sotho.548.yourman_soccer
MOTLATSI WA MOKWETLISI:
wa hae mosebetsi ke ofe?
Na ke mahlabaphio, a dutseng a bitsa mahlo a batho? Na wa bona mosebetsi ke ho ho behela dibapadi matshwao a methinya boikwetlisong? Nnete ke hore ba na le mosebetsi wa bohlokwa ho feta ho lebela dibolo mme nehelo ya bona e bohlokwa hape e ka thusa sehlopha - ha feela ba ka tlohela ho dula ba nyenyetsa bakwetlise ba baholo
TSE TJHESANG
BA RE batlatsi ba bakwetlisi ke ba ho bokella diphahlo tse ditshila tsa dibapadi kapa ho beha matshwao a methinya ha ho ikwetliswa.
Bang ba re ha ba na molemo - ke mahlabaphio, a dutseng a leka ho nyenyefatsa mosebetsi o motle wa mokwetlisi neng kapa neng ha ba fumana monyetla mme ba qetella ba sentse le sehlopha seo se bileng le bomadimabe ba ho ba hira.
Di ngata tse buuwang ka batlatsi ba bakwetlisi ba dukang kgotso dihlopheng. Muhsin Ertugral ha a ne a qala ho kwetlisa Chiefs, ha re etsa mohlala, ho thwe batlatsi ba hae, Doctor Khumalo le Ace Khuse ba ne ba kgothalletsa dibapadi tse ding ho bapala hampe hore a tle a lelekwe, seeta ho sale ho lla sa bona.
Eo e ne e le menyenyetsi feela, nnete ke hore Ertugral o kgutlile hape sehlopheng mme o sebetsa mmoho le Khumalo le Khuse.
Empa ha se hore molato
ohle wa mmapalo o mobe o ka behwa mahetleng a basebetsi bana hobane feela ba sa isane hantle le baokamedi ba bona.
Ho thata ho ba motlatsi wa mokwetlisi ya makoko. Ka 2004 sethibathibane sa mehleng sa Orlando Pirates, Innocent Mayoyo, eo ekileng yaeba motlatsi wa Trott Moloto ho Maritzburg United, o ne a ngale mosebetsi, a tennwe ke ka moo Moloto a neng a mo tshwere ka teng, a sa batle ho utlwa letho leo a le buang.
Hantlentle ke efe nehelo ya motlatsi wa mokwetlisi bolong?
Ka molao, mokwetlisi ya moholo ke yena ya nkang diqeto ha motlatsi wa hae yena a tshwana le ramohlongwana, a netefatsa hore dintho di tsamaya ka theko le dibapadi di malala-a-laotswe.
Motlatsi wa mokwetlisi ke tshiya e tiileng ho ya ka Ted Dumitru, mokwetlisi wa Kaizer Chiefs ya neng a etelle pele Amakhosi ho hapa dikola tsa liki dilemo tse pedi tse latellanang.
Hangata mokwetlisi o kgetha motlatsi ya nang le bokgoni bo itseng boo a bo hlokang sehlopheng - jwalo ka ho kwetlisa dibapadi tsa morao. Hona ho atisa tsebo sehlopheng ya ka Dumitru, eo e neng moeletsi wa tsa tegniki ho Sundowns.
Ho ba le mathata ha motlatsi wa mokwetlise a se a nahana hore a ka nkela mosebetsi matsohong a hae. "Mokwetlisi e moholo ke yena ya nkang diqeto, motlatsi wa hae o lokela ho tshepahala ho yena," ho bolela Dumitru. Pitso Mosimane, eo e kileng yaeba motlatsi wa Dumitru ho Bafana ha e ne a bapala Mohopeng wa Dinaha tsa Afrika ka 2006, le yena o a dumela hore motlatsi wa mokwetlisi ya sa mo tshehetseng o fela a hloleha ho etsa mosebetsi wa hae. Hape o re o tlameha ho dula a butse mahlo ho bona neo e ntjha, e leng seo mokwetlisi a se nang nako ya ho se etsa.
Athe ha ho ka etsahala hore mokwetlisi a se kgone ho ba teng papading ka mabaka a itseng, motlatsi o tlameha ho laola papadi ho ya ka moo a neng a hlophisitse.
"Ha se nako ya ho leka maqheka a hae," ho bolela yena.
"Motlatsi wa mokwetlisi o lokela ho sireletsa mokwetlisi e moholo mme a mo tshehetse. Ha a sa kgone ho etsa jwalo, o tlameha ho siya sehlopha."
Jwalo ka Dumitru, Mosimane le yena o dumela ha sehlopha seo se tla hlolwa le pele se kena ka lebaleng ha motlatsi wa mokwetlisi a ntse a ithaburanya. "Batlatsi ba bakwetlisi e ka nna yaeba mahlabaphio," ho bolela Mosimane. "Bang ba leka ho senya bakwetlisi mabitso."
Ho ya ka mohlabadintlha wa mehleng wa Orlando Pirates, Ian Palmer, batlatsi ba bakwetlisi dilemong tsena ba tshwana le basebetsimmoho ba bang bohle, le yena e ne e le motlatsi wa Rudi Krol sehlopheng seo.
"O sebetsa le mokwetlisi e moholo ho bontshana ka bokgoni le maqheka ao le ka a sebedisang ho hlola ba direng," ho hlalosa Palmer. "Ha mokwetlisi a batla hore motlatsi wa hae a shebane le karolo e itseng ya papadi, o lokela ho etsa jwalo.
"Bohle re na le maikutlo a fapaneng a ka moo bolo e lokelang ho bapalwa ka teng empa mokwetlise e moholo ke yena ya lokelang ho etsa qeto e feletseng."
Ra makala ka mora ho bua le Palmer, ha ho phatlalatswa hore o siya sehlopha ka mora ho kgitlana ka mantswe le Krol. Ho na le menyenyetsi e reng Krol o qosa Palmer ka hore o kenya moya o mobe dibapading. E meng e re o kile a utlwahala a re ha a so ka a bona monna ya manganga jwalo ka Krol.
Pitso Mosimane, yena o sa ntse a le mafolofolo. Jwalo ka ha a kile a kwetlisa Bafana Bafana ka mora ho kwetlisa ka katleho Supersport, o ile a tsheha ba reng ho etswa motlatsi wa Carlos Parreira le Joel Santana ke ho theolelwa maemo a tlase.
"Ona ke mosebetsi o moholo haholo. Re pontsheng ya lefatshe jwale mme maemo a nyolohile haholo bolong ya habo rona, ke ithuta dintho tsa bohlokwa ho Santana, jwalo ka ha ke entse le ho Parreira," ho bolela Pitso.
Ke sa bohlokwa seo motlatsi wa mokwetlisi a lokelang ho se hlokomela ha
a batla ho iketsetse lebitso ka nako e tlang.
Mokwetlisi le yena o atleha ha feela a amohela nehelo ya motlatsi wa hae, le motlatsi ke nako ya hore a amohele hore mookamedi eo wa hae o tla o mo ruta dintho di se kae!
Ho ba motlatsi wa mokwetlisi wa Bafana ho na le diphephetso. "Hangata mokwetlise ke yena ya nyatsuwang ha sehlopha se hlolwa," ho bolela Mosimane, "empa ho Bafana Bafana ha ho jwalo. Ha re hlolwa, ba re ke nna ya bolellang Santana dintho disele!" [s]
Pale: Siyabonga Ngcangisa
Ditshwantsho: Gallo
Batshehetsi ba a mo rata, empa batlatsi ba bang ba bakwetlisi ba re ho thata ho sebetsa le Trott Moloto.
Motlatsi wa mokwetlisi ke tshiya e tiileng kwetlisong ya dibapadi ho ya ka Ted Dumitru.
"Re na le maikutlo a fapaneng a ka moo bolo e ka bapalwang ka teng empa mokwetlisi ya moholo ke yena ya lokelang ho nka qeto ka seo," ho bolela
Ian Palmer.
Ho sheba neo e ntjha ke e nngwe ya dintho tsa bohlokwa tseo motlatsi wa mokwetlisi a lokela o di etsa, ho ya ka Pitso Mosimane.
