sotho.405.10qs
Menzi Ngubane o bolela lebaka le etsang hore a dule a le lekorwane.
1. Ho bolelang ho wena ho ba Thotohatsi Bathong?
Vanessa Ndlovu, Thekong
Ke motlotlo haholo ha ke kgethilwe ke setjhaba bakeng sa Dikgau tsa Mzansi. Ke ba leboha kaofela ho tswa botebong ba pelo ya ka ka ho nkgetha ha bona.
2. Lekunutu la katleho ya hao ke lefe?
John Kabilo, Kapa
Ke ho itshwara ka mokgwa wa profeshenale, ho inehela le ho tsetsisa maikutlo a ka ho seo ke se etsang mmoho le ho hlompha mosebetsi wa ka, basebetsimmoho le nna esitana le setjhaba ka kakaretso.
3. O ikutlwa jwang ha o se o le radimilione tje?
Nonzwakazi Ngcobo, Roseglen
Ke ntse ke le Menzi "Ngubs" Ngubane wa maoba le maobane, eo ba lelapa le metswalle ba mo tsebang e le yena. Ha jwale, ke batla ho etsa matsete a tjhelete eo mme ke tla boela ke nahana seo ke tla se etsa ka yona.
4. O kene jwang mosebetsing ona?
Dineo Hagile, Daveyton
Ke seo e leng kgale ke se labalabela mme o ne a ntshehetse haholo hore ke sebetse ke se nyahame pelo.
5. O bapetse dikarolo tse ngata ho TV - ho tloha ho mohlankana wa Mozulu ya tswang mahaeng, senokwane, mookamedi wa khampane e kgolo ya Ezweni - ke efe e atametseng haholo bophelong ba hao?
Zanele Moloko, PE
Ke rata karolo ya Sibusiso Dlomo mohlomong hobane ke se ke e bapetse ho tloha dilemong tse nne tse fetileng mme ke entse dipatlisiso tse ngata ka yona.
6. O reng moratuwa wa hao ha a o bona o robetse le mosadi ya motle jwalo ka Ntombi/Sonia karolong eo le e bapalang?
Thandi Khumalo, Dobsonville
Eno mosadi ke karolo ya bophelo ba ka jwale mme o ntshehetsa ho sohle seo ke se etsang.
7. Ntle ho Generations, ke efe e meng mesebetsi eo o hlophisang ho e etsa?
Charles Letsogo, Soweto
Ke rata ho ba mohlahisi - empa dula o belelletse! Ho hole moo ke yang.
8. O ka reng ha o hlalosa Menzi Ngubane wa nnete?
Anna Motlhasedi, Kapa
Ke monna ya inehelang mosebetsing, ya moya o fatshe, ya hlomphang batho bohle ho sa kgathallehe maemo a bona a bophelo.
9. Ke efe papadi eo o e ratang?
Gezani Phikisile, Ntwenkulu
Bolo ya maoto - ke motshehetsi e moholo wa Orlando Pirates.
10. Hobaneng o dutse o kutile lekorwane - kapa o pata lefatla?
Thandeka Zulu, Isipingo
Tjhe, tjhe ha ke na lefatla. Ke mpa feela ke rata ho dula ke beotse. Ke ikutlwa ke hlwekile hape ha ke senye nako ha ke itokisetsa ho ya hatisa filimi. Le bakgabise ba sefahleho ha ba hloke ho nna ba ntshwaratshwara hlooho. [s]
BONA SESOTHO June 2008
TSA DINALEDI
10 ya dipotso tsa... Menzi Ngubane
Lena ke leqephe leo babadi ba BONA ba fumanang monyetla wa ho botsa dinaledi tsa bona dipotso ho lona
KE NAKO YA HAO!
Ona ke monyetla wa hao wa hore o botse Thembi Seete dipotso. Re romelle dipotso tsa hao mme di fihle ho rona pele ho la 30 Phupjane mme re tla phatlalatsa dikarabo tsa hae kgatisong ya Phato.
O ka boela wa ngola SMS ASK mme o ngole potso ya hao (ditlhaku di se fete ho 60) o e romela ho 35919. SMS ka nngwe e bitsa R3.
Kapa o romele potso ya hao ka e-mail, o re bolelle le lebitso la hao le toropo eo o leng ho yona, aterese ke: bona@dbn.caxton.co.za
O ka boela wa re romella mabitso a dinaledi tseo o ka thabelang hore wena le babadi ba bang le di hlabe dipotso.
BONA April 2008
