sotho.479.legendsjun
LE HASTINGS Kamuzu Banda o ne a sa tsebe hantle hore o hlahile neng. "Ha se ntho ya bohlokwa eo," o ne a rata ho bolela jwale mme a re: "Seo ke se tsebang feela ke hore ke a phela." Ho dumelwa hore o ne a hlahele haufi le mahaeng a Kasungu, naheng ya Nyasaland e neng e buswa ke Britania.
Leha monyetla wa thuto o ne a se mongata empa Banda o ne a o sebedise ha a o fumana. "Ka ithuta lentswe le leng le leng ka hloko," ho boletse yena ka mora nako.
"Ke ne ke sa batle hore thuto e mphonyohe hohang. Ke ne ke amohela mosebetsi ofe kapa ofe o ke neng ke o nehwa mme ke bile ke ithaopa ha ke bona monyetla ha feela ke tla ithuta hohang." E ne a tla ba titjhete hoja ka 1915 ha a ngola ditlhahlobo a se ke a welwa ke koduwa!
Dipotso di ne di ngotswe borotong mme Banda ya monyenyane a lokela ho ema hore a tsebe ho bona ka ha o ne a tshirilwe ke monna e mong ya mahetla a sephara. Molebedi wa bona, Moruti T. Cullen Young, a nahana hore o a kopela mme a mo leleka.
O ne a fetohe tshehisa. Empa Banda a amohela maemo ao ka mokgwa o mong. A tswa moo a leba Afrika Borwa ho ya ntshetsapele dithuto tsa hae - mane Lovedale Missionary Institution ho la Kapa!
Leeto la hae la bophelo
O ne a tshwere lerumo leo a neng a le etseditswe ke ntataemoholo, koto le disheleng tse mmalwa ka nako eo a hahlaulang hara masimo a furalla naha ya habo. "Pelo ya ka e ne e le bohloko matsatsing a mmalwa a pele. Ke ne ke hlolohelwa ba lelapa leso empa ke ne ke ikemiseditse ho fumana thuto," o ne a bolele jwalo ha a hopola matsatsing ao.
"Ke ne ke sa tshabe mme bohle bao ke neng ke kopana le bona ba ne ba le lerato. Ke ne ke sa tsebe ho amohela ho fuwa nna ke sa fana ka letho. Ka nako e nngwe ke ne ke kopa ho thusa le ka ho etsa mesebetsana e meng...
Dikilomitara tse ka bang 700 - leetong lena la dibeke tse nne - o ne a qetelle a tlameha ho ya kopa thuso tliliniking ya Harare a lemetse leoto ke matswabadi. Ke hona mona moo a neng a qetelle a fumane mosebetsi.
Ngaka ya tliliniking eo, Dr Merritt Holly, ya rata motjha enwa ya bohlale mme ya sebetsa le yena. Ke nakong ena moo a neng a etse qeto ya ho ithutela bongaka. "Dr Holly a nkgothatsa mme a etsa hore ke utlwisise boikarabello ba mosebetsi wa bongaka, profesheneng ya ona le se etsahalang ho yona moyeng le kelellong," o ne a bolele jwalo.
Ka 1917, malome wa Banda a mo etela a le leetong la ho ya Afrika Borwa mme Kamazu a batla ho mo felehetsa.
"Afrika Borwa e ne e mmakatse haholo," ke yena eo. "Ho ne ho se sefahleho se thabileng moo, batho ba ne ba le lonya, ba se na kgotso. Joburg ho ne ho le hobe ho feta."
A sebetsa merafong a ntse a sa lebale toro ya hae ya thuto. "Ke ne ke tseba hore ke tla tlameha ho furalla naha ya heso ya Afrika dilemo tse mmalwa ke lebe Amerika ho ya fumana thuto."
Naha ya manna
Qetellong ka Phupu 1925, re leboha nehelo ya baruti hobane Kamuzu Banda o ne a kgone ho qala karolo ya bobedi ya leeto la bophelo ba hae. "Ka ya ithutela bongaka ke tsebe ho kgutlela Nyasaland ho ya thusa setjhaba sa heso."
Ka fihlela London. "Ka ema ka pela sebaka sa ho phomola sa David Livingstone mme ka hwelehetsa haholo ka re: 'Dr Livingstone, ke nna, Kamuzu Banda wa Kasungu, Nyasaland. Ke tla kgutlela Nyasaland ka le leng ke lo etsa mosebetsi wa hao. Ke a o tshepisa.'
"Batho ba ntjheba ba maketse empa ke ne ke tlameha ho etsa tshepiso eo, eo ke neng ke e phethe." Banda o ne a fihle New York mafelong a Phato mme a fetela Ohio, moo a neng a phethe dithuto tsa hae tsa sekolo se phahameng. Empa ka mora nako o ne a re: "seo ke ithutileng sona ka tokoloho le demokrasi ya bohle United States ha e tshwane le seo ke se boneng Amerika.
"Batho ba batsho ba ne ba sa tshwarwa hantle hohang. Empa ho ne ho makatsa hobane nna makgowa a ne a ntlhonepha mohlomong a ne a bona ke sa tshwane le ba bang. Ke ne ke le Moafrika wa sebele."
Ke ka nako eo a neng a ithutela bongaka mane Nashville, Tennessee, moo Banda a neng a bone hampe - ho bolawa motho.
"Monna eo wa motho e motsho o ne a shapilwe ha bohloko ke ditho tsa sehlopha sa Ku Klux Klan pele di mo fanyeha sefateng hore a shwelle teng. Ha ke sa tla hlola ke lebala pono e mpe hakaalo le bohloko boo ke neng ke bo utlwe!"
Mohla la 20 Motsheanong 1937 a le dilemo di 39, Hastings Kamuzu Banda, a phetha dithuto tsa hae mme a apeswa. A batla ho kgutlela hae ho ya thusa setjhaba sa habo. Empa a bolellwa hore mmuso wa Britania o ke ke wa amohela mangolo a hae a thuto.
A utlwa bohloko empa a se ke a nyahama pelo, a ingodisa hape University of Edinburgh, mane Scotland, moo a neng a dule teng dilemo tse tharo le halofo a etsa dithuto tse tla etsa hore mangolo a hae a thuto a amohelehe mmusong wa tsa kalafo wa Britainia.
Tshenyo
Ha rerwa ho kopanngwa ha naha ya Nyasaland e ka Lebowa le ka Borwa ho Rhodesia hore ho thehwe setjhaba se le seng sa batho ba batsho ho sa natswe dipuo. Ka lebaka la tswelopele ena, Dr Banda a ba le thahasello e kgolo dipolotiking.
Ka 1941, a fumana degree e mo dumellang ho sebetsa jwalo ka ngaka tlasa mmuso wa ho Britania - empa a nehwa mosebetsi wa ho ba mothusi mane Nyasaland. "Ba ne nnyenyefatsa empa seo ke neng ke se hlokomele ke hore makgowa ha a batle ho bona ngwana wa Moafrika ya rutehileng."
Banda a dula Engelane. "Ka kgutlla ka nyopisa merero ya bona ka naha ya Nyasaland ke sa ntse ke le London, setsing sa naha ya bona." Dihlalefi tsa Maafrika le baetapele tsa kopanela motseng wa Dr Dr Banda - re bua ka banna ba kang Jomo Kenyata, Julius Nyerere, Kwame Nkrumah, Kojo Botsio le ba bang. Banda yaeba setho se pele sa mokga wa Nyasaland African Congress.
Empa Konkrese ena ya thefulwa ke mona le bohlabaphio. Maikutlo a Banda ka makgowa e ne e le hore: "a na le morero o le mong feela, wa ho ipokelletsa leruo ka diminerale tseo ba di fumanang ka Lebowa ho Rhodesia, tse kang koporo le ho sebedisa batho ntle ho meputso. Maikemisetso a bona feela ke ho iketsetsa Yuropa ka hare ho Afrika."
Ha Central African Federation e thehwa ka Phato 1953, Dr Banda a tloha Britania a ya dula Gold Coast (moo kajeno e seng e le Ghana): "Ke ne sa kgone ho tswelapele ho phela ke sebetsa mosebetsi wa bongaka naheng e hlorisang batho bana bao e reng e a ba sireletsa."
Kwacha!
A kgatholoha jwale a alafa bakudi. Empa Central African Federation ya ba le mathata maqalong a Hlakubele 1958, mme a bitswa. O ne a se a kgethetswe ho ba modulasetulo wa Nyasaland African Congress mme a tlamellwa ho kgutlela hae!
Ho ne ho tletse ditilatile tsa batho ho tla mo kgahlanyetsa, ba hlaba mekgosi, basadi ba didietsa mme pele ho fela nako e kae a be a hahlaula hohle naheng ya habo a kgothalletsa setjhaba ka boipuso.
Hohle moo a neng a tsamaya teng ho ne ho hwelehetswa ho thwe:"Kwacha! Kwacha! Kwacha!" (Tokoloho!).
A hwanta kgahlano le Central African Federation, e neng e fele ka 1963, mme a etella pele naha ya Malawi ha e fumana boipuso - lebitso leo o ne a le kgethe ka mora ho bona "Lake Maravi" mmapeng wa kgale wa Sefora wa tikoloho eo.
Ka sutu ya yae e dikoto di tharo, ya setaele sa Manyesemane, e nang le sakatuku, Banda ha se fele nako e kae pele a tsebisahala lefatsheng lohle. A boela jwale a hlahisa sebopheho se seng sa hae.
Ka 1971 a tsamaya mehlaleng ya Amin, a re: "o tla be a shwe e le presidente," empa a aha mebila e meholo, boemafofane, dipetlele le dikolo moo Malawi. A qala ho laela batho hore ba tene ka mokgwa o batlwang ke yena. Basadi a re ba se hlahise dirope, banna bona ba kute - mapolesa a ne a ka o kuta ha feela a nahana hore moriri wa hao o molele tlolo.
Banda ebile yena feela mmusi wa motho e motsho ya neng a thehe dikamano tsa mahlale le mmuso wa Afrika Borwa wa kgethollo.O ne a lwanela ditokelo tsa basadi, a theha Chitukuko Cha Amai m'Malawi, mokgatlo o neng o kgothalletsa basadi ho ithuta le ho ba le seabo mmusong le setjhabeng, dikerekeng le ka malapeng. A hlokahalla Afrika Borwa ka 1997.
"Hastings Kamuzu Banda e ne le ngwana ya nang le sepheo, monna ya neng a sa nyahamiswe pelo ka bonolo, ya neng a sa tshohe difohle a bile a sa phoqehe ka bonolo," o ne a bolele jwalo Dr Donal Brody, sengodi se seng sa dipale se neng se tseba mokaubere ona hantle.
"Bophelong ba hae o ne a sa iketse sephoqo hohang mme hape a hana ho ba papakgae hape a le hlwahlwa ho sohle seo a se etsang.
"O ne a hlonepha bohlale mme a etsa sohle seo a ka se kgonang ho kgothatsa batho bohle ba bohlale bao a kopaneng le bona bophelo ba hae." [s]
BONA SESOTHO - June 2006
Hastings Kamuzu Banda
Mothehi le moahi wa setjhaba sa Malawi, monna ya tjhentjhileng naha ya Afrika e ka Borwa
pale ka WALTON GOLIGHTLY
ditshwantsho ka GREAT STOCK!
Ngaka e bohlale
Motswalle wa sebele
Ho a makasta hore Moruti Young, wa ho leleka Kamuzu ditlhahlobong, o ne a qetelle e le motswalle wa hae! Tse ding tsa dibuka tseo Young a neng a di ngole di ne di ena le ditemana tse reng: "Ho Motswalle le Mosebetsimmoho le nna Hastings Banda ya pelo e nolo, ya tsebang ho tshwarela ba hlokileng toka dilemong tse ka hodimo ho tse 40 tse fetileng..."
BONA SESOTHO - June 2006
u
t
Monna ya makatsang
