sotho.578.B 3962 - 05 - 08 PURITY
B39101/04/08 Setshwantsho:Patrick Toselli; setaele ka Linda Bean; Setshwantsho Tony, moriri le mokgabiso wa sefahleho ka Nthato Mashishi wa Shine .
setaele!
leqephe la papatso
Ke
Ya motshwana ka Black Chic...
O BATLA lethathama la dihlahiswa tsa moriri tse theko e ntle la ho o otlolla, le tseo o ka di tshepang tsa ho o boloka o le motle"
Se hlole o kgathatseha...
Lethathama la dihlahiswa tsa Black Chic hair relaxer di na le olive oil e sireletsang moriri hore o se senyehe, o se omelle hape o se shebahale o kgathetse ka mora ho otlollwa.
Dihlahiswa tsa ho otlolla moriri tsa Black Chic di na le di-fatty acids tse sebetsang le olive oil ho nolofatsa moriri hore o dule o benya nako e telele. Lethathama la dihlahiswa tsena le fumaneha ka mekgwa e mmedi: Regular, bakeng sa moriri o tlwaelehileng le Super, bakeng sa o thata. Lethathama la di-relaxer le tla siya moriri o le bonolo, o otlolohile o bile o phetse hantle, Lanolin-enriched S-curl relaxer yona e etsa hore moriri o harahane hantle, o be bonolo mme o kamehe ka bonolo. E loketse moriri o monyenyane. Empa leha o le bolelele bo bokae, Black Chic e tla siya moriri wa hao o le motle, o itshepa mme o be sebete hore: "Ke setaele sa ka!"[s]
