sotho.449.judith
pale ka REBECCA KAHN
Re bua le Judith Sephuma
O motlotlo ka setso sa habo
KE NALEDI ya jazz naheng ena mme bopaki ba seo ke dikgau tse ngata tseo Judith Sephuma a seng a di hapile le ka moo a thoholetswang ka teng ha a bina dinaheng tse ding tsa lefatshe empa o kgothala haholo ha a le sebakeng sa habo sa Limpopo, tlasa dithaba le maralla a habo.
"Re lehlohonolo haholo naheng ena empa ha re hlokomele," ho bolela yena. "Limpopo ke sebaka se setle haholo se nang le makgulo a matala. Ke entse qeto ya ho dula mona boholo ba nako hobane ke rata botle ba tlhaho hape bo na le tshusumetso mminong wa ka."
O sa tswa etela Magoebaskloof le monna wa hae, mme a hopola matsatsi a bongwaneng ba hae ha ba ne ba intsha le lelapa la habo.
"Selemo le selemo malome o ne a eya le rona moo ka koloi ya hae ho be monate. Mme ho ikgutlela teng ke se ke le moholo ho ne ho nthabise haholo, ka bona sebaka sena se ntlafetse le ho feta pele."
Judith, a ka qapa pina leha e le ka eng feela eo a e bonang.
"Ha ke rate ho bina ditaba tsa batho empa ke rata se tla ba kgothatsa. Ke mamela seo batho ba se buang le seo ke se bonang kamehla bophelong, sohle se ka tsosang molota bathong, ke seo ke se thabelang.
"Ke dutse ke utlwa melodi ya mmino le merethetho nako le nako hohle moo ke tsamayang.
"Ke nahana ka Sepedi, ke ngole ka Sepedi," ho bolela yena. "Ke ka moo ke phelang ka teng."
O fihlile ho rona a tenne jean le top e bulehileng ha monate. Ha a ikgabise sefahleho mme le moloho wa hae o ne o sa tlangwa.
Ho ne ho se letho le bontshang bonaledi - e ne e ka ke motswalle wa rona feela, mosadi ya lerato ya qoqang ka tsa bongwaneng ba hae, nako le nako ha a lebale ho bua ka bana ba hae.
Boswaswi
O re o e leke dipina tsa hae tse ntjha baneng. "Pina e lokela ho bineha. Ha bana ba tseba ho e bina, ba utlwisisa le morethetho wa yona, ke tseba hantle hore ke e tshwere. Ha ke ba bapalla mmino o so kang hlophiswa hantle ha ke ena le bona koloing mme ka nako e nngwe ba re: 'Ee mme ha ho motho ya tla e reka pina eo.'"
O hlotsa hanyenyane hobane o sa tswa etswa opereishene leotong.
"Wa tseba keng," o boletse jwalo a phahamisa leoto ho le beha hodima setulo hore madi a phalle hantle, "ngaka e itse ke tla ba betere, ka pele le hona. Ha ke phetse ka mora ho beleha, atjhe, hona ho honyenyane. Ke utlwisisa hantle seo a se bolelang!"
Judith o ne a lebe Johannesburg ka 1992, empa a kgutlela habo Polokwane kgafetsa.
O na le bana ba bane ba dilemo di pakeng tsa tse ka hodimo ho 12 ho ya dikgweding tse hlano. Yena le monnae, wa raditshwantsho, Siphiwe Mhlabi, ba leka ho hlophisa nako ya mosebetsi hantle hore ba tsebe ho ba le nako e ngata ba le mmoho le bana empa o nahana hore ba hloka ho ba le motho ya ka ba thusang mosebetsing wa ho hlokomela lelapa.
Ho bapala
Judith o hlahetse Venda, mme lelapa labo la fallela Polokwane, a sa le monyenyane. "Seo ke se hopolang feela bongwaneng ba ka, ke ho bapala le bana beso le ba bang ba baahisane. Re ne re bapala bolo le boleki. "Ke hopola hantle le ka moo ho neng ho le lerole ka teng.
Sekolong teng re ne re etsa ditlhodisano tsa ho bona ba tenneng hantle ho feta ba bang empa o hlotswe kapa tjheo, ho ne ho se na taba hobane kaofela re ne re arohana moo re le ba putswa pududu ke lerole!"
Judith o re yena e ne e se ngwana ya ratang ho qala dintho tse ntjha. "Ke ne ke sa dumellwa ho shebella TV, bonneteng boholo ba nako e ne e sa sebetse hobane leshala le fedile. Re ne re mamela radio.
"Erekaha ke tseba Sevenda hantle, nna le mme re ne re hlola re rekotile dipapatso ka sona ho Radio Venda."
Ebe ho nna a etswa a kena studio ke hona ho neng ho mo kgothalletse mmino"
"Tjhe, tjhe. Tseo tsohle di ne di qale ka mora hore ke fihle Jozi. Mmino Polokwane e ne e le ntho e siyo, ho ne ho se motho ya nahanang hore o ka iphedisa ka ho bina. O ne o utlwa mmino radiong feela. Ho se moo o ka ithutelang ona teng."
Judith o motlotlo ka setso sa habo empa ha se hore o iphapanyetsa bophelo ba Polokwane. "Ho sa ntse ho ena le batho ba nahanang jwalo ka ba neng ba phela dilemong tse 20 tse fetileng. Ke yona ntho e nkutlwisang bohloko eo," ho bolela yena.
Dibini ha di na menyetla e metle hohang ya tswelopele.
"Ho a makatsa ha o se o le Jozi, o ikakgetse kgwebong ya mmino, o kopana le batho ba bangata ba Limpopo. Neo e kgolo sebakeng seo empa menyetla yona ha e bonwe.
"Hona jwale nka be ke se maemong ao ke leng ho ona kajeno hoja ebe ke ne ke kgethe ho dula teng," ho bolela yena. "Ho na le batho ba shebelang Limpopo fatshe".
"Ba bang ba Limpopo ba thetsa batho ba sa ba tsebeng ba re ke ba Kapa. Mme wa ka a ka qabana le nna hampe ha nka etsa jwalo." [s]
Homegrown/AENS
O hahlaula lefatshe lohle, empa thabo ya hae e kgolo o e fumana lapeng tlasa dithaba le maralla a habo...
3RD PAGE O/FLOW HEAD (IF NECESSARY):
