sotho.533.Shoprite
B3823/03/08 Ditshwantsho: Graeme Borchers; setaele ka Linda Bean; Dibontshi Tony, Patricia le Lungile; moriri le mokgabiso ka Heather Oozthuizen. Diteboho ho motshwari le basebeletsi ba ha Shoprite Randburg (011) 9981840
E romele ka
Lindiwe o letsetsa ausiae Jabulile hobane a hloka tjhelete ya sekolo ka potlako.
"Se tshwenyehe," ho rialo Jabulile, "Ke tla o romella tjhelete ka tshebeletso ya Shoprite's Money Market!" Ho bobebe, ho bile ho bolokehile, tjhelete ya fihla ho Lindiwe metsotsong e mmedi feela.
E sebetsa jwang tshebeletso ena:
Tjhelete e ka romelwa ho mang kapa mang ka potlako Afrika Borwa.
1. Nka bukana ya hao ya boitsebiso ya Afrika Borwa mmoho le khophi ya yona mme o lebe ha Shoprite leha e le efe feela naheng ena. Neha mosebeletsi bukana ya hao le khophi ya yona, tjhelete eo o e romelang mme o lefe R9,99.
2. O kgetha dinomoro tse nne tsa lenyele mme mosebeletsi o tla o neha selipi le reference number. Ha jwalo feela, o se o e rometse.
3. Bolella eo o mo romellang tjhelete dinomoro tsa lenyele mmoho le reference number.
4. Ya romeletsweng tjhelete, o nka bukana ya hae ya boitsebiso, khophi ya yona, nomoro ya lenyele le reference number mme a lebe fenstereng ya Money Market ha Shoprite efe kapa efe feela Afrika Borwa ho ya amohela tjhelete eo. Ha ho bitse tjhelete ho amohela tjhelete eo. [s]
4.
1.
3.
potlako!
leqephe la papatso
2.
MELEMO
E a potlaka: Tshebeletso ena e a potlaka. Tjhelete o e fumana metsotsong e mmedi feela.
Tshireletso: Balebedi ba dutse ba le teng lebenkeleng mme ho bolokehile ho ena le ho nyolosa o theosa le tjhelete.
Polokeho: Money transfer e tshwana le ditshebeletso tse ding mme ha ho motho ya tla tseba hore o ntsha kapa o romela tjhelete.
Ha ho bitse: O romela tjhelete e fihlellang ho R5 000 ka R9,99 feela.
