sotho.532.Dead
BONA SESOTHO - May 2007
pale ka NOMPUMELELO MNGADI
ditshwantsho ka GREAT STOCK!
Erekaha mabitla a malekeisheneng a ya a ntse a tlala, mmuso o mathateng a ho fumana tharollo e tla kgotsofatsa bohle
Bafu ha ba na phomolo
NA KE NNETE ditsha tsa bafu di fedile ha ho moo re ka patang bang ka rona teng" Ho batho ba malekeisheneng, 'E', ke nnete ho jwalo. Ditsha tsa mabitla di fedile ho ya ka moo mookamedi wa dipaka, kaho, mabitla le meetlo ya Masepala wa Ethekwini, Thembinkosi Ngcobo a bolelang ka teng. Ke nnete, e seng Thekong feela, le ditoropong tse ding tse kgolo naheng ka bophara.
O re masepala o lokela ho etsa qeto ya hore o tla tswelapele ho sehela batho ditsha tsa mabitla kapa tjhe. Dipersente tse ka bang 90 tsa mabitla a Thekong di se di tletse. Batho ba hlokahetse ka bongata bo tshabehang dilemong tse fetileng tsena.
Mathata ana a lokela ho rarollwa. Ngcobo o re ho ya ka yena, mabitla ohle a ka hodimo ho dilemo tse tsheletseng ho ya ho tse 10 a ne a tla epollwa mme masalla a ona a tjheswe kapa a epelwe mokoting o mong o tebileng haholo hore ho tsebe ho patwa bafu ba bang. "Ke taba e hlokolosi haholo ena eo batho ba bangata ba sa batleng le ho e thetsa," ho bolela Ngcobo. "Empa nnete ke hore re tlameha ho etsa ho hong."
O BOETSE hape o dumela hore setjhaba se lokela ho kgothalletswa hore se tjhese bafu ba sona ho ena le hore ba patwe. Lekgotla la Ethekweni lona le re di tharo feela dintho tseo o ka kgethang hara tsona tse amohelehileng ho badumedi ba bangata. Ho theha jarete ya sehopotso moo molora wa masalla a bafu bao o tlang ho epelwa teng botjha; kapa o lahlelwe ka lewatle.
Kapa mokoting o le mong, ho patwe bafu ba fihlellang ho ba supileng empa ena ekare ba bangata ha ba batle le ho e utlwa. Ho boetse hape ho nahanwa hore batho ba se ahe majwe a mabitla hobane a nka sebaka se seholo.
Ngcobo o re qeto efe kapa efe eo ho tla fihlellwa ho yona, ho tla tsebiswa bohle ba amehang esitana le setjhaba ka kakaretso. Empa leha ho le jwalo o re ba mathateng hobane ha ho sa potlakelwe dintho, ho na le bafu ba sa tlo patwa hobane ditsha di fedile. Sebakeng sa Thekong ho na le dihektara tse 500 tsa naha e hlophiseditsweng mabitla. Ka selemo ho patwa bafu ba ka hodimo ho ba 19 000 mme ho a totobala hore pele ho nako e kae ditsha di tla be di fedile.
Ho bula ditsha tse ding tsa mabitla ke se ke keng sa etsahala. Mabitla a se a tletse tlolo ya molao mme ho ditjeho ho a hlokomela ke ka hona o bonang ditsha tse ding di se di lahlilwe kgerehlwa jwalo ka mooko wa pere. Ho senngwa ha mabitla le hona ho jele setsi matsatsing ana.
Ho etswa matsapa ohle a ho tsebisa bohle ba amehang tabeng ena ya ho epollwa ha mabitla le ho tjheswa ha masalla. "Re hlophisa hore dikolo, dikereke le setjhaba ka kakaretso ba tle mabitleng a rona ho tla bona ha ho tjheswa masalla ana," ho bolela Ngcobo.
MOETAPELE wa Mamuslim yena o se a boletse hore ba tshehetsa ho tjheswa hona ha masalla hore ho tsebe ho patwa bafu ba bang empa ba hana ha seo se etswa dilemong tse tsheletseng ho ya ho tse 10 feela mofu a patilwe.
"Ho molemo hore ho patwe batho ba bang lebitleng le le leng empa ha re rate ha ho tla epollwa mofu ya patilweng pele. Ho epollwa ha bafu ke seo tumelo ya Semuslim e sa dumellaneng le sona hohang," ho bolela Abdul Fataag Carr, sebui sa Mamuslim.
"Ha re hanyetse hore lebitla le boele le sebediswe hape ho pata mofu e mong ha setopo sa eo se se se le masapo feela empa dilemo tse boletsweng di nyenyane haholo hore ebe setopo se ka be se se se le masapo feela.
Mobishopo Barry Wood, Vicar General wa Arch Diocese ya Thekong, yena o re tsena tsohle di lokela ho shebisiswa ka hloko. "Ke nahana hore setjhaba se lokela ho tsebiswa pele ho nkuwa bohato bofe kapa bofe ka bafu. Hona le batho ba sa rateng ha bafu ba bona ba tjheswa mme ke nahana hore ha ba a lokela ho hatellwa ho etsa jwalo."
Musa Sithebe, mmuelli ya sebetsang mmoho le lekala la tsa Toka mane Empangeni, o re ha ho masepala ya nang le tokelo ya ho epolla lebitla ntle ho tumello ya bang ka mofu eo. O re ha mofu a ne a itse yena a ka thabela ho tjheswa seo se lokela ho etswa mme ho phethwe le hore o itse molora wa hae o etswe jwang. Ho lokela ho latelwa seo mofu a se boletseng pele a eshwa.
"Ha ho molao o dumellang mang kapa mang ho epolla lebitla ho sa kgathallehe hore ke tlasa mabaka afe," ho bolela Sithebe. Haeba mmuso o batla ho nka tsela eo, tlasa mabaka a itseng, seo se lokela ho kenngwa tlasa molaotheo hantle ho latela molao. Ho bolelang hore ho lokela thehwa sekamolao mme se lebiswe setjhabeng hore se o sekaseke pele o ka tjhaelwa monwana jwalo ka molao o feletseng. [s]
BONA e a fuputsa
BONA SESOTHO - May 2007
Wena o nahanang"
Mathata a hlokolosi hakale a ka rarollwa jwang" Re ngolle o re bolelle maikutlo a hao: Mangolo ho Mohlophisi, Box 32083, Mobeni 4060.
