sotho.486.Darfur new
DIHELE
lefatsheng
BA NE ba fihle ka dipere. "Ke ne ke le sekolong ha ba ne ba futuha," ho hopola Sumaya ya dilemo di 15. Motswalaka, Mona, o ne a matha ka pela ka ha a ne a thunngwa. Ke ne ke eme, ka mo tshwara ka letsoho. E itse ha a eshwa, a phonyoha diatleng tsa ka. Bashemane ba bang ba mpolella hore ke tswelepele le ho baleha, ka etsa jwalo."
Ha a ntse a matha jwalo, a fumana nkgonwae le abutiae ya dilemo di nne, Mozamel. Ke ha a qhautsa ngwana eo ka sephaka.
"Ke ne ke mathe ho fihlela ke utlwa hore jwale ke fedile," ho hopola yena. Jwalo ka ha Mozamel a ne a ntse a ba boima diatleng tsa ngwanana enwa, ke ha a fihlelwa ke mohopolo wa ho mo pata moo moferong, empa nkgonwae a tsetlallela hore ba be mmoho.
Dibeke tse pedi tsa feta ba ntse ba le matswalong pele ba kopana le lelapa la habo bona.
Ba ne ba tsamaye dikilomitara tse ka hodimo ho 150 pele ba fihla kampong ya Kalma, ka borwa ho Darfur e leng kampo ya baphaphathehi ba neng ba balehile merusung ya Sudan le sesoleng sa Janjawee.
Ho ne ho na le batho ba ka hodimo ho dimilione tse pedi moo kampong ba neng ba sa kgone ho fumana thuso.
"Ho ka utlwisisa mathata a Darfur, ho betere ho di utlwa mona moyeng," ho rialo e mong wa baqolotsi ba ditaba.
"Ho tloha moo, o ka bona ka diketekete tsa ditente tsa baphaphathehi kampong."
Batho ba ka bang 200 000 ba shwele morusung ona - bang ke mafu le tlala. Mokgatlo wa Matjhaba a Kopaneng ha o so ka o ba o ikgathatsa ka ho bala hore e be ba ba kae ba seng ba bolailwe, seo ba se bolelang feela ke hore merusu ya Darfur ke koduwa e so kang e bonwa lefatsheng ka bophara."
Dihlopha tse ding di se di nyatsitse Sudan ka hore e bolaile batho ba bangata ba merabe, dipolotiki, tumelo esitana le setso se fapafapaneng.
DARFUR - ke lebitso la Searapo le bolelang "lehae la batho ba morabe wa Ma-Fur" - sena ke sebaka se ka bophirima ho Sudan, e leng moedi o arolang Central African Republic, Libya le Chad. Haesale e le lepatlelo la dintwa ho tloha dilemong tsa bo 1200. Ke nakong eo morabe wa Baggara - e leng Maarapo a matsho a ne a fihli sebakeng seo a fumana merabe e kang Ma-Fur, Masalit le Zaghawa e se e le teng.
Leha dihlopha tsena kaofela e le Mamuslim, e ne e atisa ho qabana, haholoholo jwalo ka ha Darfur e ne e le setsi sa kgwebo ya makgoba mme jwale makgoba a morabe wa Fur le Maarapo a ne a futuhela dibaka tse haufi.
Matsatsing a kajeno, morusu ona o se o roteletswa haholo le ke merusu ya moruo. Morabe wa Ma-Fur le wa Masalit e ne e le borapolasi, ha Maarapo ona e ne e le badisana mme ke ha morusu o tloha ho tsekwa makgulo le metsi.
Ka mora ho fumana tokoloho ka 1956, mmuso wa Sudan, o ne o hloke thuso ya Maarapo, empa e ne e se e le ka mora nako jwalo ka ha e ne e le kgale ntwa ya lehae e ntse e tswelapele kgahlano le bao e neng e se Mamuslim ka borwa.
Ka 2003, mane Darfur, mekgatlo e mmedi ya marabele - Justice And Equality Movement (JEM) le Sudan Liberation Movement (SLM) - ya tletleba hore mmuso o tshehetsa Maarapo ka ho hatella bao e seng Maarapo.
SLM e ikamahantse le morabe wa Ma-Fur le wa Masalit, ha JEM yona e ikamahantse haholo le wa Zaghawa ka leboya ho Darfur.
KA HLAKOLA 2003, ke ha marabele a JEM le SLM a futuhela sesole sa mmuso. Mmuso o ne o arabele ka ho bokella sesole sa morabe wa Maarapo le wa Janjawee ba jala diqhomane tse tsetetsweng fatshe.
Ena e ne e fetohe ntwa ya merabe - leha ka bobedi mekgatlo ena e ne e le batho ba batsho hape e le Mamuslim.
"Batho bohle ba neng ba ya Darfur, ba ne ba dutse ba botsa hore na a kae Maarapo, hobane batho bana kaofela ba bonahala e le ba batsho"" ho rialo Mahjoub Mohamed Saleh, mohlophisi wa koranta e bitswang Sudan's Al-Ayam.
"Empa merabe ena e nyalane hona moo Darfur. Banna ba moo ba nyetse Maarapo ba bang ba nyetse Maafrika. Haesale batho ba ikarotse ha jwalo dilemong tse balwang ka mashome ka lebaka la dipolotiki.
"Ke mang ya tsebang hore tsholoho e kana ya madi Darfur ke ya eng."
Taba e thatafatsang dintho haholo ke hobane mmuso wa Khartoum haesale o ntse o qhelela ka thoko taba ya Darfur. Sebaka sena ke sona se nang le dikolo mmoho le ditliliniki tse mmalwa ho feta tsohle moo Sudan.
Nakong ya tlala ya 1984 hona moo Darfur, mahlatsipa a ne a sale a eja jwanng le ditholwana. Seo ha se sa etsahala kajeno jwalo ka ha ba pholohileng e ba mahlatsipa a peto kapa ba bolawa.
KA Mmesa 2004, morusu o ne o ntse o tswelapele mme le bahlokomedi ba Matjhaba a Kopaneng ba ne ba tlalehe hore dibaka tseo e neng e se tsa Maarapo di ne di seollwa. Dibakeng tse ding jwalo ka sebakeng sa morabe wa Ma-Fur se neng se ripitlilwe, se ne se atamelane ka dimitara tse 500 le sa Maarapo, empa sona ho se letho le etsahalang ho sona.
Mathata ana a ne a finyelle maemong a matjhaba jwalo ka ha baphaphathehi ba 100 000 ba ne ba kenelle le Chad. Ba ne ba lelekiswa ka sesole sa Janjawee se neng se qwaketsane le sa naha eo ya Chad moo moeding wa dinaha tsena.
Mohla 30 Phupu, mokgatlo wa Matjhaba a Kopaneng o ne o nehe mmuso wa Sudan matsatsi a 30 feela ho behisa sesole sa Janjawee dihlomo fatshe. Empa seo ha se ka ba sa etsahala.
"Mathata a Darfur maemong a matjhaba a ne e hlile a lebisitswe sebakeng sa Ma-Islam a moo Sudan," ho rialo Presidente ya Sudan, Omar al-Bashir.
Ba ditokelo tsa botho ba boletse ha dibaka tsa Ma-Islamic tsa Masalit le Fur ha di se di fedisitswe moo Darfur. "Ho ripitlilwe ntho yohle - leruo, polokelo ya dijo, didiba tsa metsi, dikobo le diaparo - kaofela ha tsona di fedisitswe. "Dibaka tse ding di ripitlilwe ka tsela e bonahalang hantle hore ke e neng e rerilwe.
"Boteng ba morabe wa Ma-Janjawee moo kampong, ho ne ho etse hore baphaphathehi ba se bolokehe, jwalo ka ha ba ne ba bolawa, bang ba betwa ho bile ho utsuwa le disebediswa tseo tsa basebeletsi ba tsa tshohanyetso."
Ka Phato 2004, mokgatlo wa Dinaha tsa Afrika (AU) wa romela masole a 300 ho ya sireletsa banamodi ba merusu eo - empa a ne a sa sireletsa ba neng ba sa nka karolo ntweng.
Mokgatlo wa Bophelo wa Matjhaba (WHO) o ne o ntshe dipalopalo tsa hore ho shwa batho ba 10 000 ka kgwedi Darfur.
Mmuso wa Sudan ha o ka ba wa natsa le ditshoso tsa dikotoqobello tse neng di hlahiswa ke Matjhaba a Kopaneng mme ya re ka Mmphalane, Libya, Sudan, Ekgepeta, Nigeria le Chad tsa hanyetsa ho kenella ha dinaha tsa bophirima.
LEHA ho le jwalo, dipuisano tsa kgotso di ne di tswelepele, sesole sa Sudan sa ripitla dikampo tsa baphaphathehi tsa Abu Sharif le Otash. Mohla 10 Pudungwana 2004, letsatsi feela ka mora hoba JEM le SLM di ne di entse selekane sa nakwana sa ho rarolla mathata a bona ho ne ho futuhelwe dikampo tsa baphaphathehi moo ho neng ho na le bahlokomedi ba Matjhaba a Kopaneng le Dinaha tsa Afrika.
Mohla 22 Pudungwana, ho ne ho utlwahale hore Ma-Janjawee a ne a hane ho lefella leruo la ona le neng le le moo mmarakeng wa toropong ya Tawila, e ka leboya ho Darfur, ke ha marabele a hlasela diahelo tsa mapolesa ka diqhomane.
Ka Mmesa 2005, ha tlalehwa hore USA e ne e entse "tshebedisanommoho ya mokokotelo" le mmuso wa Sudan leha naha ena e le lenaneng la dinaha tse tshehetsang botshosi esitana le hona ho tshehetsa dipolao tsa batho tse neng di tlalehwe ke Colin Powell, eo e leng mongodi wa US.
Mmuso wa Bush o ne o tlohele ho bitsa merusu ya Darfur ka dipolao tse lonya wa bolela ha e le dipolao tsa Mokgatlo wa Matjhaba tseo dipalopalo tsa tsona di ballwang hodimo haholo. Lebaka la sena ho boima ho le fumana.
Hara ba neng ba nyatswe ke President Bashir, ke Hassan al-Turabi, eo ho bolelwang ha e le e mong wa bahale ba Osama bin Laden. Lebaka le neng le etsa hore Amerika e bolele ha Bashir e le monna ya nepahetseng leha a ne a tlatlapa ditokelo tsa botho ke hobane o ne a kgone ho tshwara Rurabi.
Leha ho le jwalo, maemo a ne a be betere ka Phupu. Senegal, Gambia, Kenya le Afrika Borwa di ne di nke seabo therong ya kgotso naheng eo mme ya re mohla 10 Phupu, moetapele wa mehleng wa marabele, John Garanga, a behwa jwalo ka motlatsi wa presidente ya Sudan, ha amohelwa le molaotheo o motjha.
Mohla 1 Phato, Garanga o ne a shwe kotsing ya ho swahlamana ha sefofane sa helicopter. E ne e be ditaba tse bohloko ditabeng tsa kgotso naheng eo.
Kgweding e latelang morabe wa Janjawee wa futuhela kampo ya Aro Sharow.
Ho ne ho futuhelwe le bathehi ba kgotso ba Mokgatlo wa Dinaha tsa Afrika mme Darfur ya ba sebaka se kotsi ho ba neng ba tlisa thuso.
HO NE ho ntse ho phehisanwa ka ho kenella ha dinaha tsa ka bophirima. Presidente Mbeki o ne a bolele hore Afrika e tlameha ho itokisetsa ditaba tsa yona.
"Ha re so kope thuso ho mang kapa mang, ke boikarabelo ba Afrika ho rarolla pharela ena."
Sena se bontsa "thahasello ya mebuso ya Afrika ho itokisetsa ditaba tsa yona," ho rialo Susan Rice, motlatsi wa mongodi wa mehleng wa Mokgatlo wa Dinaha tsa Afrika mane US ho Washington Post.
O tswetsepele a re leha ho qhelelwa ka thoko ha dinaha tsa bophirima ho thabisa USA, letona la ditaba tsa kantle Senegal, Cheikh Gadio, o boletse hore Afrika e ka kgona ho rarolla morusu wa Darfur.
Seo ba bangata ba a se kgolwa jwalo ka ha Senegal e tsebisahala ka bothehi ba yona ba kgotso.
"Mokgatlo wa Tshireletso wa Matjhaba a Kopaneng, EU, AU le US - kaofela re tlameha ho tobana le taba ena ya Darfur," ke yena eo.
"Ke tlameho hore dinaha tsa matjhaba di kenelle dipolaong tse kang tsena," ke Rice hape.
"Mmuso o kgothatsang dipolao tsena, o lonya haholo. Dipolao tse kang tsena di teng lefatsheng ka bophara..."
Ke nyewe e mpe haholo, ke tlameho hore lefatshe ka bophara le be kgahlano le yona."
Ho tla bonahala ha mmela o ntse o puta hore na selekane sa kgotso se neng se thehwe ka Motsheanong se tla sebetsa kapa tjhe, empa he e mong wa balebedi ba dikampong tsa baphaphathehi o boletse hore ho hlokahala hore sena se fele jwalo ka ha ho shwa batho ba se nang molato.
"Ena ke kotlo bathong ba Darfur." [s]
BONA SESOTHO - July 2006
Leha dinaha tsa Afrika di hanyetsana le ho kenella ha dinaha tsa bophirima, empa batho bona ba a shwa Darfur...
pale ka WALTON GOLIGHTLY ditshwantsho ka GETTY IMAGES
Afrika e lebetse ka ntwa ena
SESEHOLO: Ke masisapelo feela ka bana...ha ho mang ya tshehetsang ntwa ya Darfur, bohle ba a ameha ntweng ena e sa feleng.
KA TLASE HO LE LETONA: E nngwe ya dikampo tsa baphaphathehi.
BONA SESOTHO - July 2006
u
t
BONA SESOTHO - July 2006
KA HODIMO: Ha ho sebaka sa morabe wa Maafrika se sa kang sa futuhelwa ke morabe wa Janjawee.
Dipolao tsena ke molato o kgahlano le botho
BONA SESOTHO - July 2006
LE LETSHEHADI: Ho sa le betere ha jwale, empa nako e kae" Dikampo tsa baphaphathehi di ne di futuhela ke sesole sa mmuso - ka hoo, thuso ha e kgone ho fihlella ho bona.
