Sotho.451.yourcelebs_10qs
DIPOTSO
Dosto Noge
1. O na le nako o tswile ho TV - o etsang jwale"
Mosebetsi wa ka wa profeshenale! Ke titjhere mme ke ne ke ruta hantle haholo ke sa le sebohodi sa TV. Jwale ke se ke rupella barutwana ba dithuto tsa marketing.
2. Ke sefe se bohloko se neng se o hlahehe mosebetsing..."
Mohla ke hlokomelang hore mosebetsimmoho le nna wa lekgowa o ne a fumana moputso o fetang wa ka ha leshome empa nna ke etsa mosebetsi o mongata o bileng o nang le boikarabelo ho mo feta. Wa rona mosebetsi o ne o sa natswe hobane feela baokamedi ba rona sa utlwe dipuo tsa habo rona.
3. Maikemisetso a hao ke afe ha jwele"
Ho theha kantoro e tla thusa bareki mahala.
4. Ke afe mathata ao o bileng le ona jwalo ka moreki"
Ke ho kgethollwa ka mmala - mabenkeleng kapa ke ena le ba mophato ba ha TV. Re dutse re bua ka ditokelo, ho na le dibuka tse kgolo tsa melao - empa ho na le ba sa ikgathatseng ho hlonepha ditokelo tsa ba bang.
5. Ke dife tse monate tseo o di hopolang ha o sa kena sekolo"
Ha ke qala ho hlokomela bokgoni ba ka ba ho bapala dipapadi tsa sebaya ke le Poraemari ya Keagile mane Potch.
6. Motho wa bohlokwa haholo bophelong ba hao ke..."
Lelapa la ka - re na le bashanyana ba babedi ya dilemo di 20 le tse 10, le ngwanana wa tse 12. Ka Mphalane, re tla be re qeta dilemo tse 15 re nyalane.
7. Na ha o le hae o tshwana le seo o leng sona ho TV"
E. Hona jwale ke bua le wena ke kuta jwanng. Hape ke rata le ho pheha.
8. O ke o nahane ho nyala sethepu"
Hohang! Ha ke monna wa Moafrika ya hanyetsang diphetoho.
9. Ke efe ntho e qabolang eo o e hopolang ka bana ba hao"
Moradi wa ka a sa le dilemo di nne, ke ne ke mo fumane a itjhebile seiponeng a itlotsa ka lipstick ya mmae - a ingotse sefahleho sena kaofela ka yona!
10. O phetha mafelo a beke jwang"
Ke hlwekisa jarete le moshanyana e monyenyane. Re ikgatholle ka ho bapala Monopoly kapa Scrabble - re shebelle le bolo ya maoto!
Ke motshehetsi e moholo wa AmaKhosi For Life! [s]
TSA DINALEDI
SEBOHODI SA Tv HA SE BATLE HO UTLWA LETHO KA SETHEPU HAPE SE BUA LE KA TLHEKEFETSO EO SE KILENG SA E FUMANA JWALO KA MOREKI
