sotho.554.yourworld_tvguide
NAKO YA TV!
MONNA YA MAPHATHEPHATHE
Laurence Fishburne o bua ka karolo ya bohlokwa ya Morpheus dikarolong tse tharo tsa filimi ya The Matrix. Se fetwe ke The Matrix 1 ho SABC1 (Mphalane 11, 8pm)
O ikutlwa jwang ka ho ba karolo ya mosebetsi ona o motle wa serabe"
Hantle haholo. Batman, Superman, Robin, ke bolela hore re fumana monyetla wa ho ba dikakapa mme ho monate haholo.
The Matrix ebile le tshusumetso e kgolo ya ho fofa sepakapakeng. Na ho bile le ditlhophiso tse ikgethang tseo o di entseng bakeng sa filimi ena"
Batho ba nang le lerato le ikgethang la serabe ke bahlahlamani ba ha Wachowski (balaodi ba filimi). Ke na le khomputara; ke a tseba le ho e bula. Ho monate feela jwalo.
Ho nkile nako ho qeta filimi ena. O thabile ha e fedile"
Ke thabile haholo ha e fedile. Ke motshehetsi e moholo wa The Matrix mme ke thabela ho bona difilimi tsena e seng hobane ke bapala ho tsona feela. Ha se hangata motho o fumanang monyetla wa ho bapala filiming eo o thabelang ho e shebella.
Na o ka re hlalosetsa hore filimi ena e bua kang"
Ke mang nna" Hobaneng ke le mona" Maikemisetso a ka ke afe bophelong" Tsena ke tse ding tsa dipotso tsa bohlokwa tseo filimi ena e di botsang mme ho tswa ho wena ho kgutlela morao o ilo e shebella hape o e shebisise jwale. Kgetho ke ya hao!
(E NKILWE HO: www.indielondon.co.uk)
CONVERSATION ON A SUNDAY AFTERNOON
(Mphalane 18, 10.15pm, SABC3)
Ho sekasekwa ditaba tsa bohlokwa jwalo ka ho hlekefetswa ha matswantle Afrika Borwa le maemo ao a tobanang le ona. Tony Kgorogoe o bapala karolo ya moqolotsi ya batlang mosadi ya neng a kopane le yena pakeng mme o kopana le baphaphathehi ba bangata ba mo bolellang mabaka a ba tlisitseng mona.
SEO O KA SE SHEBELLANG
Scary Movie
(Mphalane 10, 7.30pm, SABC3)
Bahlahlamani, Marlon le Keenan Ivory Wayans ba hlanya e le ka nnete filiming ena e qabolang e fetole difilimi tse kang I Know What You Did Last Summer masawana. Ka mora selemo ba patile setopo sa monna eo ba mo bolaileng ka kotsi, batjha ba botlokotsebe ba nyonyobela ke sekopanahloohwana sa mmolayi ya phetaphetang.
TSEO O KA DI SHEBE-LLANG
Difahleho tse ntjha le tsa kgale
Bona dihlahleho tse ntjha difliming tsa marato le tsa kgale tse kgutlang sekwele hore di tla leng
Onica o re ho Tshidi, King o swele, o mohono ebile o kgella ba bang tlase. Ka mora ho utswa dithethefatsi tsa King yena le Tshidi ba lo ipata hara dibatana Hillbrow. Naomi, moqolotsi, o bolella S'bu ka ya belaelwang hore o sentse borwetsana ba naledi ya mmino wa bodumedi, Joy Cele.
S'bu, ya ratang basadi, a qala ho ratana le Naomi, a ba a mo phoqa, Gail o utlwa monate. Mantaha ho ya ho Labohlano
6.30pm, e-tv
Pule (ya tsejwang ka la Bishop) o etelwa tjhankaneng ke Palesa ya batlang ba etse diteko tsa DNA ho netefatsa hore ke ntatae kapa tjhe. Wayne o a phoqeha ha Jacques le Keke ba hlokomela hore o betjha hobane a batla tjhelete ya dijo, o ne a sa swaswe ha a re ke lekgoba la dipapadi tsa tjhelete. Mantaha ho ya ho Labohlano, 7.30pm, e-tv
KK le Barry ba tshepisa Thandaza ho hong. Ha morero wa bona o nyopa, ba rera ho hong. Ba tla ipona. Ebe ba fela ba kopane le dipela di falla" Mantaha ho ya ho Labohlano, 9pm, SABC2
Zamani o ne a le dihlong ha a ena le Neli empa pele ho nako, e tla be e le baratani ba hlwahlwa. Ajax o hlokomedisa moholwanae ka Neli empa ha a mo tsotelle hohang. Mantaha ho ya ho Labohlano, 8pm, SABC1
DIFILIMI TSA MARATO
4TSE PELE
E bokeleditswe ke: Ntokozo Maseko
Setokofele haesale e le karolo ya bophelo ba batho ba batsho ka dilemo, ba a tshehetsana mme ba ithabise mmoho. Stokvel se tla re thabisa nakong eo se latelang bophelo ba Mojo le mohatsae Lerata, ditho tsa setokofele sa Majakathata le Sweet Harmony.
Michael Kyle (Damon Wayans) o labalabela bophelo bo kgutsitseng empa mohatsae ya lerata Janet, mora wa senokwane ya ratang mmino wa rap Michael Jr, le baradi ba batlang sena le sane Claire le Kady ba etsa ho se be bonolo.
Etswa ho bahlahise ba filimi ya Girlfriends mme le yona ena e a qabola, e bua ka bophelo ba sehlopha sa basadi ba nang le dikamano le dibapadi tsa bolo tsa profeshenale.
Tshehetsa neo ya kwano ka ho shebella tlhodisano ena ya diswaswi eo moahlodi wa yona ya moholo e leng seswaswi se seholo David Kau. Ka mora hore baahlodi ba tlalatlale le naha ba batla diswaswi tse hlwahlwa, o se o ka kgetha mohlodi ka bowena.
Ena papadi ke ya bophelo ba nnete ba sebapadi sa mmino wa rap, ya bapalang karolo ya Shelly Williams; moetapele wa sehlopha sa basadi ba bararo ba nang le lebenkele la diaparo, ba ratang banna. [s]
TSA DIPAPADI
