sotho.468.yourstories_crime
O ne a tshwarelwe ho beta moradinyana wa hae ya dikgwedi di tharo feela - empa ha a ka a rata ho tshwarelwa ho hlekefetsa ngwana, empa ho bolaya. O ne a etse matsapa a ho fumana motho eo a ka mmolayang
O NE a utlwa mahloko mmele ohle jwalo ka ha a ne a fopha madi, leha ho le jwalo, Judy o ne a kgone ho letsetsa monnahae Allen. O ne a potlakele lapeng tsatsing leo la kgwedi ya Motsheanong 2001 moo a neng a fumane mohatsae a rapaletse ka pela ntlo ya bona mane ka Borwa ho Carolina mane Amerika.
Nakong eo mme enwa ya dilemo di 39 a neng a fihla sepetlele, ho ne ho se ho le hobe, dingaka tsa hloleha ho mo thusa. O ne a hlokahale a bolawa ke leqeba la tholwana ya sethunya.
Nakong eo a neng a bua le mapolesa, Allen o ne a bolele hore Judy o mmoleletse hore o ne a thungwe ke monna ya bitswang "Barry" ya neng a mo emetse ka tlung lapeng la hae ha a ne a tswa mosebetsing.
A na o bua tsona"
Ha mosadi a bolawa, mmelaelwa wa pele ke monnae. Na e be Allen o bolaile mohatsae"
Leha Allen a ne a ntse a tswelapele le ho latola taba ena, empa mapolesa ona a ne a ntse a tswelapele le ho hlahloba sebaka seo Judy a thunyeditsweng ho sona.
Ho ne ho hlakile hore mmelaellwa o ne a dula le hona ho phela lapeng leo.
Bafuputsi ba ne ba fumane lengolo le makatsang. "Ke la mohatsaka Melanie Binney," le ne le re. "Ke maswabi hore dintho di felle ka mokgwa ona. Ke sehile sohle ho mohatsaka eo ke mo ratang." Ho ne ho ngotswe hore le tswa ho "Jonathan Binney."
Allen Southern o ne a bolele hore ha a tsebe motho ya jwalo mme o nahana hore le mohatsae le yena o ne a sa mo tsebe.
Empa mapolesa ona a ne a nahane hore o ne a bua leshano. Ngongoreho ya ona e ne e tihe ha a ne a fumana mohala wa ka tlung o tjhehilwe.
Allen o ne a tjhehile mohala hobane a ne a belaela hore mohatsae a ne a ratana.
Metswalle le ba lelapa, bona ba ne ba bolele hore lenyalo la banyalani bana le ne le se le le bosula. Ba ne ba se ba robala dikamoreng tse arohaneng mme ba ne ba dumellane ho dula mmoho molemong wa mora wa bona ya dilemo di hlano feela.
Matsatsi a mabedi pele a bolawa, Judy o ne a bolelle lefahla la hae Trudy hore o ne a se a mo tshaba monna hae. O ne a bolele hore ha ho ka etsahala letho ho ausiae, Allen e tla ba yena mmelaellwa wa pele!
Ka lebaka la ho se rate ho bona mohatsae le monna e mong, le hore a se fumane tumello ya ho hodisa mora wa bona ka mora ho hlalana, ekaba Allen o ne a nke qeto ya ho mmolaya mohatsae" Ekaba o nkile qeto ya ho bolaya mohatsae molemong wa ho fumana morahae"
Mapolesa a ne a kgotsofale hore sena e ka ba sesosa sa hore monna a bolaye mohatsae.
Empa he lengolo lona" Ba ne ba leke ho fumana Melanie Binney mme ba fumana hore mongodi wa lengolo leo e ne e le monna wa hae, Jonathan.
Allen o ne a bolele hore ha a mo tsebe Jonathan, empa mapolesa a ne a nahane hore o ne a hire monna eo ya dilemo di 26 hore a bolaye mohatsae.
Leha ho le jwalo, ha ba a ka ba fumana se kopanyang banna bana ba babedi.
Jonathan o ne a le kantle ka beile nyeweng ya ho beta moradinyana wa hae ya dikgwedi di tharo feela mme jwale o ne a se a tlo tshwarwa lekgetlo la bobedi ka pelaelo ya polao.
O ne a fumanwe a ipatile mokatong o ka tlase wa ntlo ya hae a sa apara ka hodimo a na le dipatlopatlo sefubeng a leka ho itjhesa ka kwae tekong ya ho ipolaya.
"O shwele, ha ho jwalo" ho botsa Jonathan.
"Mang"" ho botsa e mong wa mapolesa.
"Mosadi eo ke mo thuntseng," ho rialo Jonathan.
Diteko tsa dikotwana tsa kwae tse neng di fumanehe sebakeng sa ketsahalo, di ne di utlwahale hore ke tse neng di tsujwa ke Jonathan.
Sethunya sa 9mm handgun se neng se fumanwe haufi le sebaka sa ketsahalo ho belaelwa ha e le sona se neng se sebediswe. E nngwe ya ditholwana tsa sethunya sena, e ne e fumanehe pokothong ya Jonathan.
Empa o mmolaetseng Judy" Eo e ne e se taba ya bonokwane, kapa hore ba ne ba na le dikamano le mofu, ba ne ba sa tsebane.
Jonathan o ne a bitse mapolesa mane tjhankaneng a bolela hore o rata ho nya matsete. "Re ne re lebeletse hore a re bolelle hore o ne rekilwe hore a mmolaye," ho rialo Lieutenant Spike McCraw, e mong wa bafuputsi ba nyewe ena.
Empa Jonathan o ne a bolelle mapolesa ntho e kgathatsang matla.
Jonathan Binney o ne a a bolelle hore o a dumela hore o ne a bete ngwana mme o ne a tswafe ho dumela pele hobane batshwaruwa ba hlekefetsang bana ha ba tume ditjhankaneng, ba a hlekefetswa kapa ba betwe, mme jwale ho betere jwalo ka ha a tshwaretswe polao.
Jonathan o ne a ikgethele feela ntlo eo a neng a ka ya ho yona. O ne a kene ka fenstere, a kgaola dithapo tsa mohala mme a larela motho ya tla kena, ka bomadimabe, ho ne ho kene Judy.
Ntho ya pele eo a neng a e fumane ha a ne a fihla lapeng, a etswa mosebetsing, ka 3.30pm ke lengolo leo le neng le ngotswe ke Binney. E ne e re ha a hetla, ba bonana, eitse a re o a baleha, ke ha a mo thunya mme a mo nepa mpeng ka e le nngwe.
Judy o ne a letsetse mohatsae Allen. O nahana hore o ne a re "Binney" e seng "Barry".
Jonathan Binney o ne a tshwarelwe polao ya Judy Southern le ho beta ngwana.
O ne a fumane seo a neng a se batla - kahlolo ya lefu. [s]
Pale ka: Marissa Charles/Splash News
TSA BONOKWANE
Re ne re nahana hore o ne a tla re bolella hore o ne a hirelwe hore a bolaye
O ne a mmolaye ntle ho mabaka
1. Judy le Allen Southern, le mora bona, Joshua, ya neng a le dilemo di hlano ha mmae a bolawa.
2. Ba ne ba qale ba belaela hore Allen ke yena ya hirileng motho ya bolaileng mohatsae.
3. Jonathan Binney: Ke mmolai, e bile o a beta.
4. Jonathan le mohatsae, Melanie. Ke lengolo lena la hae le neng le nehe mapolesa kgwao.
5."Barry" kapa "Binney"" Ya neng a ngotse lengolo le neng le fumanwe haufi le setopo sa Judy.
6. Sehale se neng se sebediswe ho bolaya, se ne se fumanwe pakeng tsa motse wa ketsahalo le wa Jonathan Binney.
7. Diteko di ne di bontshe hore dikotwana tsa kwae tse neng di fumanehe, di ne di tsujwa ke Jonathan.
