SOTHO.497.legalfeb
BONA SESOTHO - February 2006
Ke ya Hao ka Molao
O e tlisetswa ke BONA le Scorpion Legal Protection
Ntlo e mongobo
Ka Pherekgong 2005, ke ne ke reke ntlo ka thuso ya khampane e nngwe e tsebisahalang thekisong ya matlo. Ka mora hore ntlo e ngolwe lebitsong la ka, ke ne ke qale ho hlokomela hore ho na le metsi a runyang ka hare. Ka mora dikgwedi tse tharo lebota kaofela la be le fopha metsi a neng a ka qetella a entse diphororo hoja ebe re ne re sa a hlakole nako le nako...
Ka kopa thuso khampaneng e lwantshang mongobo mme bao ba mpolella hore ntlo eo e ahilwe hodima sediba, ke mathata a yona a dilemo. Ba mpontsha ditshwantsho tsa ka moo monga yona wa pele a neng a dutse a kwala mapatso ho yona ka teng, a thiba metsi ka mona le ka mane - tsena tsohle ke ile ka di patelwa ke khampane e rekisang matlo.
Moahisane wa ka le yena ha ke bua le yena o ne a makale hore ha ke tsebe taba e kgolo hakaalo mme a mpolella hore ke mathata a ntlo eo a kgale, a re bohle ba a tseba ka yona. Ditjeho tsa mosebetsi oo ebile R20 000.
Ke nahana hore morekise wa ntlo mmoho le khampane e nthekiseditseng yona ba nketseditse bolotsana bo tshabehang hobane ba ne ba tseba ka taba ena empa ba mpatela. Ha se toka hore ebe ke kene ditshenyehelong tse kaalo ka mathata ao ba neng ba a tseba hantle. Ke etse jwang"
JW, Joburg
lMongobo ona wa ntlo o ne o patilwe mme hape ke mathata ao ho seng bonolo hore motho a a bone di tloha feela. E fela e le bolotsana ho rekisetsa motho ntho e nang le mathata a patilweng.Leha ho dumellanwe hore ntho o e rekella le mathata a yona empa bolotsana ha bo a amoheleha.
Leha ho le jwalo, wena moreki, o lokela ho hlahisa bopaki ba hore ntlo eo o e rekiseditswe e ena le mathata ao a mongobo, le metsi a kollang mme hape o tla hlahisa bopaki ba hore...
tMorekise o ne a etse eka ha ho mathata ntlong eo empa a le teng.
tMorekisi ke monga ntlo eo mme o tseba sohle ka yona.
tMorekise o ne a tseba ka mathata ao empa a o patela. Ho bonahala ekare tseo re di boletseng ka hodimo ke se etsahetseng ho wena. Re dumela hore o tseba ditshenyehelo tseo o keneng ho tsona kaofela tseo o lokelang ho di lefellwa ke khampane e rekisang matlo le morekise wa ntlo eo. Se lebale ditjeho tsa nyewe le tsa ho lokiswa ha ntlo. Athe ha o ile wa tlameha ho tswa ka tlung nakong eo e lokiswang, o lokela ho lefellwa le ditjeho tsa bodulo boo.
Hang ha o se o tseba hore o lahlehetswe ke bokae, o lokela ho ngolla khampane eo ya matlo le monga ntlo eo wa pele o ba laele ho o lefella ditshenyehelo tseo. Lengolong o tla ba bolella hore ba lefe ditshenyehelo tseo pele ho matsatsi a mararo mme o ba tsebise hore ha ba sa etse jwalo, o tla ba romella samane. Ha ba sa o lefe, o tla lokela ho ikopanya le mmuelli wa hao ya tla o thusa ho hlahlela nyewe ena lebitsong la hao.
Re na le tshepo e tiileng ya hore o tla kgona ho fumana tjhelete ya hao kaofela e o lahlehetseng o lokisa ntlo eo. [s]
Re entse matsapa ohle a ho netefatsa hore dikeletso tsa rona ke tse nepahetseng. Empa nnete ke hore nyewe ka nngwe e hloka ho fuputswa ka tshwanelo mme ba ha Scorpion Legal Protection (Pty) Ltd, ditho tsa yona esitana le ba ha BONA mmoho le baphatlalatsi ba makasine ena, ba keke ba rwaka boikarabello ba ditshenyehelo tseo motho ya latetseng dikeletso ya bona ka mokgwa ofe kapa ofe a keneng ho tsona.
Romela mathata a hao ho: BONA Legally Yours, Box 32083, Mobeni 4060. Scorpion e fa bohle ba re ngoletseng ka mathata a bona lengolo le ba dumellang ho buisana le mmuelli mahlomahlong metsotso e 30, a le kantorong e nngwe ya bona naheng ena kapa o bue le yena mohaleng.
