sephakeng hona hoo ngaka e neng e mo roke dititjhe tse 12.
Ntja ena e ne e so ka e halefa hakana, mohatsaka o ne a hlola a ntjhaketse mme e ne e sa mo etse letho ho fihlela e re tjhentjhela ka letsatsi leo.
Monga yona a hana ho lefella ditjheho tsa ngaka. A re mohatsaka le ngwana, hohang ha ba na tokelo ya ho kena ka hara jarete ya hae mme hape o ne a sa tsebe hore ntja eo e ka halefa hoo e ka lomang ngwana habohloko hakaalo hobane e tlwaetse batho.
Empa nako le nako ha mohatsaka a ntjhaketse o ne a so ka a tletlebiswa ke hona. Ke lokela ho etsa jwang"
TT, Gauteng
lMohatsahao le ngwana ba ne ba sa kena ka hara jarete eo ntle ho molao.
Mohatsao o ne a o tjhaketse jwalo ka tlwaelo. Hore ntja eo e ne e sa halefe ha e mo bona ha se lebaka le ka etsang hore monga yona a itshireletse ka lona ha e lomme ngwana. Molao o re ha phoofolo e itshwara ka mokgwa o mokgelo ho tse ding (e halefa ka mokgwa o sa amohelehang) ya loma batho, monga yona o lokela ho rwala boikarabello ba tshenyo efe kapa efe eo e tla etsahala.
Ha o ka hlahisa bopaki ba hore ntja eo e ruilwe ke monga motse oo mme hape ngwana eo ha a e qala hohang mme wena o senyehetswe ke tjhelete ha ngwana wa hao a utlwile bohloko bo tshabehang, o na le tokelo e nepahetseng ya ho mo qosa.
Phoofolo e entseng tshenyo e lokela hore ebe e le e ruilwe lapeng leo. Mme ho ya ka lengolo la hao ho fela ho le jwalo.
O tla hloka hore o fumane ditokomane tsohle tsa ditjeho tsa ngaka e neng e alafa ngwana. Hape, o tla hloka ho kgutlisetsa ngwana ngakeng hore a boele a hlahlojwe hore o a fola kapa tjhe le hore ha a hloke ho etswa opereishene ya ho lokisa letlalo la hae ka 'plastic surgery' ho fokotsa maqeba kapa tjhe. Ditjheho tseo mmoho le tsa opereishene haeba e hlokahala, kaofela ke tseo o tla di batla ho monga ntja ho latela molao. Ngaka ya hao e tla lokela ho o ngolla raporoto ya kalafo.
O tla hlalosa ka moo leqeba le neng le le ka teng mohla letsatsi la pele le kalafo eo a neng a e nehe ngwana le hore ka mora nako ha o mo kgutlisa o ne a se a le jwang, a hlalose bohloko boo ngwana a bo utlwileng, a bolele ditjeho tsa hae le tsa meriana le hore o nahanela hore kalafo e tla latela e tla bitsa bokae. O lokela ho boela o ngola lethathama la meriana ya mahloko eo o neng o e rekela ngwana wa hao le hore e bitsa bokae.
Ha tsena tsohle di se di feletse, o lokela ho ikopanya le mmuelli wa hao ya tla shebisisa maemo mme a bone hore le hloka ho batla bokae bakeng sa ditshenyehelo tseo tsohle ho monga ntja.
Re na le tshepo e tiileng ya hore nyewe ya hao e tla atleha mme monna eo o tla tlameha ho o lefa. [s]
Re entse matsapa ohle a ho netefatsa hore dikeletso tsa rona ke tse nepahetseng. Empa nnete ke hore nyewe ka nngwe e hloka ho fuputswa ka tshwanelo mme ba ha Scorpion Legal Protection (Pty) Ltd, ditho tsa yona esitana le ba ha BONA mmoho le baphatlalatsi ba makasine ena, ba keke ba rwaka boikarabello ba ditshenyehelo tseo motho ya latetseng dikeletso ya bona ka mokgwa ofe kapa ofe a keneng ho tsona.
Romela mathata a hao ho: BONA Legally Yours, Box 32083, Mobeni 4060. Scorpion e fa bohle ba re ngoletseng ka mathata a bona lengolo le ba dumellang ho buisana le mmuelli mahlomahlong metsotso e 30, a le kantorong e nngwe ya bona naheng ena kapa o bue le yena mohaleng.
t
Ditjeho tsa
lefu
