sotho.410.yourfamily_pregnancy
Tseba tsatsi lEO LE IkgETHang
Ka moo o ka balang ka teng hore o nkile mpa neng
HANGATA basadi ha ba qala ho utlwa hore ba imme, motho o batla ho tseba hore o imme neng. A mangata mabaka a seo: o batla ho tseba letsatsi leo o tla beleha ka lona, kapa hona ho tseba leo le ikgethang, la mohla o nkang mpa. Haeba o ena le banna ba fapaneng bao o etsang thobalano le bona, ho bohlokwa ho tseba hore o ne o nke mpa neng o tsebe ho bona hantle hore ntata ngwana ke mang.
Ngaka Molebatsi Molefe, ngaka ya ditho tsa basadi o re boleletse hore ntle le haeba o imme ka mokgwa o ikgethang wa ho kenyetswa peo ya bonna, ha ho bonolo ho tseba letsatsi leo o nkile mpa ka lona. Dingaka di ka nahanela hore o nkile mpa neng ka mora ho etsa diteko tsa madi, ho o hlahloba ka motjhini wa ultrasound, le ha o tseba letsatsi la pele la dinako tsa hao kapa o tseba hore o ya nakong neng, di bala di kgutlela morao ho fumana letsatsi leo le ikgethang.
O BALA JWANG
O ka nahana hore letsatsi leo ke la mohla la thobalano. Ho ka nna haeba jwalo empa e re kaha peo ya bonna e ka dula mmeleng wa mosadi matsatsi a yang borarong, a ka nna a nka mpa ka mora matsatsi a mararo a entse thobalano, ho ya ka hore lehe la hae le butswa neng.
O kgona ho ima ha feela lehe le se le butswitse. Basading ba bang ha ho bonolo ho tseba hore mahe a bona a butswa neng empa o ka nna wa nahanela ho ya ka dinako. Haeba o eya nakong jwalo matsatsing a 28, lehe le butswa ho tloha ho a 14 ho ya ho a 21 ka mora ho qeta ho ya nakong.
Ke hore ha letsatsi la hao la pele ka mora dinako e le la la 15 Mphalane, ke ka nako eo lehe le butswang ka lona (ho bolelang hore o ka nna wa ima) neng kapa neng ho tloha ho la 29 Mphalane ho ya ho Pudungwana 5. Ha ho nahanelwa hore dinako tsa hao di qala ka mora a 28.
Ha dinako di sa tsitsa, ha ho bonolo ho tseba hore lehe le butswa neng. Ha o eya nakong ka mora matsatsi a ka hodimo ho a 28, o nka letsatsi la bo 14, o le kopanye le ao o fetang ka ona ka mora a 28 pele o eya nakong.
Ho bohlokwa ho etsa diteko tsa ultrasound dikgweding tsa pele tsa boimana hore ngaka e tsebe ho bona boholo ba lesea. Motjhini wa ultrasound o kgona ho kala hore boimana bo se bo le hokae, ho tloha dibekeng tse hlano hape o thuse ho fumana letsatsi la ho qetela la ho ya nakong. Ho molemo ha motho a sa tsebe dinako tsa hae kapa a ime a sa rera. Tshwaya almanakeng ha o qala dinako tsa hao e le hore o tsebe hantle hore o tla qala kae ho bala. Etsa seo jwalo ka kgwedi hore o be le rekote ya ka moo dinako tsa hao di tsamayang ka teng. [s]
Pale: Kamogelo Sebola
Ha re etsa MohlaLa
Haeba o eya nakong matsatsing a mang le a mang a 29 eketsa le le leng hore o fumane 14, e leng se bolelang hore o ka nna wa nka mpa matsatsing a 15 ka mora hore o qetile ho ya nakong.
Haeba o eya nakong ka mora a 30, lehe la hao le butswa matsatsing a ka bang 16 o qetetse ho ya nakong.
Haeba o eya ka mora a 35 teng, o ka nka mpa matsatsing a 21 o qetetse ho ya nakong
Haeba o eya ho a ka tlase ho a 28 teng, ho 14, o bolaya matsatsi ao dinako di leng ka tlase ho 28 ka ona.
Haeba o eya nakong ka mora matsatsi a 24, o ka nka mpa matsatsing a 10 ka mora hore o ye nakong.
Haeba o eya nakong ka mora matsatsi a 26, o ka nka mpa ka mora a 12 o qetile ho ya nakong.
BOIMANA BA HAO
Mokgwa o mong o thusang ke ho utlwa letsatsi leo ngaka e nahanelang hore o tla pepa ka lona. Ke ena tsela ya ho bala.
Kopanya dikgwedi tse tharo letsatsing leo o tla pepa ka lona. Mohlala, ha ngaka e re o pepa ka la 1 Pudungwana, 2009 kopanya le dikgwedi tse tharo mme o tla fihlela la la 1 Hlakola 2010.
Bolaya matsatsi a supileng. Ho tloha ho Hlakola 1, ho ya ho Pherekgong 24. Ke lona letsatsi leo ho ka nahanelwang hore ke la pele ka mora ho qeta ho ya nakong.
E leng hore, e ka nna yaeba o nkile mpa matsatsing a 14-21 ka mora la ho qetela la dinako. Ka hoo nka Pherekgong 24 mme o eketse matsatsi a 14. O tla fihlella ho Hlakola 7. O eketse a supileng ho tloha ho Hlakola 7, o tla fihlella ho Hlakola 14.
Hona ho bolela hore e ka nna ya ba o nkile mpa pakeng tsa la 7 le la 14 Hlakola, 2009.
