sotho.423.legendsmar
King Tut
pale ka ISAAC KWELA
ditshwantsho ka GREAT STOCK!
MONNA eo lefatshe lohle le mo tsebang ka la "King Tut" eo setjhaba sa Faro se neng se mo bitsa Nebkheperure Tutankhamun, a busa Egepeta pakeng tsa 1333 BC-1324 BC. Ke nako e kgutshwane - dilemo tse 11 feela - empa o tumme ka lebitla la hae le Valley Of The Kings le sa ntseng le le letle le kajeno.
Le ne le fumanwe ke Howard Carter ka 1923 mme dikoranta tsa lefatshe tsa ngola ka lona, batho ba qala ho labalabela ho tseba ka dintho tsa mehleng ya boholoholo tsa Egepeta.
Ditsebi le tsona ha di tsebe letho ka batswadi ba Tutankhamun empa ho dumelwa hore e ne e mora wa Morena Akhenaten le mofumahadi Kiya. Tutankhamun o ne a le dilemo di robong ha a qala ho busa a ena le sehlopha sa baeletsi ba neng ba etellwa pele ke Ay.
Akhenaten o ne a ntjhafatse medimo ya Egepeta mme a tjhentjha le baruti. E mong wa medimo o ne a bitswa "Aten," mme lebitso la tswalo e le Tutankhamun, le bolela "moratuwa wa Aten."
Ha a le dilemo di 11, morena enwa ya monyenyane a lokolla le medimo e meng mme a tjhentjha le lebitso la hae. A ratwa haholo ke setjhaba mme a aha dikereke tse ding tse ngata, tseo a reng ke mpho ya, Amun-Ra (Tutankhamun lentswe le bolelang "moratuwa wa Amun").
Tutankhamun ho bonahala ekare o ne a lebalehe ka pele ka mora lefu la hae ho fihlela dilemo tsa bo 1920. Ho sa tsejwe le lebitla la hae moo le leng teng. Hona hoo ho neng ho bile ho nahanelwa hore ho ahilwe matlo hodima lona.
Lebitla la hae
Setsebi sa Britania sa nalana ya Egepeta, Howard Carter a fumana lebitla la Tutankhamun (le le jwalo ka ha le ne le ahilweng mehleng eo) hona Valley Of The Kings ka Pudungwane 4, 1922.
Carter a tsebisa moetapele wa hae, Lord Carnarvon, mme ka Pudungwane 26 hona selemong seo, bobedi ba banna bao, yaeba bona ba pele ba ho kena setsheng sa lebitla la Tutankhamun dilemong tse ka hodimo ho tse 3 000.
Ka Hlakola 16, 1923, ka mora dibeke tse ngata taba ena ya sekasekwa, Carter a bula nqalo ena mme a fihlela lebokose le kgabisitsweng hantle la Tutankhamun.
Sesosa sa lefu la hae
Ho fedile dilemo ho sa tsejwe sesosa sa lefu la Tutankhamun mme ho phehisanwa haholo ka lona.
Morena o ne a le dilemo di kae ha a hlokahala" O shwele lefu la matsoho kapa tjhe" Setopo sa hae sa hlahlojwa ke sehlopha sa Howard Carter maqalong a dilemo tsa bo 1920 leha nnete e ne e le hore ba batla mabenyane ao a kgauta ao se kentsweng ka hara ona.
Ba ne ba tlamehe ho se kgaola dikotwana. Ba se patsoka ka dithipa tse tjhesang ho ntsha kgauta eo se neng se samentetswe ho yona.
Setopo seo, se neng se kentswe dinoko hore se se bole se ne se kengwe ka lebokoseng la sona ka 1926, mme ho tloha moo sa shejwa ka X-ray makgetlo a mararo, ka 1968 ke sehlopha sa ditsebi tsa Univesiti ya Liverpool, ka 1978 sa shejwa ke tsa Univesiti ya Michigan, sa hlahlojwa la ho qetela ka 2005, ke sehlopha sa boramahlale ba Egepeta ba etellwa pele ke Ngata Zahi Hawass.
Ka 1968 X-ray e ne e bontshe matheba a teteaneng ka morao lehateng le bontshang hore o ne a otlwe ke ntho e boima. Ho lemala ho jwalo ho bakelwa ke kotsi mme ba ba ba nahanela hore morena eo o ne a bolawe.
Ba bangata ba belaella mohlahlami wa hae, Ay hore ke yena ya nang le letsoho lefung la Tutankhamun.
Tse ntjha
Ka 2005 diphuputso tsena tsa se ke tsa bontsha hore ho na le moo lehata lena le kileng la otlwa ka thata. Matheba ao a ne a bakilwe ke sekoti se neng se tjhekwe lesapong moo ka mora lefu la hae ha a kengwa kgauta.
Hape ha bonahala hore le lesapo la serope sa ka lehlakoreng le letshehadi le robehile...
Di ngata tseo ho neng ho ithutwe tsona ka bophelo ba morena eo e monyenyane. Ho nahanelwa hore o ne a hlokahale a le dilemo di 19. O ne a phetse hantle ke ka hona ho seng lefu leo ho belaelwang hore le mmolaile kapa maemo a ho se fepehe hantle bongwaneng.
O ne a le bolelele ba 170cm, a le meno a sephara le hlooho e motopo. Le ditshwantsho tsa Akhenaten di dutse di mo bontsha a le hlooho e motopo, mme ho bonahala hore o futsitse ba habo ha se kgolofalo.
Borasaense ba Maegepete ba kenyeletsa le hore Tutankhamun o bolailwe ke kankere ka mora hore a robehe leoto kotsing.
Ho fumana lebitla lena la hae ho entse hore ba fihlele dintho tse ngata tsa bohlokwa tse ntle tseo tse ding tsa tsona e leng letlotlo la Egepeta.
Setsebi sa seng se ne se re: "morena enwa o ne a kgellwa tlase bophelong ba hae hara marena a mang a Egepeta empa lefung ke yena eo setopo sa hae se bolokehileng hantle ho a feta." [s]
BONA SESOTHO - October 2007
Morena wa Egepeta ya neng a tsebisahala eo lebitso la hae le seng le lebaleha!
Nebkheperure Tutankhamun
BONA SESOTHO - October 2007
Setopo se ikgethang
Ke mofuta wa setopo se omelletswang, se kenngwe dikhemikhale hore se se bole ka boomo kapa ka nako e nngwe se tshelehile ka phoso, se bolokwe ka sehatsetsing kapa moo ho omelletseng kapa moo ho seng moya hohang.
Ditopo tse ding di etswa jwalo hobane di bolokelwa mabaka a itseng jwalo ka Maegepeta e Mehleng ya Boholoholo.
Ho dumelwa hore setopo sa motho ya bileng bohlokwa setjhabeng bophelong ba hae se lokela ho bolokwa ka hloko. Ka mora lefu, setopo se ntshwa dikahare se ntano kwaelwa ka dietswa tse tla etsa hore se omelle ka pele, se se ke sa bola.
