sotho.484.sy
O fihlelletse tlhorong
O RATA ho apara di-jean, dikipa le mateki a masweu, hantle setaele sa lekeisheneng sa katiba ya Kangol, ka nako eo o kganna koloi ya hae ya BMW e mmala o leeba ha a fihla Johannesburg Central College moo a rutang teng a bile a rekota.
"Kgotso moholwane, ho jwang"" o boletse jwalo a bile a ntshwara ka letsoho. "Ke Sy Ntuli. Ke hona mona moo ke fumanang mafura a hore ke tsebe ho dula ke thella," o boletse jwalo ka pososelo. "Empa hei ka nako e nngwe, "ho ba lerotho ntate!"
Ho a makatsa hobane Sy Ntuli ha se sebini sa jazz se seng se hapile dikgau, empa o boetse hape ke titjhere e hlomphehang le sebohodi sa tsa boithabiso.
Empa ebile sebini sa profeshenale e se ka morero. Ke ka nako eo a neng a le University Of Zululand, moo a neng a ingodiseditse dithuto tsa Bachelors degree ho tsa thuto, moo a neng a hlokomele teng bokgoni le monate wa mmino.
"Ke ne ke ena le beke ke qadile dithuto ha re tsamaya ka sekolo," ho bolela Sy. "Ha re kena lefapheng la mmino ka utlwa Mthunzi Namba le Jabu Hlongwane ba bina pina eo ke neng ke e rata haholo ka nako eo - Up Where We Belong ya Joe Cocker.
"Ka yona nako eo ka leba ho hlooho ya lefapha leo ba kopa ho ingodisetsa mmino. Ha fela dilemo tse pedi ke sa bolelle batswadi ba ka hore ke tjhentjhile dithuto ke re ba tla halefa. Eitse ka nako eo ke ba bolellang, ntate a ntshehetsa haholo empa mme yena o ne a sa e bone hantle hohang. Le bana beso ba ne ba sa e utlwe hantle hohang, ba ipotsa hore ke kopane kae le mmino," ho bolela Ntuli.
Ntle le hore o se a hapile e nngwe ya dikgau tse pele naheng ena mminong wa jazz, o hatella hore ha se sebini sa jazz feela. Dipersente tse 60 tsa mmino wa ka ke wa Afro jazz tse ding tse 40 ke Afro pop," ho hlalosa yena.
"Mmino wa ka ke seipone sa dilemo tsa ka. Ke batla ho kwala sekgeo pakeng tsa mmino wa jazz le wa pop. Ha se ntho e bonolo hobane dibini tsa jazz di hanyetsa seo di re ha ke sebini sa jazz."
Mmino wa hae o na le melaetsa ya bohlokwa. O bina ka maemo a bophelo ba baahi ba naha ena bopaki ke pina ya hae, Uyivila, o etsa boipiletso bathong hore ba tlohele botswa ba itshebeletse.
"Nako le nako ha ke sheba TV, ke bona batho ba batla sena le sane mme ke hlokomela hore setjhaba sa habo rona se batla ho dula se etsetswa dintho. Ke mokgwa o mobe haholo oo!"
Ntuli o boetse o ruta mmino mane Johannesburg Central College, moo a seng a ena le dilemo tse hlano a sebetsa teng.
Mohlomong ke hobane o kene ka kotsi mminong, ke ka hona ho sa makatseng ha o mo botsa seo a batlang ho se fihlella mosebetsing wa hae a qalang ka ho hemela hodimo pele a o araba: "Ho utulla neo ya mmino eo ka nako e nngwe e neng e keke ya fumaneha!" [s]
Ho sebedisa menyetla ho thusitse Sy Ntuli ho qala leeto le isang setumong...
BONA SESOTHO - May 2006
Sebini sa jazz
pale ka TEDDY GOMBA
setshwantsho ka MUSA HLABANE
