sotho.564.premier
Lekunutu le utullotswe
Pheha masutsa
BONA SESOTHO - March 2006
"Ke holetse setjhabeng seo ho sona mopheho e neng e le ntho ya bomme feela," ho rialo Thabang, "empa ke a rata ho pheha!"
Ka moo radipolotiki enwa a di sokang ka teng - ketjheneng!
pale ka FIONA MACLEOD
ditshwantsho ka GRAEME BORCHERS/AENS
HAEBA o iphumana o le nahathote, le lephako le uba, hopola hore motsamai o ja noha, mme ke ena tsela ya ho e pheha: seha noha dilae, o di pitikise ho folouru le leheng hanyane mme o di hadike oling e tjhesang.
"E latsweha jwalo ka KFC," ho rialo Thabang Makwetla, tonakgolo ya Mpumalanga a ntse a tsheha. Ho pheha nama ya dinoha le dikwena, ke seo a neng a ithute sona dilemong tse 14 nakong eo a neng a ngadile kwano.
Monna enwa ya hlahetseng Middelburg, ka 1957, haesale a rata ho pheha ho tloha bonyaneng ba hae. O hodisitswe ke nkgonwae ya neng a mo sebedisa jwalo ka motho e moholo.
Thuto eo ya nkgonwae e ne e mo thuse haholo nakong eo e neng e le moetapele wa batjha ka 1976 ha a ne a ngala kwano. Nako e ngata o ne a dula a le mong mme a tlameha ho iphehela.
"O rata dijo tse tlwaelehileng - setjhu, di-casserole le nama ya kgomo. Empa he e be tse latswehang. Batho ba jang tse phehilweng ke nna ba tlameha ho utlwa phapang," ke yena eo.
Nka etsa mohlala ka hore, nama e tlameha ho ba le sopho. Ho besa nama ha ho bolele ho e akgela feela mashaleng - empa e tlameha ho lokiswa hantle, e latswehe.
Makwetla o re o ithutile dijo tsa matjhaba ho bomphato ba hae nakong eo a neng a ngadile - mofu Garnet Gordon, ya neng a sebetsa dikepeng, Kapa, o ne a iphehela.
"Ke holetse setjhabeng seo ho sona mopheo e leng ntho ya bomme feela," ho rialo Makwetla. "Garnet o ne a sa rate ho ja dijo tseo a di phehetsweng ke motho e mong, o ne a sa batle mosadi ketjheneng ya hae."
Ka hoo, masowa ao a mabedi a ne a ithute diresepe dilemong tse hlano ba le Botswana. Tonakgolo o ne a nke buka eo ya "mopheho" ha a ne a leba dikampong tse ding tse kang tsa Angola, Lesotho le Zambia - a kgutlela le yona lapeng ka 1990.
Kajeno ha ho seo a se thabelang ha e le Mantaha ho ena le hore a lebale ka tse ngata, a qabane le dipitsa ketjheneng.
"Se monate ka ho iphehela, ke hore o pheha ntho e ratwang ke pelo ya hao - e seng jwalo ka mabenkeleng a dijo moo o tlang ho ja se phehilweng moo," ke yena eo.
Phirimana ya Mantaha e neha tonakgolo ena sebaka sa ho phomola hantle lapeng. "Ho pheha ho mpha nako ya ho nahana hantle ka beke e fetileng le e latelang."
Ka mafelo a beke, o a lebala ka dipolotiki, a shebane le metswalle le ba lelapa, ho beswe nama ho be monate.
Empa he kajeno ha ba sa besa ya dinoha le dikwena. [s]
A ko iteke
Diresepe tse pedi tsa Tonakgolo...
Tonakgolo e re bontsha ka moo o ka thabelang ho pheha ka teng!
BONA SESOTHO - March 2006
Veine e monate, dijo tse monate le setswalle - ke bona bophelo bo monate!
Lamb Tagine (Casserole)
Disebediswa
500g stewing lamb
1 eie e kgabetsweng
oli bakeng sa ho hadika
1 kgabana (5ml) paprika
1 kgaba (15ml) folouru
phophi ya veine e kgubedu
1 kopi (250ml) stock
45g matokomane
2 dihwete tse ebotsweng tsa kgabelwa
1 apole e ebotsweng ya kgabelwa
1/3 kopi (85ml) stewed dried fruit
letswai le pepere bakeng sa tatso
Mokgwa
1. Hadika eie le nama paneng ho fihlela di ba sootho. Tshela dinoko, folouru, veine le stock. Bedisa.
2. Fokotsa mofuthu. Pheha metsotso e 20. Tshela matokomane, dihwete, apole le ditholwana tse omisitsweng.
3. Pheha ho fihlela di butswa. Tshela letswai le pepere.
4. O ka fepela le polenta le dinawa le eie. Kgabisa ka parsley.
Roast Chicken
Disebediswa
1 kgoho
letswai le black pepper bakeng sa tatso
rosemary
1 eie e kgabetsweng
1 kopi (250ml) chicken stock
1 kgaba (15ml) margarine
Mokgwa
1. Fafatsa nama ka letswai, rosemary le pepere. E behe ho ovenproof dish. Tshela eie le stock. Baka ontong e seng e futhumeditswe ka mofuthu wa 180oC hora ho fihlela e ba sootho.
2. Tshola nama. Sebedisa stock bakeng sa sopho. Tshela kgaba ya margarine o fokotse mofuthu ho fihlela sopho e ba reberebe.
3. Fepela le reisi kapa le green salad, e fafaditsweng ka Dijon mustard le balsamic vinaigrette.
